Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 9/15 maq. 3-5
  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka Poulelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka Poulelo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Tšekamelo ea ho ba Mohono”
  • Lefatše le se Nang Poulelo e sa Lokelang
  • Lerato le Hlōla Poulelo e sa Lokelang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Boulella Borapeli bo Hloekileng ba Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Baholoane ba Josefa Baa mo Monela
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Na Bakreste ba Lokela ho Boulela?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 9/15 maq. 3-5

Seo U Lokelang ho se Tseba ka Poulelo

POULELO ke eng? Ke boikutlo bo matla bo ka etsang hore motho a ikutloe a tšoenyehile, a sa thaba kapa a halefile. Re ka ’na ra ba le poulelo e sa lokelang ha ho bonahala e mong a atleha ho re feta mosebetsing. Kapa re ka ’na ra ba le poulelo e sa lokelang ha motsoalle a rorisoa ho re feta. Empa na ho boulela ho fosahetse ka linako tsohle?

Batho ba hlōtsoeng ke poulelo e sa lokelang ba sekamela ho belaella bao e ka ’nang eaba ba hlōlisana le bona. Morena Saule oa Iseraele ea boholo-holo e ne e le mohlala oa sena. Qalong o ne a rata Davida, ea neng a mo jarela libetsa, a ba a mo phahamisetsa boemong ba ho ba moeta-pele oa lebotho la ntoa. (1 Samuele 16:21; 18:5) Joale ka letsatsi le leng Morena Saule o ile a utloa basali ba rorisa Davida ka mantsoe a reng: “Saule o bolaile likete tsa hae, Davida eena o bolaile mashome a likete tsa hae.” (1 Samuele 18:7) Saule o ne a sa lokela hore ebe o ile a lumella sena hore se ame kamano ea hae e ntle le Davida. Leha ho le joalo, se ile sa mo khopisa. “Saule a honohela Davida ke hona, ha e sa le mohlang oo, ho ea ho ile.”—1 Samuele 18:9.

Motho ea boulelang a ka ’na a se lakaletse e mong bobe. E ka ’na eaba o mpa a tšoenngoa ke katleho ea motsoalle ’me a lakatsa ho ba le litšoaneleho tse tšoanang kapa ho ba boemong bo tšoanang. Ka lehlakoreng le leng, mohono ke poulelo e sa lokelang. Ka lekunutu motho ea mohono a ka ’na a se lakaletse motho ea mo bakelang poulelo molemo kapa a ka lakatsa eka a ka hlaheloa ke bobe. Ka linako tse ling, motho ea mohono o sitoa ho pata maikutlo a hae. A ka ’na a susumelletseha ho utloisa motho e mong bohloko pepenene, joalokaha Morena Saule a ile a leka ho bolaea Davida. Ka makhetlo a ’maloa, Saule o ile a betsa lerumo ka sepheo sa ho ‘bolaela Davida leboteng.’—1 Samuele 18:11; 19:10.

U ka ’na ua re: ‘Empa ha ke motho ea boulelang.’ Ke ’nete hore mohlomong poulelo ha e laole bophelo ba hao. Leha ho le joalo, ho isa bohōleng bo itseng, kaofela ha rōna re angoa ke poulelo—maikutlo a rōna ka borōna a poulelo le a ba bang. Le hoja re ka potlakela ho lemoha poulelo ho ba bang, re ka ’na ra lieha ho e bona ho rōna.

“Tšekamelo ea ho ba Mohono”

Tlaleho ea botho bo sa phethahalang ba boetsalibe joalokaha e senotsoe Lentsoeng la Molimo, Bibele, hangata e totobatsa libe tse bakoang ke mohono. Na u hopola tlaleho ea Kaine le Abele? Ka bobeli bara bana ba Adama le Eva ba ile ba etsetsa Molimo mahlabelo. Abele o ile a etsa sehlabelo hobane e ne e le motho ea nang le tumelo. (Ba-Heberu 11:4) O ne a e-na le tumelo matleng a Molimo a ho phethahatsa morero oa Hae o moholo ka lefatše. (Genese 1:28; 3:15; Ba-Heberu 11:1) Hape Abele o ne a lumela hore Molimo o ne a tla putsa batho ba tšepahalang ka bophelo Paradeiseng e tlang ea lefatšeng. (Ba-Heberu 11:6) Kahoo, Molimo o ile a bontša hore o thabela sehlabelo sa Abele. Haeba ka ’nete Kaine a ne a rata moen’ae, a ka be a ile a thabela hore ebe Molimo o hlohonolofalitse Abele. Ho e-na le hoo, Kaine o ile a “halefa haholo.”—Genese 4:5.

