Senotlolo se Isang Lefatšeng le Thabileng
MAKASINE ea Time e ile ea re: “Jesu oa Nazaretha ke eena motho a le mong feela ea bileng matla ka ho fetisisa lilemong tsena tse likete tse peli tse fetileng le historing eohle ea batho.” Ha Jesu a ne a le lefatšeng, batho ba bangata ba tšepahalang ba ile ba lemoha boholo ba hae le ho ameha ha hae ka batho ba bang. Kahoo, ha ho makatse hore ebe ba ne ba batla ho mo etsa morena. (Johanne 6:10, 14, 15) Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, Jesu o ile a hana ho ameha lipolotiking.
TSELA eo Jesu a ileng a arabela ka eona e ne e thehiloe mabakeng a mararo: e leng pono ea Ntat’ae ka tsela eo batho ba bontšang boikhethelo ba bona ka eona, e akarelletsang puso ea motho; ho hlokomela ha Jesu hore ho na le makhotla a matla le a sa bonahaleng a loantšang boiteko bo molemo ka ho fetisisa ba puso ea motho; le morero oa Molimo oa ho theha puso ea leholimo e tla busa lefatše lohle. Ha re ntse re hlahloba lintlha tsena tse tharo ka hloko, re tla bona hore na ke hobane’ng ha boiteko ba moloko oa batho ba ho ntlafatsa lefatše bo hlōlehile. Re tla boela re bone hore na katleho e ka finyelloa joang.
Na Batho ba ka Ipusa?
Ha Molimo a bōpa batho, o ile a ba fa matla a ho laola liphoofolo. (Genese 1:26) Empa moloko oa batho oona o ne o le tlas’a puso ea Molimo. Monna le mosali ba pele ba ne ba lokela ho tiisa hore ba tlas’a Molimo ka hore ka boikokobetso ba se ke ba ja litholoana tsa sefate se itseng, e leng “sefate sa tsebo ea botle le bobe.” (Genese 2:17) Ka masoabi, Adama le Eva ba ile ba sebelisa boikhethelo ba bona hampe eaba ha ba mamele Molimo. Ho ja tholoana e hanetsoeng e ne e se feela bosholu. E ne e le ho fetohela bobusi ba Molimo. Taba e ngotsoeng botlaaseng ba leqephe mabapi le Genese 2:17 ho The New Jerusalem Bible e bolela hore Adama le Eva ba ile ba tseka hore ba na le “bolokolohi bo feletseng ba boitšoaro bo etsang hore motho a hane ho lemoha boemo ba hae ba hore ke sebōpuoa . . . Sebe sa pele e bile ho hlasela bobusi ba Molimo.”
Ka lebaka la likhang tse tebileng tsa boitšoaro tse amehang, Molimo o ile a lumella Adama le Eva le bana ba bona hore ba ikhethele tsela ea bophelo, ’me ba ile ba itlhomela litekanyetso tsa se nepahetseng le se fosahetseng. (Pesaleme ea 147:19, 20; Baroma 2:14) ’Nete ke hore ka nako eo, motho o ile a qala ho leka ho ikhethela. Na ho atlehile? Ha re hetla morao lilemong tse fetileng tse likete, re ka re ha hoa atleha. Moeklesia 8:9 e re: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ Tlaleho ena e utloisang bohloko ea ho ipusa ha motho e tiisa bonnete ba Jeremia 10:23, e reng: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” Histori e bontšitse hore batho ha ba na tsebo ea ho ipusa ka katleho ntle ho ’Mōpi oa bona.
Jesu o ile a lumellana ka botlalo le sena. Ho ipusa ntle ho Molimo e ne e le manyala ho eena. O ile a re: “Ha ke etse letho le itsoelang ho ’na. Kamehla ke etsa lintho tse . . . khahlisang [Molimo].” (Johanne 4:34; 8:28, 29) Kahoo, kaha Molimo o ne a sa lumella Jesu ho amohela borena bo tsoang ho batho, ha aa ka a nahana ho bo amohela. Leha ho le joalo, sena se ne se sa bolele hore o ne a le leqe ho thusa batho ba bang. Ho fapana le moo, o ile a etsa sohle se matleng a hae ho thusa batho hore ba fumane thabo e fetisisang ka nako eo le nakong e tlang. O bile a tela bophelo ba hae bakeng sa moloko oa batho. (Matheu 5:3-11; 7:24-27; Johanne 3:16) Empa Jesu o ne a tseba hore “ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe,” ho akarelletsa nako ea Molimo ea ho busa moloko oa batho. (Moeklesia 3:1; Matheu 24:14, 21, 22, 36-39) Leha ho le joalo, u hopole hore Edeneng batsoali ba rōna ba pele ba ile ba ikokobelletsa thato ea sebōpuoa se khopo sa moea se neng se bua ka noha e bonahalang. Sena se re tlisa lebakeng la bobeli leo ka lona Jesu a sa kang a ameha lipolotiking.
