Lefatše ho Tloha ka 1914
Karolo ea 4—1940-1943 Lichaba li Tsielehile, li Susumetsoa ke Tšabo
Mantsoe a hae a ne a le matla ka ho lekaneng ho susumetsa tšabo ho linatlahali. “Ha ho letho leo nka nehelanang ka lona ka ntle ho mali, ntoa, meokho le mofufutso,” tona-khōlō e khethiloeng bocha Winston Churchill o boleletse litho tsa Palamente ea Brithani. Ha a hatella kamoo boemo bo neng bo tebile kateng, o itse: “Tlhōlo ho sa tsotellehe hore e fumanoa ka tahlehelo e kae ea bophelo le thepa, tlhōlo ho sa tsotellehe tšabo eohle, tlhōlo ho sa tsotellehe bolelele le boima ba tsela ea ho e fumana; hobane ka ntle ho tlhōlo ha ho ea tla sala a phela.” E, letsatsing leo la la 13 Motšeanong, 1940, Brithani e ne e-na le lebaka le matla la ho tšoha. Likhoeling tse latelang tse tšeletseng, lifofane tsa Sesole tsa Jeremane, Luftwaffe, li ne li lutse malala-a-laotsoe ho lihela libomo naheng eo li e futuhelang, ebang ke holim’a masole kapa batho ba sa loaneng. Morero oo oa fihla litsebeng tsa Lebotho la Brithani, ’me ha tsejoa hore Jeremane e ne e rerile ho felisa lebotho la Brithani la moeeng le tšepo ea batho ba teng. Empa morero oa Lifofane tsa Sesole tsa Jeremane, Luftwaffe, oa nyopa. Hitler a tsila-tsila, ’me ka Mphalane—bonyane ka nakoana—a felisa merero ea ho futuha.
Na e ne e le ho Lokoloha Tšabong?
Ho la United States, boikutlo ba ho batla ho tšehetsa Brithani bo ne bo hōla, bo felisa molao oa Amerika oa ho se nke lehlakore. Ha ka 1940 Mopresidente Roosevelt a toboketsa boikutlo boo, o itse: “Re thusitse Brithani haholo ka litsela tse bonahalang ’me re tla ’ne re e thuse haholoanyane nakong e tlang.”
Ka la 6 Pherekhong, 1941, a nka bohato bo bong bo tsoelang pele. Puong ea hae Lekhotleng le Etsang Melao o buile ka seo a se bitsang Litokoloho tse ’Nè. Ho thusa ho finyella e ’ngoe ea tsona—tokoloho tšabong a hlahisa hore lefatše le “fokotse lihlomo ka ho feletseng ’me ho se be le sechaba se tla ikutloa se na le matla a ho tsohela moahisani oa sona matla—kae kapa kae lefatšeng.” Ha e le hantle, polelo eo e ne e phatlalatsa ntoa ka ho sa tobang khahlanong le lipheo tsa linaha tsa Bompoli.
Likhoeli tse peli hamorao Lekhotla le Etsang Melao la U.S. la tiisa lenaneo la ho romela lithuso tse itseng linaheng tse selekaneng le eona. Sena sa nolofaletsa mopresidente ho fana ka lihlomo tsa ntoa, joaloka litanka le lifofane, lijo le lithuso tse ling ho sechaba leha e le sefe seo tšireletso ea sona e leng bohlokoa bakeng sa lithahasello tsa U.S.a Ho sa tsotellehe khanyetso e neng e ntse e le teng ho itšunyeng ha United States, ho ne ho hlakile hore e ne e ntse e kenella ntoeng ea Europa.
Khabareng, Japane e neng e ikutloa e khothalitsoe ke katleho ea linaha tse selekaneng le eona tsa Europa, ea tsoela pele ho hlasela linaha tse ka Boroa bo ka Bochabela ka ntle ho tšabo ea ho kenella ha Brithani kapa Holland. Ha e ne e futuhela Indochaena ka Loetse 1940, Washington e ile ea nyatsa ketso eo ka matla. ’Me ha Japane e fetela likarolong tse ka boroa tsa naha eo, United States ea nka bohato. Matlotlo a Japane a neng a le taolong ea United States a nkuoa ka molao, ’me lithomello tsa oli Japane tsa thibeloa. Ha Japane e bona hore lithahasello tsa eona tsa bohlokoa li kotsing, ea ikutloa e qobelleha ho tlosa kotsi ea ho kenella hofe le hofe ho tsoelang pele ha United States.
Baetapele ba sesole ba bontša hore matla a ho iphetetsa a U.S. a ka fokotsoa haholo haeba ho ka hlōloa lebotho la leoatleng la U.S., le fetang la Japane ka karolo ea 30 lekholong. ’Me haeba Japane e ka hapa libaka tsa sesole tsa Amerika, Brithani, le Holland, e ne e tla ba le litsi tsa sesole tseo e ka itšireletsang ho tsona lefatšeng ha e ka hlaseloa hamorao. Ha qetoa ka hore ho tla qaloa Wai Momi.
Lebitso leo le bolela “metsi a liperela” ’me ke kamoo baahi ba Hawaii ba kileng ba bitsa molomo oa Nōka ea Pearl ka baka la likhetla tsa liperela tse neng li mela moo. Sebaka seo se ka ba lik’hilomithara li se kae ka bophirimela ho Honolulu. Ka Sontaha hoseng, la 7 Tšitoe, 1941, metsi a Wai Momi a ne a sa tlala ka liperela empa ka likarolo tsa likepe tse robehileng le ka litopo tsa batsamaisi ba likepe. Lifofane tsa ntoa tsa Japane tsa hlasela setsi se seholo sa sesole sa U.S. leoatleng la Pacific, ’me tahlehelo ea e-ba khōlō.
Ho futuheloa ha Boema-kepe ba Pearl ha qeta matla a lebotho la leoatleng la Amerika Pacific, ka ntle ho lebotho la moeeng. Ka lihora tse ’maloa feela, litsi tse ling tsa sesole tsa U.S. tsa lebotho la moeeng li ile tsa hlaseloa ka libomo, litlhaselo tseo tsa siea karolo e fetang 50 lekholong ea lifofane tsa U.S. tsa Ntoa tsa Bochabela bo Hōle li sentsoe. Matsatsi a mararo hamorao, Japane ea futuhela Philippines, ea hapa Manila ka nako e ka tlaase ho khoeli hamorao, ’me ea laola Lihleke-hleke tsa Philippines mahareng a Motšeanong. Kapelenyana, Hong Kong, Burma, Java, Singapore, Thailand, Indochaena, British Malaya, Sumatra, Borneo, likarolo tsa New Guinea, Netherlands East Indies, le likarolo tsa lihleke-hleke tsa Pacific, tsa hapuoa ke Japane ka ho latellana. Ntoa e tsometsang joaloka letolo ea Asia e ne e tšoana hantle le ea Europa.
Ho ea bofelong ba 1942, ho ne ho le thata ho hlalosa kamoo tšabo e neng e rena kateng lefatšeng. Mantsoe a boprofeta a Jesu a ne a nepahetse haholo: “Lefatšeng lichaba li tla tsieleha, . . . batho ba tla nehela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng.”—Luka 21:25, 26.
Tlhaselo e Tsometsang ea Jeremane e-ea Nyopa
Khabareng, Jeremane le Itali li ne li ntse li atolosa bolaoli ba tsona Balkans. Ka la 6 ’Mesa, 1941, Hitler a romela masole a hae Yugoslavia le Greece. Ka nako e ka tlaase ho libeke tse peli, Yugoslavia ea oa, e lateloa ke Greece bohareng ba Motšeanong.
Khato e latelang ea Hitler e ile ea susumetsoa ke litakatso tse ngatanyana. O ne a ikemiselitse ho susumeletsa Engelane ho etsa khotso le eena. Ho ka etsahala hore o ne a ntse a batla ho thusa Japane, e neng e loantša masole a Soviet Chaena, e le hore e ka sitisa Amerika ho atamela. Kahoo, Hitler a lokisetsa masole a hae ho futuhela Soviet Union, naha eo e neng e le molekane oa hae ha a loantša Poland.
Balaoli ba Hitler ba khothalitsoeng ke kamoo ba ileng ba atleha kateng nakong e fetileng, ba nahana hore haeba ba ka futuha ka Phuptjane, linaha tsa Russia tsa Europa le Ukraine e ka ba tsa bona pele mariha a qala (karolong e ka leboea ea lefatše.) Kahoo, ka la 22 Phupjane, 1941, ba futuha. Ba hlasela ka tšohanyetso ho tloha tlhōlong e ’ngoe ho isa ho e ’ngoe. Ka makhetlo a mabeli ba teela lihlopha tse khōlō tsa masole a Soviet hare ’me ba hapa batšoaruoa ba ka holimo ho halofo ea millione. Leningrad ea bonahala e le haufi le ho hapuoa, ’me mathoasong a Tšitoe, masole a Jeremane a ne a habile ho kena meeling ea Moscow.
Leha ho le joalo. mariha a ne a atametse, ’me ka hona kemiso ea Hitler e ne siiloe ke nako. Leningrad le Moscow li ne li le matla. Masole a Soviet, ao joale a itlhomeletseng bocha a ne a loketse ho itšireletsa ka matla ntoeng ea mariha khahlanong le Jeremane, a khina tlhaselo e tsoelang pele ea Jeremane. Ha e le hantle, a qobella masole a Jeremane ho checha.
Lehlabuleng le latelang, Majeremane a hlasela hape. Phutuho ea oona e matla Stalingrad (eo joale e leng Volgograd) ea a tlisetsa timetso e mpe. Mathoasong a 1943 masole a Soviet a teela masole a Jeremane a mashome a likete a neng a tšepile ho hapa motse ’me a a qobella ho inehela. John Pimlott, morupeli e Moholo Sekolong se Phahameng sa Masole Sandhurst oa hlalosa: “Ebile ho hlōloa ho bohloko ha Majeremane le phetoho e khōlō ntoeng ea Meeli e ka Bochabela. Pele ho Stalingrad masole a Russia a ’nile a hlōloa; empa kamor’a eona a ile a hlōloa ka makhetlo a fokolang feela.”
Qetellong ea 1943, libaka tse khōlō tse etsang karolo tse peli ho tse tharo tse neng li hapiloe ke Majeremane lilemong tse peli tse fetileng li ile tsa khutlisoa. Tlhaselo e tsometsang ea Jeremane ea nyopa.
“Monty” o Lelekisa “Phokojoe ea Lefeella”
Ka 1912, Cyrenaica le Tripolitania (tseo joale e leng likarolo tsa naha ea Afrika Leboea ea Libya) li ile tsa fuoa Itali. Masole a Itali a 300 000 a neng a emisitsoe moo qetellong ea 1940 a fetoha tšoso e khōlō sesoleng se fokolang sa Brithani se leng Egepeta se lebetseng Leliboho la Suez. Ho qoba kotsi ena, masole a Brithani a qeta ka ho e lata letailana. Ea qetella ka tlhōlo ea pele e khōlō bakeng sa linaha tsa Europa tsa Selekane, ea hapa batšoaruoa ba mashome a likete le ho chechisa masole a Itali ka ho felletseng. Tlhōlo e ka be e bile khōlō haeba feela ka nako eo Greece e ne e sa ka ea amohela thuso ea Brithani ntoeng ea eona e sa atlehang khahlanong le linaha tsa Bompoli tse neng li e futuhetse. Ka nako eo, phutuho ea sesole Afrika Leboea ea khaotsa. Sena sa nea masole a Bompoli monyetla oa ho itlhophisa hape.
