Ho Thusa ba Bang ho Ithuta Lintho Tseo Molimo a li Hlokang
“Tlamo e behiloe holim’a ka. Ka sebele, ho malimabe ’na haeba ke sa ka ka bolela litaba tse molemo!”—1 BAKORINTHE 9:16.
1, 2. (a) Jehova o batla hore re kopanele mosebetsing ofe o likarolo li peli? (b) Batho ba lipelo li tšepahalang ba tlameha ho ithuta eng e le hore e ka ba bafo ba ’Muso oa Molimo?
JEHOVA o na le litaba tse molemo bakeng sa moloko oa batho. O na le ’Muso, ’me o batla hore batho ba libakeng tsohle ba utloe ka oona! Hang ha re ithutile litaba tsena tse molemo, Molimo o batla hore re li abele ba bang. Mosebetsi ona o likarolo li peli. Karolo ea pele, re tlameha ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Boprofeteng ba hae mabapi le “qetello ea tsamaiso ea lintho,” Jesu o itse: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:3, 14.
2 Karolo ea bobeli ea mosebetsi ona e akarelletsa ho ruta ba arabelang hamolemo boboleling ba ’Muso. Ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o ile a bolella sehlopha se seholo sa barutuoa ba hae: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 28:19, 20) ‘Lintho tseo Kreste a neng a li laetse’ li ne li sa tsoe ho eena; o ile a ruta ba bang ho boloka litaelo tsa Molimo kapa lintho tseo a li hlokang. (Johanne 14:23, 24; 15:10) Kahoo ho ruta ba bang ho ‘boloka lintho tseo Kreste a li laetseng’ ho akarelletsa ho ba thusa ho ithuta lintho tseo Molimo a li hlokang. Batho ba lipelo li tšepahalang ba tlameha ho finyella lintho tseo Molimo a li hlokang e le hore e be bafo ba ’Muso oa hae.
3. ’Muso oa Molimo ke eng, ’me o tla finyella eng e etsang hore molaetsa oa ’Muso e be litaba tse molemo hakaale?
3 ’Muso oa Molimo ke eng? ’Me o tla finyella eng e etsang hore molaetsa oa ’Muso e be litaba tse molemo hakaale? ’Muso oa Molimo ke puso ea leholimo. Ke oa bohlokoa haholo pelong ea Jehova, hobane ke ntho eo ka eona a tlang ho halaletsa lebitso la hae, a le tlose thohako eohle. ’Muso ke kofuto eo Jehova a tlang ho e sebelisa ho etsa hore thato ea hae e tle e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a re ruta ho rapella hore ’Muso oa Molimo o tle ’me a re khothalletsa hore re o etelletse pele bophelong ba rōna. (Matheu 6:9, 10, 33) Na u bona lebaka leo ka lona e leng habohlokoa hakaale ho Jehova hore re rute ba bang ka ’Muso oa hae?
Ke Phephetso Eseng Moroalo
4. Ho ka bontšoa joang hore boikarabelo ba rōna ba ho bolela litaba tse molemo hase moroalo?
4 Na ke moroalo ho bolela litaba tsee tse molemo? Le hanyenyane! Ka mohlala: Monna eo e leng ntate o na le boikarabelo ba ho hlokomela lelapa la hae ka lintho tse bonahalang. Ho hlōleha ho etsa seo ho tšoana le ho latola tumelo ea Bokreste. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa bao e leng litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Empa na boikarabelo boo ke moroalo ho monna oa Mokreste? Eseng haeba a rata lelapa la hae, hobane boemong bona o batla ho le hlokomela.
5. Le hoja mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa e le boikarabelo, ke hobane’ng ha re lokela ho thabela ho kopanela ho oona?
5 Ka ho tšoanang, mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa ke boikarabelo, tlhokahalo, eo bophelo ba rōna bo itšetlehileng ka eona. Pauluse o ile a beha taba ka tsela ena: “Tlamo e behiloe holim’a ka. Ka sebele, ho malimabe ’na haeba ke sa ka ka bolela litaba tse molemo!” (1 Bakorinthe 9:16; bapisa le Ezekiele 33:7-9.) Leha ho le joalo, sepheo sa rōna sa ho bolela ke lerato, eseng ho phetha tšoanelo feela. Ha e le hantle re rata Molimo, empa hape re rata baahisani ba rōna, ’me rea tseba hore na ke habohlokoa hakae ho bona hore ba utloe litaba tse molemo. (Matheu 22:37-39) Ho ba neha tšepo bakeng sa bokamoso. Haufinyane ’Muso oa Molimo o tla lokisa ho hloka toka, o tlose khatello eohle, ’me o tsosolose khotso le bonngoe—kaofela e le tlhohonolofatsong ea ka ho sa feleng ho ba ikokobelletsang puso ea oona e lokileng. Na ha re thabe, e, na ha re nyakalle hore ebe re abela ba bang litaba tse molemo joalo?—Pesaleme ea 110:3.
6. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa e le phephetso ea sebele?
6 Ka nako e tšoanang, mosebetsi ona oa ho bolela le ho etsa barutuoa o hlahisa phephetso ea sebele. Batho ha ba tšoane. Hase bohle ba nang le lithahasello tse tšoanang kapa ba lekanang ka tsebo. Ba bang ba rutehile, ha ba bang ba e-na le thuto e fokolang. Ho bala—hoo e kileng ea e-ba ntho e ratoang e etsetsoang ho fetisa nako—hona joale ho talingoa e le mosebetsi o boima. Ho tsoafa ho bala, ho hlalosoang e le “tšobotsi kapa boemo ba ho tseba ho bala empa [motho] a sa ho thahaselle,” ke bothata bo hōlang, esita le linaheng tse ithorisang ka palo e phahameng ea batho ba tsebang ho bala le ho ngola. Joale, he, re ka thusa batho ba nang le limelo le lithahasello tse sa tšoaneng joang ho ithuta seo Molimo a se hlokang?—Bapisa le 1 Bakorinthe 9:20-23.
Ba Hlomeletsoe ka ho Loketseng Bakeng sa ho Thusa ba Bang
7. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le re hlomeletse joang ho thusa ba bang ho ithuta lintho tseo Molimo a li hlokang?
7 Ho bonolo haholoanyane ho etsa mosebetsi o phephetsang haeba u e-na le likofuto tse loketseng kapa thepa ea mosebetsi. Kofuto e loketseng bakeng sa mosebetsi o itseng kajeno e ka ’na ea ntlafatsoa kapa esita le ho nkeloa sebaka ka e ’ngoe hosasane ka lebaka la ho fetoha ha lintho tse hlokahalang. Hoa tšoana ka mosebetsi oa rōna oa ho bolela molaetsa oa ’Muso oa Molimo. Ho theosa le lilemo, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le re file likofuto tse loketseng hantle, lingoliloeng tse entsoeng ka ho khetheha hore li sebelisetsoe ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele. (Matheu 24:45) Ka tsela eo re hlomeletsoe ho thusa batho ba ‘lichaba tsohle le meloko eohle le maleme ’ohle’ ho ithuta lintho tseo Molimo a li hlokang. (Tšenolo 7:9) Nako le nako, ho ’nile ha fanoa ka likofuto tse eketsehileng ho khahlametsa lintho tseo a li hlokang tse fetohang tšimong ea lefatše. A re hlahlobeng mehlala e seng mekae.
8. (a) Buka ea “’Nete e be ea Molimo” e bile le karolo efe mabapi le ho ntšetsa pele thuto ea Bibele? (b) Ho ile ha fanoa ka kofuto efe ea mosebetsi oa ho ithuta Bibele ka 1968, ’me e ne e entsoe ka tsela efe e khethehileng? (c) Buka ea ’Nete e ile ea thusa joang mosebetsing oa ho etsa barutuoa?
8 Ho tloha ka 1946 ho ea ho 1968, buka ea “’Nete e be ea Molimo” e ile ea sebelisoa e le kofuto e matla ea thuto ea Bibele, ’me likopi tse ka bang 19 250 000 li ile tsa hatisoa ka lipuo tse 54. Buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng e ileng ea lokolloa ka 1968 (ka Senyesemane), e ile ea sebelisoa ka katleho ka lilemo tse ngata bakeng sa ho ithuta Bibele le ba thahasellang. Pele, ho ne ho tloaelehile hore ba bang ba ithute le Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse ngata ba sa kolobetsoe. Empa kofuto ena e ne e etselitsoe ho ama seithuti, ho se khothalletsa ho sebelisa seo se neng se ithuta sona. Phello e bile efe? Buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo e re: “Ka lilemo tse tharo tsa tšebeletso ho tloha ka la 1 September, 1968, ho fihlela ka la 31 August, 1971, ka kakaretso ho ile ha kolobetsoa batho ba 434 906—lenane le ka holimo ho la ba kolobelitsoeng lilemong tsa tšebeletso tse tharo tse fetileng le mennoe habeli!” Ho tloha ha buka ea ’Nete e lokolloa e abiloe ka ho hlollang—tse ka holimo ho 107 000 000 ka lipuo tse 117.
9. Buka ea Phela ka ho sa Feleng e na le tšobotsi efe e ikhethang, ’me e bile le tšusumetso efe ho bahoeletsi ba ’Muso ba leng mokhatlong o hlophisitsoeng?
9 Ka 1982 buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng e bile buka e ka sehloohong e sebelisetsoang ho khanna lithuto tsa Bibele. Kofuto ena e na le litšoantšo tse ka holimo ho 150, se seng le se seng se na le litlhaloso tse ngotsoeng ka bokhabane tseo ka bokhutšoanyane li totobatsang ntlha e rutang ea litšoantšo. Tokollo ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso (khatiso ea U.S.A.) ea October 1982 e itse: “Lilemong tse ka bang 20 tseo ka tsona ‘’Nete e be ea Molimo’ e neng e le buka ea rōna e ka sehloohong ea ho ithuta (ho tloha ka 1946 ho ea bohareng ba bo-1960) ho bile le bahoeletsi ba ’Muso ba bacha ba ka holimo ho 1000 000 ba ileng ba kenella mokhatlong oa rōna o hlophisitsoeng. Eaba ho kenella bahoeletsi ba bang ba 1000 000 ha ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng e e-ba buka ea rōna e ka sehloohong ea ho ithuta ka mor’a hore e lokolloe ka 1968. Ha re sebelisa buka ea rōna e ncha ea ho ithuta, U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, na re tla bona keketseho e tšoanang ea bahoeletsi ba ’Muso mokhatlong oa rōna o hlophisitsoeng? Ka sebele, haeba Jehova a rata!” Ho hlakile hore e ne e le thato ea Jehova, hobane ho tloha ka 1982 ho ea ho 1995, ba fetang 2700 000 ba ile ba kenella mokhatlong o hlophisitsoeng oa bahoeletsi ba ’Muso!
10. Ho ile ha lokisetsoa kofuto efe e ncha ka 1995, ’me ke hobane’ng ha e lokela ho nolofalletsa liithuti tsa Bibele ho tsoela pele ka mokhoa o batlang o potlakile moeeng?
10 Jesu o itse: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae.” (Matheu 9:37) Ka sebele kotulo e khōlō. Ho sa ntse ho e-na le ho hongata ho lokelang ho etsoa. Linaheng tse ling batho ba lokela ho ba lethathamong la ba letetseng ho khanneloa lithuto tsa Bibele. Ka hona, ka morero oa ho jala tsebo ea Molimo ka potlako e eketsehileng, ka 1995 “lekhoba le tšepahalang le le masene” le ile la fana ka kofuto e ncha, buka e maqephe a 192 eo sehlooho sa eona se reng Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Kofuto ena ea bohlokoa ha e lebise tlhokomelo lithutong tsa bohata. E bontša linnete tsa Bibele ka tsela e bontšang boikutlo bo nepahetseng. Ho tšeptjoa hore e tla nolofalletsa liithuti tsa Bibele ho tsoela pele ka mokhoa o batlang o potlakile moeeng. Buka ea Tsebo e se e ntse e e-ba le tšusumetso e itseng tšimong ea lefatše ka likopi tse 45500000 tse hatisitsoeng ka lipuo tse 125 le ka ho fetoleloa ha eona lipuong tse eketsehileng tse 21 ho ntseng ho tsoela pele.
11. Ho ile ha lokisetsoa kofuto efe e atlehang ho thusa ho ruta ba sa tsebeng ho bala le ho ngola kapa ba sa tsebeng ho bala le ho ngola hantle, ’me e bile le tšusumetso ka tsela efe lenaneong la rōna la thuto ea lefatše lohle?
11 Nako le nako, “lekhoba le tšepahalang” le fane ka likofuto tse etselitsoeng bamameli ba itseng kapa ba lekanyelitsoeng. Ka mohlala, ho thoe’ng ka batho bao e ka ’nang eaba ba hloka thuso e khethehileng ka lebaka la semelo sa bona sa mekhoa ea bophelo kapa sa bolumeli? Re ka ba thusa joang hore ba ithute lintho tseo Molimo a li hlokang? Ka 1982 re ile ra fumana seo re neng re hlile re se hloka—bukana e maqephe a 32 ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Sengoliloeng sena se nang le litšoantšo tse ngata e bile kofuto e atlehang tabeng ea ho ruta ba sa tsebeng ho bala le ho ngola kapa ba sa tsebeng ho bala le ho ngola hantle. E na le taba e utloisisehang habonolo haholo ea lithuto tsa motheo tsa Mangolo. Ho tloha ha e lokolloa, bukana ea Thabela Bophelo e entse tlatsetso e matla lenaneong la rōna la ho ruta lefatšeng lohle. Likopi tse ka holimo ho 105 100 000 li hatisitsoe ka lipuo tse 239, e leng ho etsang hore e be sengoliloeng se fetoletsoeng ka lipuo tse ngata ka ho fetisisa seo Mokhatlo oa Watch Tower o se hatisitseng ho fihlela hona joale!
12, 13. (a) Ho tloha ka 1990, “lekhoba le tšepahalang” le lokiselitse tsela efe e ncha ea ho finyella bamameli ba bangata? (b) Re ka sebelisa livideo tsa Mokhatlo joang tšebeletsong ea rōna ea tšimo? (c) Ke kofuto efe e ncha e sa tsoa lokisetsoa ho thusa mosebetsing oa rōna oa ho etsa barutuoa?
12 Ho phaella ho lingoliloeng tse hatisitsoeng, ho tloha ka 1990 “lekhoba le tšepahalang” le re file thuso ea ho ruta e fanang ka tsela e ncha ea ho finyella bamameli ba bangata—lik’hasete tsa video. Ka October selemong seo, video ea metsotso e 55 Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name e ile ea lokolloa—video ea pele e kileng ea etsoa ke Mokhatlo oa Watch Tower. Taba e ntle e rutang, e fumanehang ka lipuo tse 35, e bontša mokhatlo oa batho ba Jehova ba inehetseng lefatšeng ka bophara ba phethahatsa taelo ea Jesu ea ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle. Video ena e entsoe ka ho khetheha bakeng sa ho thusa mosebetsing oa rōna oa ho etsa barutuoa. Bahoeletsi ba ’Muso ba ile ba sebelisa kofuto ena e ncha hang-hang tšebeletsong ea tšimo. Ba bang ba ne ba e kenya mekotlaneng ea bona, ka linako tsohle ba loketse ho e bontša batho ba thahasellang kapa ho ba alima eona. Kapele ka mor’a ho lokolloa ha eona, molebeli ea tsamaeang o ile a ngola: “Livideo li fetohile mokhoa oa ho finyella likelello le lipelo tsa batho ba limilione lekholong la bo21 la lilemo, ka hona re tšepa hore video ena e tla ba ea pele feela letotong le lelelele la livideo tseo Mokhatlo o tla li sebelisa ho ntšetsa pele mosebetsi oa ’Muso lefatšeng ka bophara.” Ka sebele, ho fanoe ka livideo tse eketsehileng, ho akarelletsa le ea letoto le likarolo li tharo ea The Bible—A Book of Fact and Prophecy le Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault. Haeba livideo tsa Mokhatlo li fumaneha ka puo ea hao, na u li sebelisitse tšebeletsong ea hao ea tšimo?a
13 Haufinyane kofuto e ncha, bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, e ile ea lokisetsoa ho thusa mosebetsing oa rōna oa ho etsa barutuoa. Ke hobane’ng ha e ile ea hatisoa? E ka sebelisoa joang?
