Tšepo Bakeng sa ba Bolailoeng ke Tlala
“Ho Tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše, litlala tse ngata tse khōlō li bakiloe ke ntoa le phetohelo ’musong,” ho bolela joalo Lingaka Brown le Anderson bukeng Historical Catastrophes: Famines.
’Nete ena e re hopotsa pono ea khale ea boprofeta e bitsoang Banna ba Bane ba Lipere tsa Tšenolo. Koranta ea Afrika ha e tsoela pele ka sehlooho sena, e itse: “Banna ba Bane ba Lipere ba tsoile letšolo naheng e sa thabang ea Ethiopia.” Leha ho le joalo, ke ba seng bakae ba hlokomelang tšepo e hlollang ea pono ena.
Lintho tse Bakang Lefu Pele ho Nako
Monna oa pere ea boraro oa Tšenolo o tšoantšetsa tlala. O palame a tšoere “likala tse peli letsohong la hae,” ’me lentsoe la hoeletsa: “Polokoe e le ’ngoe ea bohobe e tla rekoa ka moputso oa letsatsi.” (Tšenolo 6:6, Weymouth) Kapele ho eena ho matha monna ea palameng pere e tšoantšetsang ntoa—ntoa e atileng le e sa feleng hoo a bitsoang ka hore o “felisa khotso lefatšeng.” Banna bana ba lipere ba bontša kamano e haufi e pakeng tsa tlala le ntoa.—Tšenolo 6:3-6.
Ha e hlalosa kamano ena, buka Historical Catastrophes: Famines e re: “Hangata tlhahiso ea lijo e fokolisa ke ho hlokahala ha matla a basebetsi . . . Ntoa e ka senya peō ea bohlokoa. Lifate le limela tse ling tse nkang lilemo tse ngata pele li hlaha hape li ka senngoa. Lipalangoang le khoebo li ka senngoa hoo naha e ’ngoe e ka lapang ha e ’ngoe ea boahisani e e-na le lijo tse ngata.” Ena ebile phihlelo e bohloko haholo e hlahetseng batho ba limillione nakong ea Ntoa ea I le ea II ea Lefatše, hammoho le pakeng tsa lintoa tseo, ’me e ntse e tsoela pele ho ama batho ba limillione kajeno.
Banna ba babeli ba lipere ba hlalositsoeng ka holimo ba lateloa ke e mong ea bitsoang “Lefu.” O tšoantšetsa mafu a hlahileng pele ho nako a otlileng batho ba limillione ho tloha ka selemo se mahlonoko sa 1914. Ntoa le “litlala” ke tsona tsa pele lenaneng la lisosa tse profetiloeng. (Tšenolo 6:7, 8) Lintoa li bolaile batho ba fetang 100 000 000 ho tloha ka 1914 ’me “litlala” li bolaile ba kaholimo ho moo. “Batho ba bangata ba bolailoe ke tlala lilemong tse hlano tse fetileng ho feta ba shoeleng lintoeng tsohle, liphetohelong tsa mebuso le lipolaong lilemong tse 150 tse fetileng,” ho tlalehile buka The Hunger Primer.
Tšepo bakeng sa Bafu
Monna oa pere ea boraro “Lefu” o lateloa ke ntho e ’ngoe e fanang ka tšepo. Ke “Hades” (ho ea ka NW) Kahoo, ho hlakile hore batho ba bangata ba shoeleng pele ho nako ba Hades. Lentsoe “Hades” le bolela eng? Ke lentsoe la Segerike hai’des le sebelisitsoeng ka Bibeleng ’me le lumellana le lentsoe la Seheberu “Sheol.” (Bapisa Pesaleme ea 16:10 le Liketso 2:31.) Ha le bolele sebaka sa sebele empa le bolela phomolo ea ho se ikutloe. (Moeklesia 9:5, 10; Johanne 11:11-13) Ke lebitla le tloaelehileng la batho leo ho lona ho nang le tšepo ea tsoho.
Tiisetso ena e tlalehiloe hamorao bukeng ea Tšenolo: “Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo, ba eme pel’a terone; . . .Leoatle la busetsa bafu ba ho lona, ’me lefu le Hades tsa ntša bafu ba ho tsona, ’me e mong le e mong a ahloloa ho ea ka liketso tsa hae.” (Tšenolo 20:12, 13, NW) Kahoo bokamoso bo botle bo emetse ba ileng ba shoa ka baka la tlala. Haeba kamor’a tsoho ea bona, ba ka bontša kananelo ea ’nete mphong ea Molimo ea pholoso, ba joalo ba tla “ahloloa” ba tšoaneloa ke bophelo bo sa feleng lefatšeng.—Pesaleme ea 37:29; Johanne 5:28, 29; 1 Johanne 2:1, 2.
Empa tsoho ena e tla etsahala neng? Kamor’a hore monna oa pele oa pere ea Tšenolo, ea tšoantšetsang Morena Jesu Kreste, a ‘qete tlhōlo ea hae.’ (Tšenolo 6:2) Jehova Molimo o beile Mor’a hae, Jesu Kreste, teroneng, e le Morena oa batho bohle. (Tšenolo 11:15) Ke “Eena ea beiloeng ke Molimo ho ahlola ba phelang le ba shoeleng.”—Liketso 10:42.
Tšepo bakeng sa ba Phelang
Haufinyana lefatšeng ho tla felisoa bohle ba hanang puso ea Kreste. Mebuso ea boithati ea batho e tla tlosoa. (Daniele 2:44) “Ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše,” empa ba ikokobeletsang Morena oa leholimo oa lefatše “ba tla le rua.” (Liproverbia 2:21, 22) Bakeng sa ba tla lula ba phela, tlala e tla fela.—Esaia 25:6; 65:21, 22.
Jesu Kreste ka matla ao a a filoeng ke Molimo a phahametseng batho, o tla etsa bonnete ba hore boemo ba mobu oa lefatše bo khutlela teka-tekanong e phethahetseng. (Bona Mareka 4:37-41.) Lehoatata la Sahara Afrika, le mahoatata a mang a ntseng a hlaha a tla lokisoa. Morero oa pele oa Molimo ka paradeise ea lefatše lohle e tla ba ntho ea sebele. (Genese 1:28; 2:7, 8; Luka 23:43) Joaloka ha ho profetiloe, ‘mahalaopa a tla . . . mela lipalesa joale ka leshoma . . . hobane metsi a tla kolla naheng e tšehla, melatsoana e phalle mahalaopeng.’—Esaia 35:1, 6.
Bibele e hlalosa puso ea Kreste ka tsela e sisinyang maikutlo: “O tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi. . . Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.—Pesaleme ea 72:8, 13, 14, 16.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Tlala, monna oa pere ea boraro oa Tšenolo, kajeno o palame karolong e khōlō ea Afrika
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Haufinyana ho tla ba le nala Afrika le lefatšeng lohle