Molimo o ile a phehella Kaine hore a etse molemo e le hore le eena a ka fumana tlhohonolofatso. Eaba Molimo o-oa lemosa: “Ekare ha u etsa hantle, na sefahleho sa hao se ke ke sa ela na? ’Me ha u sa etse hantle, sebe se laletse monyako, ’me litakatso tsa sona li lebile ho uena, u mpe u se buse.” (Genese 4:7) Ka masoabi, Kaine ha aa ka a hlōla khalefo ea hae e tletseng poulelo. E ile ea mo susumelletsa hore a bolaee moen’ae ea lokileng. (1 Johanne 3:12) Ho tloha ka nako eo, batho ba makholo a limilione ba ’nile ba bolaoa lintoeng le litsekisanong. The World Book Encyclopedia e-ea hlalosa: “Tse ling tsa lisosa tsa sehlooho tsa ntoa e ka ba takatso ea ho ba le naha e eketsehileng, takatso ea leruo le eketsehileng, takatso ea matla a eketsehileng kapa takatso ea tšireletseho.”

Bakreste ba ’nete ha ba nke lehlakore lintoeng tsa lefatše lena. (Johanne 17:16) Leha ho le joalo, ka masoabi, ka linako tse ling Bakreste ka bomong ba ba le ho tsekisana ka mantsoe. Haeba litho tse ling tsa phutheho li nka lehlakore, litsekisano tsena li ka fetoha lintoa tse kotsi tsa mantsoe. Mongoli oa Bibele Jakobo o ile a botsa balumeli-’moho le eena: “Lintoa li tsoa mohloling ofe le litsekisano li tsoa mohloling ofe har’a lōna?” (Jakobo 4:1, NW) O ile a araba potso ena ka ho pepesa meharo ea bona ea lintho tse bonahalang ’me a phaella, “Le tsoela pele ho . . . chacheha ka mohono,” kapa ho “boulela.” (Jakobo 4:2, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) E, lerato la lintho tse bonahalang le ka lebisa ho chacheheleng ka mohono le ho ba le poulelo e sa lokelang ho ba bonahalang ba le maemong a molemo. Ka lebaka lena, Jakobo o ile a lemosa khahlanong le “tšekamelo ea ho ba mohono” ea botho.—Jakobo 4:5, NW.

Ho seka-seka lisosa tsa poulelo e sa lokelang ho na le molemo ofe? Sena se ka re thusa hore re tšepahale ’me re hōlise likamano tse molemo le ba bang. Ho ka boetse ha re thusa hore re utloisise haholoanyane, re mamelle le ho tšoarela. Hamolemo ka ho fetisisa, ho totobatsa hore ka tieo motho o hloka tokisetso ea Molimo e lerato ea poloko le ho lopolloa litšekamelong tsa botho tsa boetsalibe.—Ba-Roma 7:24, 25.

Lefatše le se Nang Poulelo e sa Lokelang

Ho tsoa ponong ea motho, ho ka ’na ha bonahala eka lefatše le se nang poulelo e sa lokelang le ke ke la e-ba teng. Mongoli Rom Landau o ile a lumela: “Bohlale bo bokelletsoeng ka lilemo tse ngata, le sohle seo bo-rafilosofi . . . le litsebi tsa kelello ba se buileng tabeng ena, ha se fane ka tataiso ho motho ea hlokofatsoang ke poulelo e sa lokelang. . . . Na ho kile ha e-ba le ngaka e phekotseng motho poulelo e sa lokelang?”

Empa Lentsoe la Molimo le fana ka tšepo ea ho fumana bophelo bo phethahetseng ba botho lefatšeng le lecha moo ho seng ea sa tla hlola a hlokofatsoa ke poulelo e se nang tšabo ea bomolimo kapa mohono. Ho feta moo, khotso ea lefatše leo le lecha e ke ke ea senngoa ke batho ba bonahatsang litšobotsi tse joalo tsa bokhopo.—Ba-Galata 5:19-21; 2 Petrose 3:13.

Leha ho le joalo, hase poulelo eohle e sa lokelang. Ha e le hantle, Bibele e bolela hore Jehova “ke Molimo o boulelang.” (Exoda 34:14) Seo se bolela eng? Hona Bibele e re’ng ka poulelo e loketseng? Ka nako e tšoanang, motho a ka hlōla poulelo e sa lokelang joang? Bona lihlooho tse latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela