Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 8/1 maq. 30-31
  • Ho Tloha Tseleng e Isang Lefung ho Tla Tseleng e Isang Bophelong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tloha Tseleng e Isang Lefung ho Tla Tseleng e Isang Bophelong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Sebelisa Lithethefatsi?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
  • Ntho e Bohloko ho Feta—AIDS
    Tsoha!—1990
  • Matla a Hloekisang a Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 8/1 maq. 30-31

Ho Tloha Tseleng e Isang Lefung ho Tla Tseleng e Isang Bophelong

KA LILEMO tse ngata bophelo ba ka bo ne bo behiloe kotsing ke ho lemalla ha ka lithethefatsi. Ke ile ka qala ka lithethefatsi tse bonolo ’me ka qetella ke sebelisa tse thata, tse kang LSD. Lithethefatsi li ne li emela tokoloho mathateng a mefuta eohle a botho le a tulisano. Ka masoabi, ke ile ka khothalletsa bacha ba bang ho tsamaea le ’na tseleng e isang lefung.

Kaha ke ne ke tsejoa ke le morekisi oa lithethefatsi, ke ne ke ntse ke batloa ke mapolesa. Ke tlameha ho lumela hore ke ne ke tšohile, hobane ke ne ke tseba hore ho tšoaroa ho ne ho tla bolela lilemo teronkong. Le hoja ke ne ke lula ke le tsietsing, hoo ho ne ho sa lekana ho etsa hore ke fetole litsela tsa ka.

Batsoali ba ka ba ile ba leka ho nthusa ka ho nkisa lehaeng la batho ba mafu a kelello bakeng sa phekolo. Ho ne ho tšeptjoa hore meriana le phekolo e fumanoang moo e ne e tla rarolla bothata ba ka, empa hang ha ke e-tsoa, batsoali ba ka ba ile ba hlokomela hore esita le phekolo ea meriana e ne e ke ke ea mphetola. Ba ile ba leka ho nthusa ka ho eketsehileng ka ho lokisetsa hore ke buisane le moruti. Sena le sona ha sea ka sa sebetsa. Ke ile ka tsuba matekoane ’me ka noella ka pel’a hae, joalokaha eka o ne a le sieo moo. Ke ne ke mpa ke sa batle ho fetoha!

Kharebe ea ka, Oriana, e ne e hloile ka matla tsela eo ke phelang ka eona, ’me ke ne ke sa batle ha e ka ntlohela. Ha ke talimane le hoo, hona ho ile ha bonahala e le tšusumetso e ntle ea ho tlisa phetoho. Empa, ho e-na le hoo, ke ile ka ntšetsa pele mokhoa oa ka oa lithethefatsi ka sekhukhu. Ke ile ka etsa hore Oriana a lumele hore kea kula. Ka potlako ke ile ka hla ka fetoha sekatana sa motho. Ke ne ke lula ke ntse ke itšepisa hore ke tla tlohela, hore ke ne ke tla ho khona, empa ho ne ho se thuso. Ke ne ke ntse ke kenella hare feela tseleng e isang lefung.

Kaha ke ne ke batla ho nyala Oriana kapele kamoo nka khonang, re ile ra buisana le motho ea khabisang matlo ka hare hore a tl’o etsa mosebetsi o itseng ntlong ea rōna. Mosali oa hae e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me o ile a buisana le rōna ka tumelo ea hae. Pele moqoqo o ile oa khahla Oriana ka ho tebileng ho mpheta, empa ha o ntse o tsoela pele, ke ile ka hlokomela hore Lipaki tsa Jehova li lumela ka tieo hore haufinyane Molimo o tla etsa hore lefatše lena e be paradeise le hore batho ba tla phela mona ka ho sa feleng ka khotso.

Ke ne ke batla ho iphumanela ka bonna hore na ke ’nete hore “esita le hona joale Lipaki tsa Jehova li bontša lerato le tlhompho e mong ho e mong,” joalokaha ’mè eo a ne a boletse. Kahoo ’na le Oriana re ile ra ea Holong ea ’Muso. Ke ile ka ikutloa ke le lihlong ka baka la moriri oa ka o molelele le liphahlo tsa ka tse bohlasoa, empa Lipaki li ile tsa re amohela ka tsela e ileng ea etsa hore ke ikutloe ke phutholohile hang feela. Ke ne ke ikutloa hore nka li tšepa. Ho ne ho hlakile hore lerato le tlhompho ea sebele tse neng li bontšoa e mong ho e mong e ne e se e ntse e le ntho ea sebele ho bona.

Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, ke ile ka qala ho kopanela ka mehla libokeng tsa Bokreste, ’me ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka kuta moriri oa ka ’me ka fetola tsela eo ke aparang ka eona, ’me ka boiteko bo boholo, ke ile ka khona ho tlohela ho tsuba le ho sebelisa lithethefatsi. (2 Ba-Korinthe 7:1) Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le bothata bo bong bo tebileng bophelong ba ka. Ke sa hlokomele, ke ne ke fetohile lekhoba la tahi. Ha ke ne ke noele, ke ne ke kena khathatsong. Ke ne ke pheha khang le batho ke bile ke boulela Oriana haholo. Ke ile ka oela boemong ba ho hloka thabo ka ho tebileng. (Liproverbia 23:29-35) Ke ile ka etsa boiteko ba ho tlohela mokhoa oo, ’me ka thuso ea Jehova, matla a thapelo, le thuso ea baena ba Bakreste, ke ile ka khona ho fothola mokhoa ona o mobe bophelong ba ka.

’Na le mosali oa ka re ile ra kolobetsoa ka la 23 Phato, 1974. Ka thuso ea ’nete, joale bophelo ba rōna bo ne bo e-na le seo bo se bolelang. Kaha ke ile ka boela ka iphumanela seriti, ke ile ka hlonepshoa mosebetsing. ’Na le mosali oa ka ka bobeli re ne re fumana chelete e ngata, empa joale re ile ra hlokomela hore re ne re e-na le nako e fokolang bakeng sa tšebeletso ea rōna e halalelang. Haeba re ne re batla ho thabela kamano e haufi-ufi le Jehova, re ne re tla lokela ho etsa liphetoho bophelong ba rōna. Ho seng joalo, ho ne ho e-na le kotsi ea hore lerato la rōna la pele bakeng sa ’nete le ne le tla fola. Kahoo ka 1979 re ile ra qala ho bula maliboho, ra inehela ka botlalo mosebetsing oa ho bolela.

Ke hobane’ng ha ke ile ka etsa qeto ee? Koana, nka be ke le kae kajeno hoja ha kea ka ka fumana leseli la ’nete? Ba neng ba tsamaea le ’na tseleng e isang lefung hona joale ke makhoba a tahi kapa ha ba sa na malapa kapa ba teronkong—kapa ba shoele. Empa, ke molaetsa oa Bibele o ileng oa ntokolla. Phekolo le boikemisetso ba ka bo matla ho hang li ne li sa lekana. Ho ne ho hlokahala tšusumetso e matla. Ho batla ho hlaolela botsoalle ba ’nete le Jehova, ’Mōpi, ho ile ha fana ka tšusumetso e joalo. Joale, takatso ea ka e tiileng ke ho etsa sohle seo nka se khonang ho thusa bao e leng makhoba a temalo ea lithethefatsi, haesita le ba hlokofatsoang kapa ba batlang tsela ea ho tsoa mathateng a bona. Ka ho kopanela ka mafolo-folo tšebeletsong ea Bokreste, ’na le mosali oa ka re entse sona seo. Re bile le tokelo ea ho thusa batho ba bangata ho tsamaea tseleng e isang bophelong. Ba bang ba bana ke batho ba bararo bao ’na ka seqo ke ileng ka ba ruta lithethefatsi. Hona joale ke sebeletsa ke le molebeli oa potoloho karolong e ka leboea ea Italy.

Ke ’nete: Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e tšoana le tsela e neng-neng e tla u lebisa lefung kapa bonyane bophelong bo sa khotsofatseng bo se nang bokamoso. Ke haelloa ke mantsoe a ho senola teboho ea ka ho Jehova Molimo! O mpontšitse tsela ea ho tsoa lefifing leo ke neng ke phela ho lona ’me o ntšupisitse tsela e isang bophelong, e tletseng khanya, e lebisang bokamosong bo sa feleng.—Joalokaha ho boletse Ruggero Polotti.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela