Na Kereke ea Pele e ne e Ruta Hore Molimo ke Boraro-bo-Bong?
Karolo 3—Na Baloaneli ba Tumelo ba Kile ba Ruta Thuto ea Boraro-bo-bong?
Litokollong tsa ’ona tsa November 1, 1991, le February 1, 1992, Molula-Qhooa o ile oa bontša hore thuto ea Boraro-bo-bong ha e-ea ka ea rutoa ke Jesu le barutuoa ba hae leha e le Bo-ntate ba Kereke ba qetellong ea lekholo la pele la lilemo le qalong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E. Na hamorao lekholong la bobeli la lilemo banna ba kereke ba ile ba e ruta?
HO TLOHA bohareng ba lekholo la bobeli la Mehla ea rōna e Tloaelehileng ho isa bofelong ba lona, ho ile ha hlaha banna ba kereke bao kajeno ba bitsoang Babuelli ba Tumelo. Ho na le seo ba ileng ba se ngola ka morero oa ho sireletsa Bokreste boo ba neng ba bo tseba khahlanong le lifilosofi tse matla tse neng li atile lefatšeng la Roma la nako eo. Libuka tsa bona li ile tsa hlaha ho ea qetellong, le ka mor’a hore, lingoliloeng tsa Bo-ntate ba Kereke li ngoloe.
Har’a Babuelli ba Tumelo ba ileng ba ngola ka Segerike ho na le Justin Martyr, Tatian, Athenagoras, Theophilus, le Clement oa Alexandria. Tertullian e ne e le ’Muelli oa Tumelo ea ileng a ngola ka Selatine. Na ba ile ba ruta thuto ea kajeno ea Boraro-bo-bong ba Bokreste-’motoana—batho ba bararo ba lekanang (Ntate, Mora, le Moea o Halalelang) ho Molimo o le mong, e mong le e mong e le Molimo oa ’nete, leha ho le joalo e se Melimo e meraro empa e le Molimo o le mong?
“Mora ke Mohlanka”
Bukeng ea hae A Short History of the Early Church, Dr. H. R. Boer, o bua ka moko-taba oa thuto ea Babuelli ba Tumelo:
“Justin [Martyr] o ile a ruta hore pele lefatše le bōptjoa Molimo o ne o le mong le hore Mora o ne a le sieo. . . . Ha Molimo o batla ho bōpa lefatše, . . . o ile oa tsoala sebōpuoa se seng se nang le bomolimo e le hore se ka o bōpela lefatše. Sebōpuoa sena se nang le bomolimo se ne se bitsoa . . . Mora hobane se ne se tsoetsoe; se ile sa bitsoa Logos hobane se ile sa nkoa Bohlaleng kapa Kelellong ea Molimo. . . .
“Ka hona Justin le Babuelli ba bang ba Tumelo ba ile ba ruta hore Mora ke sebōpuoa. Ke sebōpuoa se phahameng, sebōpuoa se matla a lekaneng hore se ka bōpa lefatše empa, leha ho le joalo, ke sebōpuoa. Thutong ea bolumeli kamano ena ea Mora le Ntate e bitsoa bohlanka. Mora ke mohlanka, ke hore, o hlahlama, o itšetlehile ka, ebile o hlahisitsoe ke Ntate. Babuelli ba Tumelo ba ne ba buella bohlanka.”1
Bukeng The Formation of Christian Dogma, Dr. Martin Werner ha a bua ka kutloisiso ea pele ea kamano ea Mora le Molimo o re:
“Ntle ho pelaelo, ho ne ho utloisisoa hore kamano eo ke ea ‘bohlanka’, ke hore ka kutloisiso ea hore Kreste ke mohlanka oa Molimo. Kae kapa kae ka Testamenteng e Ncha ha ho tšohloa kamano ea Jesu le Molimo, Ntate, . . . ho nahanoa hore e oela bohlankeng le ho bo emela. ’Me ho ea ka tlaleho ea Likosepele, ’muelli oa sehlooho oa bohlanka Testamenteng e Ncha, ke Jesu ka boeena . . . Boemo bona ba qalong, kaha bo ne bo tiile ’me bo hlakile, bo ile ba khona ho ba teng ka nako e telele. ‘Litsebi tsohle tse khōlō tsa thuto ea bolumeli tsa pele ho seboka se ileng sa tšoareloa Nicea li ne li emela bohlanka ba Logos ho Molimo.’”2
Tumellanong le sena, R. P. C. Hanson, ho The Search for the Christian Doctrine of God, o re:
“Kerekeng ea Bochabela kapa ea Bophirimela pele ho Khang e khōlō ea Arian [lekholong la bonè la lilemo], ho ne ho se setsebi sa thuto ea bolumeli se sa nkeng Mora e le mohlanka oa Ntate.”3
Dr. Alvan Lamson, ho The Church of the First Three Centuries, o tlatsetsa bopaking bona bo mabapi le thuto ea baeta-pele ba kereke ba pele ho Seboka sa Nicaea (325 C.E.):
“Taba ea hore Mora ke ea tlaasana e ile ea tiisoa ke ba bangata ho Bo-ntate ba seboka sa Nicaea, haeba e ne e se bona kaofela . . . Taba ea hore ba ne ba nka Mora a arohile ho Ntate e hlakisoa ke hore ba tiisa pepenene hore ke ea tlaasana. . . . Ba ne ba mo nka a arohile ebile e le mohlanka.”4
Ka ho tšoanang, Robert M. Grant, bukeng Gods and the One God, o bolela sena ka Babuelli ba Tumelo:
“Tlhaloso ea babuelli ba tumelo ea mosebetsi oa Jesu, ho tšoana le Testamente e Ncha, haholo-holo e buella bohlanka. Ka linako tsohle Mora ke mohlanka oa Ntate, e leng Molimo o le mong oa Testamente ea Khale. . . . Ka hona, seo re se fumanang ho bangoli bana ba pele, hase thuto ea Boraro-bo-bong . . . Pele ho Nicaea, thuto ea bolumeli ea Bokreste ka kakaretso e ne e buella bohlanka.”5
Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana bo ruta hore Mora o lekana le Molimo Ntate ka ho hloka qalo le qetello, ka matla, boemo, le bohlale. Empa Babuelli ba Tumelo ba ne ba bolela hore Mora o ne a sa lekane le Molimo Ntate. Ba ne ba nka Mora e le mohlanka. Ena hase thuto ea Boraro-bo-bong.
Ho Bonahatsa Thuto ea Lekholong la Pele la Lilemo
Babuelli ba Tumelo le Bo-ntate ba bang ba Kereke ba ne ba bonahatsa ka tekanyo e khōlō se neng se rutoa ke Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ka kamano ea Ntate le Mora. Hlokomela kamoo sena se hlalositsoeng ka teng bukeng The Formation of Christian Dogma:
“Mehleng ea pele ea Bokreste ho ne ho se letšoao la bothata ba mofuta leha e le ofe kapa khang mabapi le Boraro-bo-bong, joalokaha hamorao e ile ea hlahisa likhohlano tse matla ka Kerekeng. Ha ho pelaelo ea hore lebaka la sena ke hore, Bokresteng ba Pele, Kreste e ne e le . . . sebōpuoa sa lefatše la mangeloi le phahameng la leholimo, se ileng sa bōptjoa le ho khethoa ke Molimo bakeng sa mosebetsi oa ho tlisa, qetellong ea mehla, . . . ’Muso oa Molimo.”6
Hape, mabapi le thuto ea Bo-ntate ba pele ba Kereke, The International Standard Bible Encyclopedia ea lumela:
“Khopolong ea pele ea Kereke ha ho buuoa ka Molimo Ntate ke ho tloaelehileng ho utloisisa hore ke Oa pele, empa eseng tabeng ea ho ba Ntate oa Jesu Kreste, empa joaloka mohloli oa libōpuoa tsohle. Kahoo, Molimo Ntate, kamoo ho bonahalang ka teng, ke ea phahameng. O loketsoe ke litlhaloso tse kang ea se nang qalo, ea sa shoeng, ea sa fetoheng, ea ke keng a hlalosoa, ea sa bonahaleng, le ea sa bōptjoang. Ke eena ea entseng lintho tsohle, ho kopanyelletsa le tsona lisebelisoa tsa pōpo, ka lintho tse neng li e-s’o be teng. . . .