’Musi ea sa Tsejoeng oa Lefatše
Bibele e re bolella hore Satane o ile a etsa tlhahiso ea hore a ka fa Jesu “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona” haeba a ka mo etsetsa ketso e le ’ngoe ea borapeli. (Matheu 4:8-10) Ha e le hantle, Jesu o ne a fuoa puso ea lefatše ka litumellano tsa Diabolose. Jesu ha aa ka a inehela tekong ena. Leha ho le joalo, na e ne e hlile e le teko? Na Satane o ne a ka fana ka mpho e khōlō hakaalo? E, etsoe Jesu ka boeena o ile a re Diabolose ke “’musi oa lefatše,” ’me moapostola Pauluse o hlalositse hore ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.”—Johanne 14:30; 2 Bakorinthe 4:4; Baefese 6:12.
Ho hlakile hore Jesu o ne a tseba hore Diabolose ha a lakaletse batho botle. O ile a hlalosa hore Satane ke “’molai” le “ntat’a mashano le lintho tsohle tsa bohata.” (Johanne 8:44, The Amplified Bible) Ho totobetse hore kaha lefatše “le rapaletse matleng” a moea o khopo joalo, le ke ke la thaba e le kannete. (1 Johanne 5:19) Empa Diabolose a ke ke a ba le matla ana ka ho sa feleng. Jesu, eo e leng sebōpuoa se matla sa moea hona joale, o tla tloha a tlosa Satane le ho felisa tšusumetso ea hae ka ho feletseng.—Baheberu 2:14; Tšenolo 20:1-3.
Satane ka boeena oa tseba hore nako ea hae e le ’musi oa lefatše lena e fela ka potlako. Kahoo, o ikemiselitse ka hohle ho silafatsa batho ka ho feletseng, feela joalokaha a ile a etsa pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe. (Genese 6:1-5; Juda 6) Tšenolo 12:12 e re: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” Boprofeta ba Bibele le liketsahalo tsa lefatše li bontša hore re phela haufi le bofelo ba “nako e khutšoanyane” ena. (2 Timothea 3:1-5) Phomolo e haufi.
’Muso o Tla Tlisa Thabo
Lebaka la boraro leo ka lona Jesu a sa kang a kena lipolotiking ke hore o ne a tseba hore ka nako e tlang e behiloeng, Molimo o ne a tla hloma ’muso oa hae oa leholimo hore o buse lefatše. Bibele e bitsa puso ena ’Muso oa Molimo, ’me e ne e le sehlooho se seholo sa thuto ea Jesu. (Luka 4:43; Tšenolo 11:15) Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ho rapella ’Muso oo hore o tle, hobane ke pusong ea oona feela moo ‘thato ea Molimo e ka etsahalang lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.’ (Matheu 6:9, 10) U ka ’na ua ipotsa, ‘Haeba ’Muso oo o tla busa lefatšeng kaofela, ho tla etsahala’ng ka mebuso ea batho?’
Karabo e fumanoa ho Daniele 2:44: “Matsatsing a marena ao [a busang qetellong ea tsamaiso ea hona joale] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena [ea batho] kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” Ke hobane’ng ha ’Muso oa Molimo o tla lokela ho “silakanya” lipuso tsa lefatše? Hobane li tsitlella ho ntšetseng pele moea oa boikhethelo o nyefolang Molimo o khothallelitsoeng ke Satane koana tšimong ea Edene. Ntle le ho sebetsa khahlanong le lithahasello tse molemo ka ho fetisisa tsa moloko oa batho, ba loanelang ho ntšetsa pele moea oo ba ipeha tseleng ea ho iqabanya le ’Mōpi. (Pesaleme ea 2:6-12; Tšenolo 16:14, 16) Kahoo, re tlameha ho ipotsa, ‘Na re emela puso ea Molimo kapa rea e hanyetsa?’
U Tla Khetha Bobusi ba Mang?
E le hore ho thusoe batho hore ba etse qeto ba e-na le tsebo tabeng ea puso, Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba bolele “litaba tsena tse molemo tsa ’muso . . . lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle” pele bofelo ba tsamaiso ea hona joale bo tla. (Matheu 24:14) Ke bo-mang ba tsebahalang lefatše ka bophara ka ho bolela ’Muso oa Molimo? Ke Lipaki tsa Jehova. Ha e le hantle, leqepheng la oona le ka ntle, ke khale makasine ena e ngotsoe mantsoe a reng, “O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova.” Kajeno, Lipaki tse ka bang limilione tse tšeletseng, linaheng tse fetang 230, li thusa batho hore ba rue tsebo e nepahetseng ka ’Muso oo.a
Litlhohonolofatso Bakeng sa Bafo ba ’Muso
Kamehla Jesu o ne a etsa lintho ka tsela ea Molimo. Kahoo, ho e-na le ho khetha tsela ea boipuso le ho leka ho sebelisa lipolotiki ho tšehetsa kapa ho ntlafatsa tsamaiso e teng ea lintho, o ile a sebetsa ka thata ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso oa Molimo, oo e leng oona pheko feela mathateng a lefatše. Bakeng sa botšepehi ba hae, o ile a putsoa ka terone e khanyang leholimong e le eena Morena oa ’Muso oo. O fumane moputso o babatsehang hakaakang bakeng sa ho ikokobelletsa Molimo!—Daniele 7:13, 14.
Ba limilione kajeno ba etsisang Jesu ka ho etelletsa pele ’Muso oa Molimo le ho ikokobelletsa thato ea Molimo ba thabela mpho e babatsehang—e leng monyetla oa bohlokoa oa ho ba bafo ba lefatšeng ba ’Muso oa Molimo. (Matheu 6:33) Tlas’a puso ea oona e lerato, ba tla phahamisoa hore e be batho ba phethahetseng, ba lebelletseng bophelo bo sa feleng. (Tšenolo 21:3, 4) Johanne oa Pele 2:17 e re: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” E tla ba thabo e kaakang ho phela ka ho sa feleng lefatšeng moo ha Satane le balateli ba hae ba se ba felisitsoe ’me lefatše le fetotsoe paradeise e se nang bochaba bo arohanyang, tsamaiso e bolileng ea khoebo le bolumeli ba bohata!—Pesaleme ea 37:29; 72:16.
Ha ho pelaelo hore ’Muso oa Molimo ke oona o tla tlisa lefatše le nang le thabo ea ’nete, ’me ke hantle ha molaetsa o o tsebahatsang o bitsoa litaba tse molemo. Haeba ha u e-s’o li amohele, ka lekhetlo le latelang ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a fihla lapeng moo u lulang, ke hobane’ng ha u ke ke ua mamela litaba tsee tse molemo tseo u li tliselitsoeng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha Lipaki tsa Jehova li buella ’Muso oa Molimo, ha li kenyelletse lipolotiki kapa hona ho fehla bofetoheli khahlanong le mebuso ea lefatše, esita le linaheng tseo Lipaki li thibetsoeng kapa li hlorisoang ho tsona. (Tite 3:1) Ho e-na le hoo, li leka ho tlatsetsa ka tsela e molemo, ea moea le eo e seng ea lipolotiki joaloka Jesu le barutuoa ba hae ba lekholong la pele la lilemo. Lipaki li ikitlaelletsa ho thusa batho ba sekametseng ho lokeng ba metseng e fapa-fapaneng eo li lulang ho eona hore ba amohele mekhoa ea bohlokoa ea Bibele e kang lerato la lelapa, botšepehi, boitšoaro bo hloekileng le mekhoa e metle ea ho sebetsa. Ntho e ka sehloohong, li leka ho ba ruta kamoo ba ka latelang melao-motheo ea Bibele le ho lebella ’Muso oa Molimo e le tšepo ea sebele ea moloko oa batho.
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Histori e bontša hore batho ba ke ke ba busa ka katleho ntle ho Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Kaha Satane o busa “tsamaiso ena ea lintho” ea hona joale, o ne a ka bolela hore a ka fa Jesu “mebuso eohle ea lefatše”
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Jesu o rutile hore tlas’a tokisetso ea ’Muso oa Molimo, lefatše e tla ba sebaka se babatsehang