Saense le Tlaleho ea Genese
Batho ba bangata ba re saense ha e lumellane le tlaleho ea Bibele ea pōpo. Empa ha e le hantle hase Bibele le saense tse hanyetsanang, empa ke saense le tumelo ea Malumeli a Bokreste a Tsitlellang Hore Bibele ha e Tolokoe. A mang a malumeli ana a ruta thuto e fosahetseng ea hore ho ea ka Bibele, pōpo eohle eo re e bonang e bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24 lilemong tse ka bang 10 000 tse fetileng.
Empa Bibele ha e tšehetse tumelo ena. Haeba e ne e e tšehetsa, joale lintho tse ngata tseo saense e li sibolotseng lilemong tse lekholo tse fetileng li ne li tla hlahisa lipelaelo ka Bibele. Ho ithuta ka hloko se ngotsoeng ka Bibeleng ho bontša hore ha e hanane le se rutoang ke saense. Ka lebaka leo, Lipaki Tsa Jehova ha li lumellane le Malumeli a Bokreste a Tsitlellang Hore Bibele ha e Tolokoe le ba bangata ba reng lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele a lihora tse 24. Lintlha tse latelang li bontša seo Bibele e hlileng e se rutang.
“Tšimolohong” e ne e le Neng?
Tlaleho ea Genese e qala ka mantsoe a bonolo, a nang le molaetsa o matla: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Litsebi tse ngata tsa Bibele li lumela hore polelo ena e hlalosa taba e etsahetseng ka nako e ’ngoe, eseng nakong ea matsatsi a pōpo a tlalehiloeng temaneng ea boraro ho ea pele. Sena seo li se buang ke sa bohlokoa. Ho ea ka mantsoe a qalang a Bibele, bokahohle bo akarelletsang polanete ea rōna e leng Lefatše, bo bile teng ka nako e sa tsejoeng pele matsatsi a pōpo a qala.
Litsebi tsa sebōpeho sa lefatše li hakanya hore lefatše le bile teng ka lilemo tse libilione tse ’nè ’me litsebi tsa linaleli li hakanya hore bokahohle bo bile teng ka lilemo tse ka bang libilione tse 15. Na likhakanyo tsee—kapa kutloisiso eo litsebi li ka ’nang tsa e ntlafatsa nakong e tlang—li hanyetsa Genese 1:1? Che. Bibele ha e bolele ka ho toba hore na “maholimo le lefatše” li bile teng ka nako e kae. Saense ha e hanyetse se ngotsoeng ka Bibeleng.
Matsatsi a Pōpo a Bile Malelele Hakae?
Ho thoe’ng ka bolelele ba matsatsi a pōpo? Na a ne a le bolelele ba lihora tse 24? Ba bang ba re kaha Moshe—ea ngotseng Genese—hamorao o ile a re letsatsi le hlahlamang matsatsi a tšeletseng a pōpo le tšoantšetsa Sabatha ea beke le beke, e tlameha ebe letsatsi ka leng la pōpo le ne le le bolelele ba lihora tse 24. (Exoda 20:11) Na tsela eo Genese e ngotsoeng ka eona e tšehetsa qeto ee?
Che, ha e e tšehetse. ’Nete ke hore lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “letsatsi” le ka bolela nako ea bolelele bo sa tšoaneng, eseng feela nako e bolelele ba lihora tse 24. Ka mohlala, ha Moshe a akaretsa mosebetsi oa Molimo oa pōpo, o bua ka matsatsi ’ohle a tšeletseng a pōpo e le letsatsi le le leng. (Genese 2:4) Ka sebele, ha ho letho ka Mangolong leo motho a ka itšoarellang ka lona ho tsitlella hore letsatsi ka leng la pōpo e ne e le lihora tse 24.
Joale matsatsi a pōpo a ne a le malelele hakae? Bibele ha e bolele; empa mantsoe a sebelisitsoeng ho Genese khaolo ea pele le ea bobeli a bontša hore a bile malelele haholo.
“Matsatsi” a Tšeletseng a Pōpo
Moshe o ngotse tlaleho ea hae ka Seheberu, ebile o e ngotse ka kutloisiso ea motho ea lefatšeng. Lintlha tsena tse peli hammoho le taba ea hore bokahohle bo bile teng pele ho nako ea pōpo kapa pele matsatsi a pōpo a qala, li thusa ho rarolla lintlha tse ngata tseo ho phehisanoang khang ka tsona ka tlaleho ea pōpo. Joang?