“Ho ka ’na ha bonahala eka sena se bontša hore ke Ntate feela eo ka ho loketseng e leng Molimo ’me Mora le Moea ba boemong bo tlaasana. Ho bonahala hore libuka tse ngata tsa pele li tšehetsa sena.”7
Le hoja buka ena ea boitsebiso e tsoela pele ho nyenyefatsa linnete tsena ’me e bolela hore thuto ea Boraro-bo-bong e ne e amoheloa nakong eo ea pele, linnete li hanana li seo. Nahana mantsoe a setsebi sa thuto ea bolumeli sa Mok’hatholike se tsebahalang John Henry Cardinal Newman:
“A re lumele hore lithuto tsena kaofela, tse buang ka Morena oa rōna, ka mokhoa o sa fetoheng le o tšoanang tse neng li rutoa ke Kereke ea Pele ke ’nete . . . Empa ruri ha ho joalo tabeng ea thuto ea K’hatholike ea Boraro-bo-bong. Ha ke bone hore na ho ka boleloa joang hore ho na le tumellano ho [baeta-pele ba kereke] ea pele tabeng ena . . .
“Melao ea linako tseo tsa pele ho hang ha e bue . . . ka [Boraro-bo-bong]. Ke ’nete hore e bua ka batho ba Bararo; empa hore ho na le sephiri thutong eo, hore batho bana ba bararo ke motho a le mong, hore baa lekana, ha ba na qalo le qetello, ha baa bōptjoa, ba matla ’ohle, ba phahametse kutloisiso ea motho, ha hoa ngoloa, ’me ha ho mohla ho kileng ha fumanoa ho eona.”8
Se Rutiloeng ke Justin Martyr
E mong oa Babuelli ba pele ba Tumelo ke Justin Martyr, ea phetseng ho tloha ka hoo e ka bang ka 110 ho ea ho 165 C.E. Ha ho le se seng sa lingoliloeng tsa hae tse leng teng se buang ka batho ba bararo ba lekanang ba etsang Molimo o le mong.
Ka mohlala, ho ea ka Jerusalem Bible ea K’hatholike, Liproverbia 8:22-30 e re ka Jesu pele e e-ba motho: “Yahweh o mpōpile ha morero oa hae o ne o qala ho senoleha, pele ho mesebetsi ea hae ea boholo-holo. . . . Boliba bo ne bo le sieo, ha ke tsoaloa . . . Ke tsoetsoe pele ho maralla . . . Ke ne ke le lehlakoreng la hae [la Molimo], setsebi sa mosebetsi oa matsoho.” Ha a bua ka litemana tsena, ho Dialogue With Trypho ea hae Justin o re:
“Lengolo le phatlalalitse hore Ngoana enoa o tsoetsoe ke Ntate pele lintho tsohle li bōptjoa; ’me ka ho utloahalang se tsoalang se arohile ho se tsoetsoeng, e mong le e mong o tla lumela.”9
Kaha Mora o tsoetsoe ke Molimo, Justin o hlile o sebelisa polelo “Molimo” ha a bua ka Mora. Ho First Apology ea hae o re: “Ntate oa bokahohle o na le Mora; eo le eena e leng Molimo, kaha ke Lentsoe la Molimo le tsoetsoeng pele.”10 Bibele e boetse e bitsa Mora oa Molimo ka tlotla “Molimo.” Ho Esaia 9:6 o bitsoa “Molimo o matla.” Hape ka Bibeleng, mangeloi, batho, melimo ea bohata, le Satane ba bitsoa “melimo.” (Mangeloi: Pesaleme ea 8:5; bapisa le Ba-Heberu 2:6, 7. Batho: Pesaleme ea 82:6. Melimo ea bohata: Exoda 12:12; 1 Ba-Korinthe 8:5. Satane: 2 Ba-Korinthe 4:4.) Mangolong a Seheberu, lentsoe le bolelang “Molimo,” ʼEl, ka ho bonolo feela le bolela “Ea Matla” kapa “Senatla.” Le tšoanang le lona Mangolong a Segerike ke the·osʹ.
Ho feta moo, lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng ho Esaia 9:6 le bontša ho aroha ho tobileng pakeng tsa Mora le Molimo. Temaneng ena Mora o bitsoa “Molimo o matla”, ʼEl Gib·bohrʹ, e seng “Molimo o Matla ’Ohle.” Lentsoe lena ka Seheberu ke ʼEl Shad·daiʹ ’me ka ho khetheha le sebetsa ho Jehova Molimo.
Leha ho le joalo, hlokomela hore, le hoja Justin a bitsa Mora “Molimo,” ha ho mohla a bolelang hore Mora ke e mong oa batho ba bararo ba lekanang, eo ka mong oa bona e leng Molimo empa ha ba le bararo ba etsa Molimo o le mong feela. Ho e-na le hoo, ho Dialogue With Trypho o re:
“Ho na le . . . Molimo o le mong le Morena [Jesu pele e e-ba motho] o ikokobelelitseng Moetsi oa lintho tsohle [Molimo o Matla ’Ohle]; oo [Mora] le oona o bitsoang Lengeloi, hobane O [Mora] bolella batho sohle seo Moetsi oa lintho tsohle—eo ho seng Molimo o mo phahametseng—a batlang ho ba bolella sona. . . .
“[Mora] o arohile ho Ea entseng lintho tsohle,—ka ho utloahalang, ke bolela hore, e seng [ka ho aroha] thatong.”11
Ho First Apology, ea Justin khaolo 6, ho na le serapa se thahasellisang moo a emelang Bakreste qosong e etsoang ke bahetene ea hore ba re Molimo ha o eo. Oa ngola:
“Re rapela le ho tlotlisa Eena [Molimo], le Mora (ea tsoileng ho Oona ’me a re ruta lintho tsena, le bongata ba mangeloi a mang a molemo a latelang Molimo le a entsoeng ka ho tšoana le Oona), le Moea oa boprofeta.”12
Mofetoleli oa serapa sena, Bernhard Lohse, oa hlalosa: “Joaloka hoja ho ne ho sa lekana hore ebe mangeloi ana a se nang palo a boleloa e le libōpuoa tse hlomphuoang le ho rapeloa ke Bakreste, Justin ha a tsila-tsile ho bua ka mangeloi pele a bua ka Moea o Halalelang.”13—Bona hape An Essay on the Development of Christian Doctrine.14
Ka hona, le hoja ho bonahala eka Justin Martyr o khelohile thutong e hloekileng ea Bibele tabeng ea hore na ke mang ea lokelang ho rapeloa ke Bakreste, ka ho hlakileng ha a ka a nka Mora a lekana le Ntate, joalokaha le mangeloi a sa lekane le Eena. Mabapi le Justin, re boela re qotsa Church of the First Three Centuries ea Lamson:
“Justin o ne a nka Mora a arohile ho Molimo, ’me a le boemong bo tlaasana ho ba oona: a sa aroha ka kutloisiso ea hona joale, ea hore ke e mong oa batho ba bararo, . . . empa a arohile ka boleng le botho; a le teng ka sebele, ka boleng, a ikemetse, a arohile ho Molimo, oo a fumaneng matla le litlotla tsohle tsa hae ho oona; ea hlomamisitsoeng ka tlas’a oona, eo linthong tsohle a ikokobeletsang ho etsa thato ea oona. Ntate o phahame ka ho fetisisa; Mora ke mohlanka: Ntate ke eena mohloli oa matla; Mora oa a amohela: Ntate oa hlahisa; Mora, e leng mosebeletsi oa hae kapa sesebelisoa, oa phethahatsa. Ba babeli, empa, baa lumellana, kapa thato ea bona e ’ngoe; ka mehla thato ea Ntate e ka holimo ho ea Mora.”15
Ho ekeletsa moo, ha ho kae kapa kae moo Justin a bolelang hore moea o halalelang ke motho ea lekanang le Ntate le Mora. Kahoo, ha ho tsela eo ka eona ho ka boleloang hore Justin o ile a ruta thuto ea kajeno ea Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana.
Se Rutiloeng ke Clement
Clement oa Alexandria (c. 150 ho ea ho 215 C.E.) le eena o bitsa Mora “Molimo.” O bile o ’mitsa “’Mōpi,” e leng lebitso ka Bibeleng leo ho seng mohla le kileng la sebelisoa ho Jesu. Na o ne a bolela hore Mora o lekana le ’Mōpi ea matla ’ohle ka litsela tsohle? Che. Ka ho totobetseng Clement o ne a bua ka Johanne 1:3, moo ho thoeng ka Mora: “Lintho tsohle li entsoe ke lona.”16 Molimo o ile oa sebelisa Mora hore a o etsetse mesebetsi ea oona ea pōpo.—Ba-Kolosse 1:15-17.
Clement o bitsa Molimo o Phahameng “Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu”17 ’me o bolela hore “Morena ke Mora oa ’Mōpi.”18 O boetse o re: “Molimo oa bohle ke ’Mōpi ea mong feela ea molemo, ea nang le tōka, ’me Mora [o] ho Ntate.”19 Kahoo o ile a ngola hore Mora o na le Molimo o mo phahametseng.
Clement o bua ka Molimo e le “mofani a le mong le oa pele oa bophelo bo sa feleng, boo Mora, ea bo fumaneng ho Oona [Molimo], a re fang bona.”20 Ho hlakile hore Mofani oa pele oa bophelo bo sa feleng o phahametse eo, kamoo ho bonahalang ka teng, a bo fetisang. Ka hona, Clement o bolela hore Molimo ke “oa pele, le ea phahameng ka ho fetisisa.”21 Ho feta moo, o bolela hore Mora “o haufi le Eo e leng eena feela ea Matla ’Ohle” le hore Mora “o laola lintho tsohle tumellanong le thato ea Ntate oa hae.”22 Khafetsa Clement o bontša bophahamo ba Molimo o Matla ’Ohle ho Mora.
Ho The Church of the First Three Centuries re bala litaba tsena ka Clement oa Alexandria:
“Re ka ’na ra qotsa lirapa tse ’maloa ho Clement moo ho ba tlaasana ha Mora ho bontšitsoeng ka ho hlaka. . . .
“Rea makala hore ebe motho leha e le ofe a ka bala litaba tsa Clement ka hloko, ebe ka motsotsoana o nahana hore o ne a nka Mora ka ho utloahalang a tšoana—e le ntho e le ’ngoe—le Ntate. Boemo ba hae ba ho se ikemele le bo tlaasana joalokaha bo bonahala ho rōna, bo hlokomeloa hohle. Clement o ne a lumela hore Molimo le Mora ka ho utloahalang baa ikhetha; ka mantsoe a mang, ke batho ba babeli,—e mong a phahame, e mong e le mohlanka.”23
Ho feta moo, ho ka boela ha thoe: Le haeba ka linako tse ling ho bonahala Clement a tlōla meeli ea se boleloang ke Bibele ka Jesu, ha ho kae kapa kae moo a buang ka Boraro-bo-bong bo entsoeng ka batho ba bararo ba lekanang ba etsang Molimo o le mong. Babuelli ba Tumelo ba kang Tatian, Theophilus, le Athenagoras, ba phetseng pakeng tsa nako ea Justin le ea Clement, ba ne ba e-na le maikutlo a tšoanang. Lamson o bolela hore ba ne ba sa “emele thuto ea Boraro-bo-bong joaloka Justin; hoo ke hore, ba ne ba sa lumele ho batho ba bararo ba kopaneng, ba lekanang, empa ba ne ba ruta thuto eo ka hohle-hohle e neng e sa lumellane le tumelo ena.”24
Thuto ea Bolumeli ea Tertullian
Tertullian (c. 160 ho ea ho 230 C.E.) e bile motho oa pele oa ho sebelisa lentsoe la Selatine trinitas. Joalokaha Henry Chadwick a hlokometse, Tertullian o ile a etsa tlhahiso ea hore Molimo ke ‘boleng bo le bong bo entsoeng ka batho ba bararo.’25 Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore o ne a nahanne ka batho ba bararo ba lekanang le ba se nang qalo le qetello. Leha ho le joalo, bangoli ba bang ba neng ba sebeletsa ho haha thuto ea Boraro-bo-bong ba ile ba sebelisa likhopolo tsa hae.