Ho Hlahloba Kofuto e Ncha
14, 15. Bukana ea Seo a se Hlokang e etselitsoe bo-mang, ’me e fupere eng?
14 Sengoliloeng sena se secha Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? se etselitsoe batho ba seng ba ntse ba lumela ho Molimo ’me ba hlompha Bibele. Balebeli ba tsamaeang hammoho le baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba nang le phihlelo ea lilemo tse ngata linaheng tse tsoelang pele moruong ba ile ba thusa ho ngoloeng ha bukana ena. E fupere thupelo e pharaletseng, e akaretsang lithuto tsa motheo tsa Bibele. Mantsoe a eona a bontša mosa, a bonolo a bile a toba taba. Ka nako e tšoanang, taba e ngotsoeng ha e bonolo ka ho tlōlisang. Ha e fane ka “lebese” feela empa e boetse e fana ka “lijo tse tiileng” tse tsoang Lentsoeng la Molimo ka tsela eo batho ba bangata ba ka khonang ho li utloisisa.—Baheberu 5:12-14.
15 Lilemong tsa morao tjena bahoeletsi ba ’Muso linaheng tse sa tšoaneng ba kōpile sengoliloeng se joalo hantle. Ka mohlala, lekala la Mokhatlo oa Watch Tower le Papua New Guinea le ile la ngola: “Batho ba ferekantsoe ke lithuto tsa bolumeli tse loantšanang. Ba hloka lipolelo tsa ’nete tse tobileng, tse tšehelitsoeng ke litemana tsa Bibele tse ’maloa tseo ba ka li balang Libibeleng tsa bona. Ba batla taba e behiloeng ka ho hlaka le e tobileng ea seo Molimo a se hlokang ho Bakreste ba ’nete le hore na ke litloaelo life le mekhoa tseo a sa li amoheleng.” Bukana ea Seo a se Hlokang ke seo re se hlokang hantle ho thusa ba joalo ho ithuta lintho tseo Molimo a li hlokang.
16. (a) Ke bo-mang bao ka ho khetheha ba ka ’nang ba rua molemo litlhalosong tse bonolo tse bukaneng e ncha? (b) Ba leng tšimong ea lōna ba ka ’na ba rua molemo joang bukaneng ee ea Seo a se Hlokang?
16 U ka sebelisa kofuto ee e ncha joang? Tsela ea pele, e ka sebelisoa bakeng sa ho ithuta le batho ba nang le bothata ba ho bala kapa bao e ka ’nang eaba ha baa sekamela ho baleng.b Batho ba joalo ba ka ’na ba rua molemo litlhalosong tse bonolo bukaneng ena. Ka mor’a ho hlahloba kopi e tsoileng pele ea sengoliloeng sena, makala a Watch Tower a ile a ngola se latelang: “Bukana ena e tla thusa haholo likarolong tse ngata tsa naha tseo ho tsona batho ba sa sekamelang ho baleng haholo.” (Brazil) “Ho na le bajaki ba ’maloa ba sa khoneng ho bala puo ea bona le ba ntseng ba e-na le bothata ba ho bala Sefora. Bukana ena e ka ’na ea sebelisoa e le thuso ea ho ithuta le ba joalo.” (Fora) Na u ka nahana ka batho tšimong ea lōna ba ka ’nang ba rua molemo bukaneng ee ea Seo a se Hlokang?
17. Bukana ee e ncha e ka ba molemo ka tsela efe linaheng tse ngata, hona hobane’ng?
17 Ea bobeli, linaheng tse ngata bukana ena e ka ’na ea thusa ho qaliseng lithuto tsa Bibele le batho ba tšabang Molimo ho sa tsotellehe hore na ba rutehile hakae. Ho hlakile hore ho lokela ho etsoe boiteko ba ho qalisa thuto ka buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Empa maemong a mang ho ka ’na ha e-ba bonolo haholoanyane ho qalisa thuto ka bukana. Joale ka nako e loketseng, thuto e lokela ho fetisetsoa bukeng ea Tsebo, eo e leng thuso ea rōna ea ho ithuta e ka sehloohong le e buelloang. Mabapi le tšebeliso ena ea bukana ea Seo a se Hlokang, makala a Watch Tower a ile a ngola: “Ho qalisa lithuto tsa Bibele ho thata, ’me ho bonahala ho e-na le menyetla e molemonyana ea ho qalisa thuto ha bahoeletsi ba qala ka bukana.” (Jeremane) “Bukana ea mofuta ona e tla ba e atlehang ka ho fetisisa ho qaliseng lithuto tsa Bibele tse ncha, tseo hamorao li ka ntšetsoang pele ka buka ea Tsebo.” (Italy) “Le hoja Majapane a rutehile haholo, a mangata a na le tsebo e nyenyane haholo ea Bibele le lithuto tsa eona tsa motheo. Bukana ena e lokela ho ba borokho bo molemo bo lebisang bukeng ea Tsebo.”—Japane.
18. Re lokela ho hopola eng mabapi le ho finyella lintho tseo Molimo a li hlokang?
18 Makala a Mokhatlo ho pota lefatše a ile a kōpa bukana ena, ’me ho fanoe ka tumello ea hore e fetoleloe ka lipuo tse 221. E se eka sengoliloeng sena se secha se ka ipaka e le sa bohlokoa ho re thuseng hore re thuse ba bang ho ithuta seo Jehova Molimo a se hlokang ho bona. Ha e le rōna, a re hopoleng hore ho finyella lintho tseo Molimo a li hlokang, ho akarelletsa le taelo ea ho bolela le ho etsa barutuoa, ho re fa monyetla oa bohlokoa oa ho bontša Jehova hore na re mo rata hakae. E, seo Molimo a se hlokang ho rōna hase moroalo. Ke tsela e molemohali ea ho phela!—Pesaleme ea 19:7-11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo e re: “Ho hang lik’hasete tsa video ha li nke sebaka sa lingoliloeng kapa bopaki bo etsoang ke batho. Lingoliloeng tsa Mokhatlo li ntse li tsoela pele ho phetha karolo ea bohlokoa ho haseng litaba tse molemo. Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova oa ho ea ka ntlo le ntlo o sala e ntse e le tšobotsi e tiileng e thehiloeng Mangolong ea tšebeletso ea tsona. Leha ho le joalo, lik’hasete tsa video hona joale li tlatsa tsena e le likofuto tsa bohlokoa bakeng sa ho hlaolela tumelo litšepisong tsa Jehova tsa bohlokoa le ho susumelletsa kananelo bakeng sa mosebetsi oo a reng o etsoe lefatšeng mehleng ea rōna.”
b Bakeng sa tlhaloso ea kamoo thuto e ka khannoang ka bukana ea Seo a se Hlokang, bona sehlooho se reng “Kofuto e Ncha ea ho Thusa Batho ho Ithuta Seo Molimo a se Hlokang,” leqepheng la 16-17.
Na U ka Hlalosa?
◻ Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba kopanele mosebetsing ofe o likarolo li peli?
◻ Ke hobane’ng ha boikarabelo ba rōna ba ho bolela le ho etsa barutuoa e se moroalo ho rōna?
◻ “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le lokiselitse likofuto life tseo re ka li sebelisang mosebetsing oa rōna oa ho bolela le ho etsa barutuoa?
◻ Bukana ea Seo a se Hlokang e etselitsoe bo-mang, ’me re ka e sebelisa joang tšebeletsong ea rōna?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Mosebetsi oa rōna oa ho bolela le ho etsa barutuoa hase moroalo
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
“’Nete e be ea Molimo” (1946, e ileng ea nchafatsoa ka 1952): Tse 19 250 000 ka lipuo tse 54
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
“’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng” (1968): Tse 107 000 000 ka lipuo tse 117 (Ho bontšitsoe ea Sefora)
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
“U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng” (1982): Tse 80 900 000 ka lipuo tse 130 (Ho bontšitsoe ea Serussia)
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
“Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng” (1995): Tse 45 500 000 ka lipuo tse 125 (Ho bontšitsoe ea Sejeremane)