Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kp maq. 16-19
  • Lefatše le Lecha leo Molimo a le Tšepisitseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le Lecha leo Molimo a le Tšepisitseng
  • Le Lule le Lebetse!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha—Joalokaha ho Boletsoe Esale Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Bophelo Lefatšeng Le Lecha la Khotso
    Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso
  • Pōpo e Ncha ea Etsoa!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Tšenolo 21:1—“Leholimo le Lecha le Lefatše le Lecha”
    Litemana tsa Bibele lia Hlalosoa
Bala Tse Ling
Le Lule le Lebetse!
kp maq. 16-19

Lefatše le Lecha leo Molimo a le Tšepisitseng

BIBELE, Lentsoe la Molimo le ngotsoeng, e re fa tšepo ha e re: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.”—2 Petrose 3:13.

“Maholimo a macha” ke eng? Ka Bibeleng leholimo le amana le bobusi. (Liketso 7:49) “Maholimo a macha” ke ’muso o mocha o tla busa lefatše. A macha hobane a tla nkela tsamaiso ena e teng ea puso sebaka; hape ke mohato o mocha ho phethahatsoeng ha morero oa Molimo. Ke ’Muso oo Jesu a ileng a re ruta hore re o rapelle. (Matheu 6:10) Kaha Molimo ke Mothehi oa oona ebile o lula leholimong, o bitsoa ‘’muso oa maholimo.’—Matheu 7:21.

“Lefatše le lecha” ke eng? Hase lefatše le leng hape, kaha Bibele e bolela ka ho hlaka hore lefatše lena le tla ba le baahi ka ho sa feleng. “Lefatše le lecha” ke mokhatlo o mocha oa batho. Le tla be le le lecha hobane ba khopo ba tla be ba felisitsoe. (Liproverbia 2:21, 22) Bohle ba tla beng ba phela ka nako eo ba tla hlompha le ho mamela ’Mōpi ’me ba tla phela tumellanong le melao ea hae. (Pesaleme ea 22:27) Batho ba lichaba tsohle ba memeloa ho ithuta melao eo le ho etsa hore bophelo ba bona bo be tumellanong le eona hona joale. Na u etsa joalo?

Lefatšeng le lecha la Molimo, e mong le e mong o tla hlompha bobusi ba Hae. Na ho rata Molimo ho u susumelletsa hore u mo mamele? (1 Johanne 5:3) Na hoo hoa bonahala lapeng la hao? mosebetsing kapa sekolong? tseleng eo u phelang ka eona?

Lefatšeng leo le lecha, batho ba tla be ba kopane borapeling ba Molimo oa ’nete. Na u rapela ’Mōpi oa leholimo le lefatše? Na borapeli ba hao ka sebele bo etsa hore u be bonngoeng le barapeli-’moho le uena ba lichaba tsohle, merabe eohle, lipuo tsohle?—Pesaleme ea 86:9, 10; Esaia 2:2-4; Sofonia 3:9.

[Lebokose le leqepheng la 17]

Molimo ea Tšepisang Lintho Tsena

Ke ’Mōpi oa maholimo le lefatše. Ke eena eo Jesu Kreste a ileng a re ke “Molimo a le mong feela oa ’nete.”—Johanne 17:3.

Batho ba bangata ba hlompha melimo eo ba iketselitseng eona. Ba limilione ba inamela litšoantšo tse sa pheleng. Ba bang ba tlotlisa mekhatlo ea batho, lifilosofi tsa lefatše, kapa ba tlotlisa litakatso tsa bona. Esita le ho bona ba bolelang hore ba sebelisa Bibele, hase bohle ba hlomphang lebitso la eo e reng ke “Molimo oa ’nete.”—Deuteronoma 4:35.

Ha ’Mōpi a itlhalosa, o re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.” (Esaia 42:5, 8) Lebitso lena le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Bibeleng lipuong tseo e ileng ea ngoloa ka tsona pele. Jesu Kreste o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele ba re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.”—Matheu 6:9.

Molimo oa ’nete o na le litšoaneleho life? O itlhalosa hore ke “ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete” le eo ho hang a ke keng a lokolla kotlong ba tlōlang litaelo tsa hae ka boomo. (Exoda 34:6, 7) Histori ea litšebelisano tsa hae le batho e tiisa hore tlhaloso eo ke ’nete.

Lebitso lena hammoho le motho ea emeloang ke lona ba lokela ho halaletsoa, kapa ba nkoe ba halalela. Joaloka ’Mōpi le ’Musi oa Bokahohle, oa tšoaneleha hore re mo mamele re be re rapele eena feela. Na u mo fa lintho tsee?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]

“Maholimo a Macha le Lefatše le Lecha” li Tla Tlisa Liphetoho Life?

Lefatše le fetotsoeng Paradeise Luka 23:43

Mokhatlo oa lefatše lohle oo ho oona Johanne 13:35;

batho ba lichaba tsohle, merabe eohle, Tšenolo 7:9, 10

lipuo tsohle ba kopantsoeng ke lerato

Khotso ea lefatše lohle, tšireletseho Pesaleme ea 37:10, 11;

ea ’nete bakeng sa bohle Mikea 4:3, 4

Mosebetsi o khotsofatsang, Esaia 25:6; 65:17, 21-23

matletse-tletse a lijo

Ho kula, ho hlomoha, lefu li tla Esaia 25:8;

be li felisitsoe Tšenolo 21:1, 4

Lefatše le kopaneng borapeling ba Tšenolo 15:3, 4

Molimo oa ’nete

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 19]

Na U Tla Rua Molemo?

Molimo a ke ke a bua leshano!—Tite 1:2.

Jehova o re: “Lentsoe la ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.

Jehova o se a ntse a bōpa “maholimo a macha le lefatše le lecha.” ’Muso oa leholimo o se o ntse o busa. Motheo oa “lefatše le lecha” o se o raliloe.

Ha Tšenolo e qeta ho bua ka tse ling tsa lintho tse babatsehang tseo “leholimo le lecha le lefatše le lecha” li tla li tlisetsa batho, e qotsa Molimo ka boeena, ’Musi oa Bokahohle, a re: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” Hape, o re: “Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.”—Tšenolo 21:1, 5.

Potso ea bohlokoa ke hore, Na re etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore re tle re nkoe re tšoaneleha ho ba karolo ea ‘lefatše leo le lecha’ tlas’a “maholimo a macha”?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela