Ho Ikhanyetsa ha Tertullian
‘NA HO na le ho tšoana pakeng tsa Mokreste le rafilosofi? pakeng tsa ea senyang ’nete le ea e tsosolosang ’me a e ruta? Ho na le tumellano efe pakeng tsa Sekolo sa Thuto e Phahameng le Kereke?’ Lipotso tsena tse fatang maikutlo li ile tsa botsoa ke Tertullian, mongoli oa lekholong la bobeli le la boraro la lilemo C.E. O ile a tsejoa ka hore ke “mohloli o mong o moholohali oa histori ea Kereke le ea lithuto tse neng li rutoa nakong ea hae.” O ne a batla a tseba sohle ka bophelo ba bolumeli.
Mohlomong Tertullian o ne a tsejoa haholo ka lipolelo tsa hae tse ikhanyetsang, kapa tseo ho bonahalang li sa lumellane, tse kang tsena: “Kahoo, Molimo o moholo ka ho khethehileng, empa ha e le hantle O monyenyane.” “[Lefu la Mor’a Molimo] le ka lumeloa ka hohle, kahobane ke ntho e se nang kelello.” “[Jesu] o ile a patoa, ’me a tsoha hape; taba ena ke ’nete, kahobane ha e khonehe.”
Ho ikhanyetsa ha Tertullian ha ho felle feela ka lipolelo tsa hae. Le hoja morero oa hae e ne e le hore lingoliloeng tsa hae li sireletse ’nete le ho phahamisa botšepehi ba kereke le lithuto tsa eona, ha e le hantle o sentse lithuto tsa ’nete. Tšusumetso ea hae e khōlō Bokreste-’mōtoaneng e bile khopolo eo bangoli ba morao ba ileng ba ntšetsa pele thuto ea Boraro-bo-bong ka eona. E le hore re tsebe hore na sena se ile sa etsahala joang, a re hlahlobeng lintlha li se kae feela ka Tertullian.
“Ke Rametlae”
Ho tsejoa ho honyenyane ka bophelo ba Tertullian. Litsebi tse ngata li lumellana hore o hlahetse Carthage, Afrika Leboea, hoo e ka bang ka 160 C.E. Ho hlakile hore o ne a rutehile ’me a tloaelane ka ho feletseng le lihlopha tse khōlō tsa bo-rafilosofi ba mehleng ea hae. Ho totobetse hore o ile a huleloa Bokresteng ke boikemisetso ba ho shoela tumelo ba ba neng ba ipolela hore ke Bakreste. O ile a botsa mabapi le ho shoela tumelo ha Bakreste: “Etsoe ke mang ea nahanang ka hona, ea sa thabeleng ho botsa hore na ho susumelletsoa ke’ng? ke mang eo ka mor’a ho botsa a sa amoheleng lithuto tsa rōna?”
Ka mor’a ho sokolohela ho seo e mpang e le Bokreste ka lebitso, Tertullian e ile ea e-ba mongoli ea hloahloa oa lipolelo tse tobileng le tse bohlale. Buka ea The Fathers of the Church e re: “[O] ne a e-na le bokhoni bo fumanoang seoelo ho baruti ba thuto ea bolumeli. Ke rametlae.” Setsebi se seng se ile sa re: “Tertullian o ne a e-na le neo ea mantsoe eseng lipolelo ’me ho bonolo haholo ho utloisisa lipuo tsa hae tse mano eseng mabaka a hae. Mohlomong ke ka lebaka leo ho qotsoang litaba tsa hae hangata empa li sa qotsoe halelele.”
O Sireletsa Bokreste
Buka e tsejoang haholo ea Tertullian ke Apology, eo ho nkoang hore ke buka e matla ka ho fetisisa e sireletsang Bokreste ka lebitso. E ngotsoe nakong eo ka eona Bakreste ba neng ba atisa ho hlaseloa ke matšoele a lumelang litumela-khoela. Tertullian o ile a sireletsa Bakreste bana ’me a hanyetsa tšoaro ea bona e se nang kelello. O ile a re: “[Bahanyetsi] ba nka hore Bakreste ke sesosa sa koluoa e ’ngoe le e ’ngoe ea sechaba le bomalimabe bo bong le bo bong ba batho. . . . Ha Nōka ea Nile e sa je litlhokoa, ha boemo ba leholimo bo sa fetohe, ha ho e-na le tšisinyeho ea lefatše, tlala ea sekoboto, lefu la seoa—hang-hang ho utloahala mohoo: ‘Lahlelang Bakreste ka har’a litau!’”
Le hoja hangata Bakreste ba ne ba qosoa ka hore ke mahlabaphio, Tertullian o ne a leka ho bontša hore ha e le hantle ke baahi ba tšepahalang ka ho fetisisa ’Musong. Ka mor’a ho hlokomelisa ka liteko tse ngata tsa ho liha ’muso, o ile a hopotsa lira tsa hae hore ha e le hantle, ba rerang bolotsana ke bahetene, eseng Bakreste. Tertullian o ile a bontša hore ha Bakreste ba bolaoa, Naha ke eona e hlileng e lahleheloang.
Lingoliloeng tse ling tsa Tertullian li ne li bua ka bophelo ba Bokreste. Ka mohlala, tšenolong ea hae ho On the Shows, Tertullian o lemosa khahlanong le ho ea libakeng tse itseng tsa boithabiso, lipapaling tsa bohetene le liketsahalong tsa mabaleng a boithabiso. Ho totobetse hore ho ne ho e-na le basokolohi ba bacha ba neng ba bona ho se phoso ho ea thutong ea Bibele ’me ka mor’a moo ba e-ea lipapaling tsa bohetene. Ha Tertullian a leka ho tsosa monahano oa bona, o ile a ngola a re: “Ke ntho e mpe hakaakang ho tloha kerekeng ea Molimo ho ea kerekeng ea diabolose—ho tloha linthong tsa moea ho ea mesebetsing ea bophoofolo.” O ile a re: “Seo u se hanang ka liketso, u ke ke ua se amohela ka lipolelo.”
O Senya ’Nete ha a Ntse a e Sireletsa
Tertullian o qalile moqoqo oa hae o bitsoang Against Praxeas ka ho re: “Diabolose o hanyelitse a ba a thibela ’nete ka litsela tse sa tšoaneng. Ka linako tse ling sepheo sa hae e bile ho senya ’nete ka ho e sireletsa.” Monna enoa ea bitsoang Praxeas moqoqong ona, ha a tsejoe hantle, empa Tertullian o ile a belaella lithuto tsa hae mabapi le Molimo le Kreste. O ne a nka hore Praxeas ke mohlanka oa Satane ea lekang ho senya Bokreste ka sekhukhu.
Ka nako eo, khang e tebileng har’a Bakreste ka lebitso e ne e le kamano pakeng tsa Molimo le Kreste. Bakreste ba bang, haholo-holo ba semelo sa Bagerike, ba ne ba thatafalloa ke ho nyalanya tumelo ho Molimo a le mong le karolo ea Jesu e le Mopholosi le Molopolli. Praxeas o ile a leka ho rarolla bothata ba bona ka ho ruta hore Jesu ke Ntate ka sebōpeho se seng le hore ha ho na phapang pakeng tsa Ntate le Mora. Khopolo ena e bolela hore Molimo o itšenotse “e le Ntate Pōpong leha a fana ka Molao, e le Mora ho Jesu Kreste, hape e le Moea o Halalelang ka mor’a nyolohelo ea Kreste.”
Tertullian o ile a bontša hore Mangolo a khetholla ka ho hlaka pakeng tsa Ntate le Mora. Ka mor’a ho qotsa 1 Bakorinthe 15:27, 28, o ile a re: “Ea ileng a beha (lintho tsohle) tlaase, le Eo li ileng tsa behoa tlas’a hae—e tlameha e be Batho ba babeli ba sa tšoaneng.” Tertullian o ile a hlokomelisa ka mantsoe a Jesu a reng: “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28) O ile a sebelisa likarolo tsa Mangolo a Seheberu, a kang Pesaleme ea 8:5, ho bontša kamoo Bibele e hlalosang “bonyenyane” ba Mora kateng. Tertullian o ile a etsa qeto ena: “Kahoo, Ntate ha a tšoane le Mora, kaha o moholo ho Mora. Feela joalokaha Ea hlahisang a le mong, le Ea hlahisoang o mong; Ea romang, le eena o mong, le Ea rongoang o mong; hape, Ea etsang o mong, ’me Eo ntho e etsoang ka eena ke e mong.”
Tertullian o ne a nka hore Mora o ka tlaase ho Ntate. Leha ho le joalo, ha a leka ho hanyetsa khopolo ea hore ha ho na phapang pakeng tsa Ntate le Mora o ile a “fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng.” (1 Bakorinthe 4:6) Ha Tertullian a batla ho paka bomolimo ba Jesu ka khopolo e ’ngoe, o ile a qala molao oa “boleng bo le bong bathong ba bararo.” O ile a sebelisa khopolo ena ho leka ho bontša hore Molimo, Mora oa hae, le moea o halalelang ke batho ba bararo ba khethehileng ho molimo a le mong. Kahoo, Tertullian ke eena ea qalileng ho sebelisa lentsoe la Selatine la “boraro-bo-bong” ho Ntate, Mora le moea o halalelang.
Hlokomela Filosofi ea Lefatše
Tertullian o ile a khona joang ho qapa khopolo ea “boleng bo le bong bathong ba bararo”? Karabo e fumanoa ho ikhanyetseng ho hong ha monna enoa—e leng maikutlo a hae ka filosofi. Tertullian o ne a bitsa filosofi “‘lithuto’ tsa batho le ‘tsa bademona.’” O ile a hanyetsa pepenene hore ho sebelisoe filosofi ho tšehetsa linnete tsa Bokreste. O ile a re: “Qobang boiteko bohle ba ho hlahisa Bokreste bo senyehileng bo qapiloeng ke Bastoike, Plato le ba sebelisang mokhoa oa ho batla likarabo ka ho tšohla mabaka.” Empa, Tertullian ka boeena o ne a sebelisa filosofi ea lefatše haholo ha e lumellana le maikutlo a hae.—Bakolose 2:8.
Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Thuto ea bolumeli ea boraro-bo-bong e ne e hloka ho tšehetsoa ke maikutlo a Bagerike hore e tsoele pele le hore e hlalosoe.” Buka ea The Theology of Tertullian e re: “Tertullian o ile a sebelisa ka hloko maikutlo le mantsoe a molao le a filosofi ’me a nolofalloa ke ho hlahisa thuto ea boraro-bo-bong ka sebōpeho seo ka sona, le hoja e ne e sa utloahale ebile e sa phethahala, e ileng ea e-ba le motheo oa hore hamorao e hlahisoe Sebokeng sa Nicaea.” Kahoo, molao oa Tertullian oa batho ba bararo ba etsang boleng bo le bong o ile oa phetha karolo e khōlō ho jaleng phoso ea bolumeli hohle ka har’a Bokreste-’mōtoana.
Tertullian o ile a qosa ba bang ka ho senya ’nete ha ba ntse ba leka ho e sireletsa. Leha ho le joalo, ho ikhanyetsa ho bonahala ka hore o ile a tsoaka ’nete ea Bibele e bululetsoeng ke Molimo le filosofi ea batho, ’me a oela lerabeng le tšoanang. Ka lebaka leo, a re nkeng ka botebo temoso ea Mangolo e khahlanong le ho “ela hloko lipolelo tse bululetsoeng tse khelosang le lithuto tsa bademona.”—1 Timothea 4:1.
[Litšoantšo tse leqepheng la 29, 30]
Tertullian o ne a nyatsa filosofi empa o ile a e sebelisetsa ho ntšetsa maikutlo a hae pele
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pages 29 and 30: © Cliché Bibliothèque nationale de France, Paris
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Bakreste ba ’nete ba qoba ho tsoaka ’nete ea Bibele le filosofi ea batho