Khaolo 32
“Bohle ba Tla Tseba ka Hona Hore le Barutuoa ba Ka”
E NE e le Nisane 14, 33 C.E., bosiung ba ho qetela bophelong ba Jesu ba lefatšeng. O ne a tseba hore lefu la hae le atametse, empa o ne a sa nahane ka eena ka boeena. Ho e-na le hoo, o ile a sebelisa monyetla ona ho khothatsa barutuoa ba hae.
Jesu o ne a tseba hore lintho li ne li tla ba boima ka mor’a lefu la hae. Ba ne ba “tla hlouoa ke lichaba” ka lebaka la lebitso la hae. (Matt. 24:9) Satane o ne a tla leka ho ba arola le ho ba senya. (Luka 22:31) Ka lebaka la bokoenehi, Bakreste-’mōtoana ba ne ba tla hlaha kapele. (Matt. 13:24-30, 36-43) ’Me ‘lerato la ba bangata le ne le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo.’ (Matt. 24:12) Ho sena sohle, barutuoa ba hae ba ’nete ba ne ba tla momahanngoa ke’ng? Ka holim’a tsohle, lerato la bona ho Jehova le ne le tla sebeletsa e le tlamo e ba kopanyang. (Matt. 22:37, 38) Empa ba ne ba boetse ba tlameha ho ratana le ho etsa sena ka tsela e neng e tla ba khetholla lefatšeng ka kakaretso. (Ba-Kol. 3:14; 1 Joh. 4:20) Jesu o itse ke lerato la mofuta ofe le neng le tla khetholla balateli ba hae ba ’nete ka ho hlakileng?
Mantsiboeeng ao a ho qetela, Jesu o ile a ba fa taelo ena: “Ke le fa molao o mocha, hore le ratane; feela joalokaha ke le ratile, hore le lōna le ratane. Bohle ba tla tseba ka hona hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Joh. 13:34, 35, NW) Jesu o ile a bua ka lerato ka makhetlo a fetang 20 bosiung boo. Ka makhetlo a mararo o ile a bolela taelo ea hore ba “ratane.” (Joh. 15:12, 17) Ka ho hlakileng, Jesu o ne a sa nahana feela ka baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 ba neng ba na le eena mantsiboeeng ao empa le ba bang bohle bao qetellong ba neng ba tla amohela Bokreste ba ’nete. (Bapisa le Johanne 17:20, 21.) Taelo ea ho ratana e ne e tla tlama Bakreste ba ’nete “ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.”—Matt. 28:20.
Empa na Jesu o ne a bolela hore motho leha e le ofe kae kapa kae lefatšeng ea neng a bontša mosa le lerato ho oa habo o ne a tla khetholloa e le e mong oa barutuoa ba Jesu ba ’nete?
‘Ebang le Lerato Har’a Lōna’
Hona mantsiboeeng ao, Jesu o boetse a bua haholo ka bonngoe. O ile a bolella barutuoa ba hae: “Lulang bonngoeng le ’na.” (Joh. 15:4, NW) O ile a rapella hore balateli ba hae “ba be bang,” ’me a phaella, “joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na, ’me le ’na ke le bonngoeng le uena, hore le bona ba be bonngoeng le rōna.” (Joh. 17:21, NW) A nahanne ka taba e tšoanang o ile a ba laela: ‘Ebang le lerato har’a lōna.’ (Joh. 13:35, NW) Kahoo, lerato la bona le ne le ke ke la bontšoa feela ho metsoalle e ’maloa e haufi kapa phuthehong e le ’ngoe. Moapostola Petrose a pheta taelo ea Jesu, hamorao o ile a ngola: “E-bang le lerato bakeng sa mokhatlo ’ohle oa baena [kapa, ‘boena’].” (1 Pet. 2:17, Kingdom Interlinear; bapisa le 1 Petrose 5:9.) Kahoo e ne e tla ba boena bo atamelaneng, ba lefatše ka bophara. Bohle ka har’a lelapa la lefatše ka bophara la balumeli ba ne ba tšoaneloa ke lerato le khethehileng hobane ba ne ba tla nkoa e le baena le bo-khaitseli.
Lerato le joalo le ne le tla bonahala joang? Ke eng se neng se tla ikhetha, se arohe, ka lerato la bona e mong ho e mong hoo ba bang ba neng ba tla bona ho lona bopaki bo hlakileng ba Bokreste ba ’nete?
“Joale ka ha ke le Ratile”
Molao oa Molimo ho Iseraele lilemo tse fetang 1 500 pele Jesu a phela lefatšeng, o itse: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Lev. 19:18) Leha ho le joalo, lerato le joalo la moahisani e ne e se lerato le neng le tla khetholla balateli ba Jesu. Jesu o ne a nahanne ka lerato le neng le tla bolela ho fetang ho rata ba bang joalokaha motho a ithata.
Joalokaha Jesu a boletse, taelo ea ho ratana e ne e le “molao o mocha.” O ne o se mocha hobane e le oa moraonyana ho Molao oa Moshe, empa tabeng ea ho pharalla hoo lerato le neng le tla bontšoa ka hona. Jesu o ile a hlalosa hore ratanang “feela joalokaha ke le ratile.” (Joh. 13:34, NW) Lerato la hae bakeng sa barutuoa ba hae le ne le le matla, le sa fetohe. E ne e le lerato la boitelo. O ile a le bonahatsa ka ho ba etsetsa ho fetang feela liketso tse ’maloa tse molemo. O ile a ba fepa moeeng, ’me ha ho hlokahala, o ne a hlokomela litlhoko tsa bona tsa nama. (Matt. 15:32-38; Mar. 6:30-34) ’Me e le bopaki ba ho qetela ba lerato la hae, o ile a nehela bophelo ba hae bakeng sa bona.—Joh. 15:13.
Lena ke lerato le ikhethang leo “molao o mocha” o le hlokang, lerato leo balateli ba Jesu ba ’nete ba neng ba tla ba le lona e mong ho e mong. (1 Joh. 3:16) Kajeno ke bo-mang ba fanang ka bopaki bo hlakileng ba hore ba ikokobeletsa “molao o mocha”? Bopaki bo fanoeng pejana khatisong ena ntle ho pelaelo bo supa ho mokhatlo o le mong oa lefatše ka bophara oa Bakreste.
Ha ba tsejoe ka mofuta o khethehileng oa moaparo kapa ka mekhoa e sa tloaelehang ea bophelo, empa ba tsejoa ka katamelano e matla le e mofuthu eo ba nang le eona. Ba tsebahala ka ho bonahatsa lerato le tšelang mekoallo ea merabe le ea bochaba. Ba tsebahala ka ho hana ho loantšana esita leha lichaba tseo ba phelang ho tsona li ea ntoeng. Ba bang ba khahloa ke tsela eo ba thusanang ka eona linakong tsa mathata, joalokaha ho e-na le likoluoa tsa tlhaho kapa ha litho tse ling tsa boena ba bona li hlorisoa ka baka la ho boloka botšepehi ho Molimo. Ba ikemiselitse ho mamella bothata kapa ho thulana le kotsi e le ho thusa baena le bo-khaitseli ba bona bao Kreste a ba shoetseng. ’Me ba ikemiselitse ho shoelana. Lerato leo ba le bonahatsang lea ikhetha lefatšeng le tletseng boithati. Ke Lipaki tsa Jehova.a
Mohlala oa ho sebelisa lerato le joalo o ile oa bonoa ka mor’a Leholiotsoana Andrew, le ileng la ama lebopo la Florida, U.S.A., mesong ea ’Mantaha, August 24, 1992. Ha le fetile batho ba ka bang 250 000 ba ile ba sala ba se na mahae. Lipaki tsa Jehova li ne li le har’a mahlatsipa. Hang-hang Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se ile sa nka khato ka ho khetha komiti ea thuso ea liphallelo le ho lokisetsa hore ho be teng liphallelo. Balebeli ba Bakreste ba sebakeng se ileng sa angoa ke koluoa ka potlako ba ile ba ikopanya le Lipaki ka bomong ho bona seo li se hlokang le ho fana ka thuso. Hona hoseng hoo ha ’Mantaha, letsatsing leo la sefefo, Lipaki Carolina Boroa, e leng lik’hilomithara tse makholo ho tloha moo, li ile tsa romela teraka e laetseng lijenereithara, lisakha, le metsi a nooang. Ka Labobeli, baithaopi ba makholo ba tsoang ka ntle ho motse oo ba ile ba fihla ka nako e tšoanang le liphallelo ho tla thusa baena ba sebaka seo ho lokisa Liholo tsa ’Muso le mahae a bona. Mosali e mong eo e seng Paki ea neng a lula haufi le Holo ea ’Muso ha a bua ka boiteko bo ileng ba etsoa ka liphallelo, o itse: “Ruri e tlameha ebe lena ke lona lerato la Bokreste leo Bibele e buang ka lona.”
Na lerato le joalo le ne le tla fela ka mor’a ketso e le ’ngoe kapa tse peli tsa mosa? Na le ne le tla lebisoa feela ho batho ba morabe kapa bochaba bo le bong? Le hanyenyane! Ka lebaka la maemo a sa tsitsang a lipolotiki le a moruo Zaire, ka 1992 Lipaki tse fetang 1 200 li ile tsa lahleheloa ke mahae le thepa eohle ea tsona. Lipaki tse ling Zaire ka potlako li ile tsa li thusa. Le hoja le tsona li ne li e-na le mathata, li boetse tsa arolelana lintho le baphaphathehi ba keneng Zaire ba tsoa Sudan. Ka potlako, ho ile ha fihla liphallelo tse tsoang Afrika Boroa le Fora; li ne li kopanyelletsa phoofo ea koro, tlhapi, le meriana—e leng lintho tseo ba neng ba ka li sebelisa. Nako le nako, ho ile ha fanoa ka thuso, ho ea ka maemo. ’Me ha sena se ntse se etsahala, ho ne ho fanoa ka thuso e tšoanang linaheng tse ling tse ngata.
Leha ho le joalo, hore ebe Lipaki tsa Jehova li na le lerato le joalo ha ho etse hore li se tsotelle. Lia hlokomela hore, joaloka balateli ba Jesu Kreste, li tlameha ho tsoela pele li lebetse.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Khaolo 19, “Ho Hōla Hammoho Leratong.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 710]
Jesu o itse ke lerato la mofuta ofe le neng le tla khetholla balateli ba hae ba ’nete ka ho hlakileng?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 711]
E ne e tla ba boena bo atamelaneng, ba lefatše ka bophara
[Lebokose le leqepheng la 712]
“Lipaki Lia Hlokomelana—Ebile li Hlokomela le ba Bang”
Tlas’a sehlooho seo, “The Miami Herald” e ile ea tlaleha ka liphallelo tse entsoeng ke Lipaki tsa Jehova Florida Boroa ka mor’a tšenyo e bakiloeng ke Leholiotsoana Andrew ka August 1992. Sehlooho se ile sa re: “Homestead ha ho motho ea khahlellang Lipaki tsa Jehova mamati bekeng ena—esita le haeba ba ntse ba e-na le mamati ao ba ka a khahlelang. Lipaki tse ka bang 3 000 tsa baithaopi tse tsoang likarolong tsohle tsa naha li ile tsa kopana sebakeng se oetsoeng ke koluoa, lebaka la pele e le ho thusa ba habo tsona, le ho thusa batho ba bang. . . . Litone tse ka bang 150 tsa lijo le thepa li ile tsa tlosoa Holong ea Likopano ka bophirimela ho Setereke sa Broward ’me tsa isoa Liholong tse peli tsa ’Muso sebakeng sa Homestead. Ho tloha liholong tsena, lihlopha li ne li ikarola ho ea likarolong tse sa tšoaneng hoseng ho hong le ho hong ho ea lokisa matlo a senyehileng a baena ba Lipaki. . . . Kichine e nyenyane e ne e lokisetsa ka potlako lijo bakeng sa batho ba ka bang 1 500, hararo ka letsatsi. E ne e se feela lijo tse bobebe tse se nang phepo e kaalo. Baithaopi ba ne ba fuoa bohobe bo phehiloeng lapeng, ‘lasagna’ e phehiloeng lapeng, meroho e metala, sechu, liphaphatha le ‘French toast’—kaofela li phehiloe ka metsoako eo ho entsoeng monehelo ka eona.”—August 31, 1992, leqephe 15A.