Masole a Jeremane tlas’a taolo ea Erwin Rommel, eo hamorao a tsebiloeng e le Phokojoe ea Lefeella, a atleha ho fetola bohale ba ntoa le ho fumana litlhōlo tse tiileng. Tlhōlo ea hae e khōlō e bile ka 1942, ha mathoasong a Phupu masole a hae a atamela Alamein, e lik’hilomithara tse 100 ho tloha Alexandria. Ntoa e tsometsang ea Afrika joale e ne e habile Egepeta le ho hapa Leliboho la Suez. Empa kamor’a hore masole a Brithani, tlas’a boetapele ba Molaoli Bernard Law Montgomery, a hlasele ka masole a tsamaeang ka maoto ka la 23 Mphalane, Rommel a qobelloa ho baleha. ’Me ka Pulungoana 1942 linaha tsa Europa tse loantšang Bompoli tsa atleha ho emisa masole a tsona Morocco le Algeria. Ka selemo se latelang ka Motšeanong, masole a Bompoli, a teetsoeng hare ke masole a ba lireng a neng a atamela ka bochabela le bophirimela, a ile a felloa ke tšepo ea ’ona ea ho laola Afrika Leboea.
Ho Tšela Pacific Boroa
Ka nako ea selemo ea 1942 Japane e ne e ka ikonka ka ’muso oa eona o neng o hōtse haholo. Empa morero oa linaha tsa Selekane, e ne e le ho amoha Japane libaka tsena, ho tšelisa masole a tsona lihleke-hleke tsa Pacific ho fihlela a kena hantle Japane. Letoto la lintoa tse sehlōhō tsa leoatleng la latela. Lihleke-hleke tse nyenyane tsa Pacific tse joaloka Saipan, Gaudalcanal, Iwo Jima, le Okinawa li ile tsa fetoha libaka tse mpe tsa litopo tse thuntsoeng le mabopo a tletseng ka mali. Ho hlōloa ho bile bohloko, le tlhōlo e ne e tletse tšabo ea se neng se tla latela.
Merero Bakeng sa Bokamoso
Ekasita leha ntoa e ne e ntse e loana, merero e ne e se e entsoe bakeng sa khotso. Ka mohlala, mahareng a 1942 makhotla a boemeli a 30 a ’muso oa U.S. a ne a sebelisetsoa merero ea kamor’a ntoa—empa e seng ka ntle ho tšabo kapa tebello e tšosang ea se tla etsahala. Joalokaha Churchill a hlalositse ka ho toba: “Mathata a tlhōlo a thabisa haholoanyane ho feta a ho hlōloa, empa ha a bonolo ho hang.”
Bothata bo boima haholo e ne e le ho fumana ntho e neng e tla nka sebaka sa Selekane sa Lichaba se feletsoeng ke mosebetsi. Ekasita leha batho ba bang ba ne ba belaela, Lipaki tsa Jehova li ne li kholisehile hore mohlahlami oa selekane o tla fumaneha. Puong e fanoeng kopanong ea tsona ea 1942, Cleveland, Ohio, sebui se itse: “Pele Armageddone e fihla, Mangolo a bontša hore khotso e tla ba teng. . . . Ba nahanang ka puso ea batho ka batho ba tšepa Linaha tse Kopaneng tsa lefatše, ‘lelapa la lichaba,’ ‘mokhatlo oa lefatše’ o theiloeng ho Machaba a Kopaneng.” Ha sebui se qolla boprofeteng ba Tšenolo 17:8, se buile ka tieo: “Mokhatlo oa lichaba tsa lefatše o tla ba teng hape.”
Empa na o ne o tla tlisa khotso e sa feleng? “Karabo ea Molimo ke, Che!” ho arabile sebui. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe khotso ea nakoana, e ne e tla amoheloa ka thabo. Lipaki tsa Jehova tse se nang tšabo ka bokamoso tsa qala ho etsa merero ea ho atolosa mosebetsi oa tsona oa ho bolela kapele kamor’a ntoa.
Ka 1942 tsa thea sekolo sa boromuoa ho koetlisa basebeletsi ba Bakreste bakeng sa bosebeletsi linaheng tse ling. Selemo se latelang lenaneo la ho koetlisa libui tsa phatlalatsa le ile la qalisoa ka sepheo sa ho hōlisa phutuho ea ho bokana phatlalatsa.
Ho ea bofelong ba 1943, lichaba li ne li ntse li tsielehile, li susumetsoa ke tšabo. Empa batho ka mahlakoreng ’ohle a ntoa, ba khathalitsoe ke ntoa, ba ne ba qala ho talima matšelisong a neng a tla fanoa ke lefatše kamor’a ntoa. Na e ne e tla ba “tokoloho tšabong” eo Roosevelt a buileng ka eona? Ka ho fapaneng, tšabo ea lefatše e ne e tla eketseha haholo! Ka ho makatsang, sona sesebelisoa se rorisitsoeng ke ba bangata e le thuso e tsoang ho Molimo bakeng sa ho qeta lilemo tsa ntoa, se ne se tla ba molato. Bala “Ntoa ea II ea Lefatše—Sehlōhō sa Eona le Qetello e Chesang ea Eona” tokollong ea rōna e latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lichaba tse neng li nahaneloa haholo bakeng sa lithuso tseo e ne e le Brithani le lichaba tse selekaneng le Brithani, leha ka ’Mesa oa selemo seo, thuso e ile ea atolosetsoa Chaena ’me ka Loetse Soviet. Qetellong ea ntoa, lithuso tse fihlang ho liranta tse limillione tse likete tse 102 tsa fuoa lichaba tse 38 tse fapaneng.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Lihlooho tse Ling tse Entsang Litaba
1941—Kopano ea babishopo ba Jeremane ba K’hatholike ba phatlalatsa ho tšehetsa ha eona ntoa khahlanong le Soviet Union
Ho sebelisoa ha gase e chefu ka lekhetlo la pele kampong ea mahloriso Auschwitz
1942—Bombay, India, li hlaseloa ke leholiotsoane le sekhohola; ha e-shoa ba 40 000
Ho kopanngoa ha pele ha likarolo tsa nuclear ho etsoa Univesithing ea Chicago
Kopano Wannsee e amohela qeto ea hore ho rinya Manazi e tla ba “tharollo ea ho qetela” bothateng ba Bajode
1943—Tšisinyeho ea lefatše Turkey e bolaea batho ba 1 800
Ba fetang limillione ba bolaoa ke tlala ea sekoboto Bengal
Lekhotla le Phahameng la U.S., le fetola qeto ea 1940, le ntša molao o reng ho lumelisoa ha folaga likolong ha se molao
Merusu pakeng tsa merabe litoropong tse khōlō tsa U.S.; ha shoa ba 35 Detroit ’me ba 1 000 ba tsoa kotsi
[Setšoantšo se Qanollang/’Mapa o leqepheng la 29]
Ho atoloha le likhapo tsa Japane ka 1942
Attu
Agattu
Kiska
Chaena
Manchuria
Korea
Japan
Burma
Thailand
Indochaena ea Mafora
Malaya
Sumatra
Borneo
Java
Netherlands New Guinea
NorthEast New Guinea
Australia
Lihleke-hleke tsa Gilbert
Lihleke-hleke tsa Marshall
Wake
Formosa
Philippines
Leoatle la Pacific
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Lichaba bohlokong ba ntoa
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Lifoto tsa ntoa tsa US.