Khopolo ea Tertullian ka Ntate, Mora, le moea o halalelang e ne e fapane haholo le Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana, hobane o ne a buella bohlanka. O ne a nka Mora e le mohlanka oa Ntate. Ho Against Hermogenes o ngotse:
“Ha rea lokela ho nahana hore ho na le boleng bo bong ntle ho Molimo feela bo sa tsoaloang le bo sa bōptjoang. . . . Ho ka etsahala joang hore ntho leha e le efe, ha e se Ntate, e ka ba khōlōanyane, ’me tabeng ena e be e hlomphehang haholoanyane, ho feta Mora oa Molimo, Lentsoe le tsoetsoeng le ’notši le letsibolo? . . . Hore [Molimo] o sa kang oa hloka Moetsi hore o be teng, o ka phahamisoa ho feta [Mora] ea bileng le moqapi ea mo entseng.”26
Hape, ho Against Praxeas, o bontša hore Mora o fapane ’me ke mohlanka oa Molimo o Matla ’Ohle ka ho re:
“Ntate ke boleng bo felletseng, empa Mora o tsoa ho ’me ke karolo ea boleng bo felletseng, joalokaha le Eena a lumela: ‘Ntate o moholo ho ’na.’ . . . Ka hona, Ntate o arohile ho Mora, kaha o moholo ho Mora, joalokaha Ea tsoalang e le motho e mong, ’me Ea tsoaloang le eena ke motho e mong ea fapaneng; Le eena Ea rōmang, ke motho e mong, ’me Ea rōngoang ke motho e mong ea fapaneng; hape, le eena Ea etsang, ke motho e mong, ’me Eo ntho e etsoang ka eena ke motho e mong ea fapaneng.”27
Tertullian, ho Against Hermogenes, o bolela hape hore ho bile le nako eo Mora a neng a le sieo, a bontša hore o ne a sa nke Mora e le boleng bo se nang qalo le qetello joaloka Molimo.28 Cardinal Newman o itse: “Re tlameha ho nka hore Tertullian o lumela lithuto tseo e seng tsa orthodox thutong ea hore Morena oa rōna ha a na qalo le qetello.”29 Mabapi le Tertullian, Lamson o re:
“Bohlale, kapa Logos, joalokaha e ne e bitsoa ke Magerike, le Tertullian a ile a lumela, hamorao e ile ea fetoloa ho ba Lentsoe, kapa Mora, eleng boleng ba sebele, bo se nang qalo e le feela ea tšoanang le Ntate. Leha ho le joalo, Tertullian o ile a ’meha boemong ba mohlanka oa Ntate . . .
“A ahloloa ho latela tlhaloso ea Boraro-bo-bong e neng e amoheloa ka nako eo, boiteko ba ho pholosa Tertullian hore a se ke a nyatsoa joaloka mokhelohi e ne e tla ba bo se nang thuso. Ho hang o ne a sitoa ho feta teko eo ka katleho.”30
Ha ho Boraro-bo-bong
Haeba u ne u ka bala libuka tsohle tsa Babuelli ba Tumelo, u ne u tla fumana hore le hoja li ne li khelohile ka litsela tse itseng lithutong tsa Bibele, ha ho le e ’ngoe ho tsona e ileng ea ruta hore Ntate, Mora, le moea o halalelang baa lekana ka ho hloka qalo le qetello, ka matla, boemo, le bohlale.
Hona e boetse ke ’nete le ka bangoli ba bang ba lekholong la pele le la bobeli la lilemo, ba kang Irenaeus, Hippolytus, Origen, Cyprian, le Novation. Le hoja ba bang ba ile ba lekanya Ntate le Mora linthong tse ling, ka litsela tse itseng ba ne ba nka Mora e le mohlanka oa Molimo Ntate. ’Me ha ho lea mong ho bona ea kileng a nahana hore moea o halalelang o ne o lekana le Ntate le Mora. Ka mohlala, Origen (c. 185 ho ea ho 254 C.E.) o bolela hore Mora oa Molimo ke “Letsibolo la tsohle tse bōpiloeng” le hore Mangolo “a tseba hore ke Eena oa pele-pele mesebetsing eohle ea pōpo.”31
Ho bala ka morero libuka tsena tse ngotsoeng ke baeta-pele ba kereke ea pele ho tla bontša hore thuto ea Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana e ne e le sieo mehleng ea bona. Joalokaha The Church of the First Three Centuries e re:
“Thuto ea kajeno e tloaelehileng ea Boraro-bo-bong . . . ha e tšehetsoe ke lingoliloeng tsa Justin: ’me pono ena e atolosetsoa le ho Bo-ntate bohle ba pele ho seboka sa Nicaea; e leng, bangoli bohle ba Bakreste ba makholo a mararo a lilemo ka mor’a tsoalo ea Kreste. Ke ’nete, ba bua ka Ntate, Mora, le Moea oa boprofeta kapa o Halalelang, empa e se hore baa lekana, e se motho a le mong, e se Batho ba Bararo ho a le Mong, e se ka tsela leha e le efe e boleloang ke batho ba tšehetsang thuto ea Boraro-bo-bong. Seo e leng ’nete ke se fapaneng le seo. Thuto ea Boraro-bo-bong, joalokaha e hlalosoa ke Bo-ntate bana, e ne e fapane le thuto ea kajeno. Taba ena e tla lula e le ’nete e tiileng joaloka ’nete e teng historing ea maikutlo a motho.”32
Ha e le hantle, pele ho Tertullian ho ne ho sa buuoe ka Boraro-bo-bong. ’Me Boraro-bo-bong ba Tertullian “bo fapaneng le ba lithuto tsa orthodox” bo ne bo fapane haholo le bo lumeloang kajeno. Joale, ho tlile joang hore thuto ea Boraro-bo-bong, joalokaha e utloisisoa kajeno, e be teng? Na ke Sebokeng sa Nicaea sa 325 C.E.? Re tla hlahloba lipotso tsena ho Karolo 4 ea letoto lena tokollong ea nako e tlang ea Molula-Qhooa.
Litšupiso:
1. A Short History of the Early Church, ea Harry R. Boer, 1976, leqephe 110.
2. The Formation of Christian Dogma, ea Martin Werner, 1957, leqephe 125.
3. The Search for the Christian Doctrine of God, ea R. P. C. Hanson, 1988, leqephe 64.
4. The Church of the First Three Centuries, ea Alvan Lamson, 1869, maqephe 70-1.
5. Gods and the One God, ea Robert M. Grant, 1986, maqephe 109, 156, 160.
6. The Formation of Christian Dogma, maqephe 122, 125.
7. The International Standard Bible Encyclopedia, 1982, Buka 2, leqephe 513.
8. An Essay on the Development of Christian Doctrine, ea John Henry Cardinal Newman, Khatiso ea Botšelela, 1989, maqephe 14-18.
9. The Ante-Nicene Fathers, e hlophisitsoeng ke Alexander Roberts le James Donaldson, Buka e Hatisitsoeng Bocha ea Amerika ea Khatiso ea Edinburgh, 1885, Buka I, leqephe 264.
10. Ibid., leqephe 184.
11. The Ante-Nicene Fathers, Buka 1, leqephe 223.
12. Ibid., leqephe 164.
13. A Short History of Christian Doctrine, ea Bernhard Lohse, e fetoletsoeng ho tsoa Sejeremaneng ke F. Ernest Stoeffler, 1963, khatiso ea bobeli ea buka e maqephe a sa tlamahanang, 1980, leqephe 43.
14. An Essay on the Development of Christian Doctrine, leqephe 20.
15. The Church of the First Three Centuries, maqephe 73-4, 76.
16. The Ante-Nicene Fathers, Buka II, leqephe 234.
17. Ibid., leqephe 227.
18. Ibid., leqephe 228.
19. Ibid.
20. Ibid., leqephe 593.
21. Ibid.
22. Ibid., leqephe 524.
23. The Church of the First Three Centuries, maqephe 124-5.
24. Ibid., leqephe 95.
25. The Early Church, ea Henry Chadwick, 1980 khatiso ea 1980, leqephe 89.
26. The Ante-Nicene Fathers, Buka III, leqephe 487.
27. Ibid., maqephe 603-4.
28. Ibid., leqephe 478.
29. An Essay on the Development of Christian Doctrine, maqephe 19, 20.
30. The Church of the First Three Centuries, maqephe 108-9.
31. The Ante-Nicene Fathers, Buka IV, leqephe 560.
32. The Church of the First Three Centuries, leqephe 75-6.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Clement
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Historical Pictures Service
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Tertullian
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Historical Pictures Service