Ho hlahlobisisa tlaleho ea Genese ho senola hore liketsahalo tse qalileng “letsatsing” le leng li ile tsa tsoela pele “letsatsing” le hlahlamang kapa a ’maloa a latelang. Ka mohlala, pele “letsatsi” la pele la pōpo le qala, khanya ea letsatsi le neng le se le ntse le le teng e ne e sitoa ho fihla fatše, mohlomong e sitisoa ke maru a teteaneng. (Jobo 38:9) “Letsatsing” la pele, ntho eo e neng e thibile e ile ea qala ho apoha, e le hore khanya e phunyeletse sepakapakeng.a
Kamoo ho bonahalang kateng, sepakapaka se ile sa ’na sa apoha “letsatsing” la bobeli, eaba ho hlaha sebaka pakeng tsa maru a teteaneng le leoatle. Ka “letsatsi” la bone, ho ile ha ’na ha apoha ho fihlela letsatsi le khoeli li bonahala “sepakapakeng sa maholimo.” (Genese 1:14-16) Ka mantsoe a mang, ho motho ea lefatšeng, letsatsi le khoeli li ile tsa qala ho bonahala. Lintho tsena li etsahetse butle-butle.
Tlaleho ea Genese e boetse e re ha leholimo le ntse le apoha le ho feta, lintho tse fofang—ho akarelletsa tse se nang litšiba le likokoanyana—li ile tsa qala ho ba teng ka “letsatsi” la bohlano.
Tsela eo Bibele e ngotsoeng ka eona e bontša hore e ka ’na eaba lintho tse ling tse khōlō tse ileng tsa etsahala letsatsing ka leng, kapa nakong ea pōpo, li ile tsa etsahala butle-butle ho fapana le ho etsahala ka ho panya ha leihlo, mohlomong tse ling tsa tsona li bile tsa tsoela pele le matsatsing a latelang a pōpo.b
Ho ea ka Mefuta ea Tsona
Na taba ee ea hore limela le liphoofolo li bile teng butle-butle e bolela hore Molimo o ile a sebelisa ho iphetola ha lintho ho hlahisa lintho tse phelang tsa mefuta e sa tšoaneng? Che. Tlaleho eo e bontša ka ho hlaka hore Molimo o ile a bōpa “mefuta” eohle ea motheo ea limela le liphoofolo. (Genese 1:11, 12, 20-25) Na “mefuta” ee ea motheo ea limela le liphoofolo e ne e etselitsoe hore e khone ho ikamahanya le maemo a fetohang a tikoloho? Ke’ng e lekanyetsang moeli oa “mofuta” ka mong? Bibele ha e hlalose. Leha ho le joalo, e re libōpuoa tse phelang ‘li hlahisitsoe ka bongata ho ea ka mefuta ea tsona.’ (Genese 1:21) Mantsoe ana a fana ka maikutlo a hore “mofuta” ka mong o ka fetoha ho fihlela mothating o itseng feela. Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale le lipatlisiso tsa kajeno li tšehetsa taba ea hore limela le liphoofolo tsa motheo li fetohile ho se hokae feela ka mor’a nako e telele haholo.
Ho fapana le seo ba bang ba tsitlellang hore Bibele ha e tolokoe ba se buang, Genese ha e rute hore bokahohle, ho akarelletsa lefatše le lintho tsohle tse phelang ho lona, li bōpiloe ka nako e khutšoanyane le hore hase khale haholo li bōpiloe. Ho e-na le hoo, tsela eo ka eona e hlalosang ho bōptjoa ha bokahohle le hore na bophelo bo bile teng joang lefatšeng e lumellana le lintlha tseo saense e sa tsoa li sibolla.
Ka lebaka la lifilosofi tse itseng tseo bo-rasaense ba li lumelang, ba bangata ba hana seo Bibele e se rutang ha e re Molimo o bōpile lintho tsohle. Empa ho thahasellisang ke hore bukeng ea Bibele ea Genese e ngotsoeng mehleng ea boholo-holo, Moshe o ile a ngola hore bokahohle bo na le qalo le hore lintho tse phelang li bile teng ka mekhahlelo le hona butle-butle. Ho tlile joang hore Moshe a tsebe boitsebiso boo bo nepahetseng ba saense lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng? Ho na le tlhaloso e le ’ngoe feela e utloahalang. Ka sebele ke Ea nang le matla le bohlale ba ho etsa maholimo le lefatše feela ea neng a ka fa Moshe boitsebiso boo bo nepahetseng. Bona ke bopaki bo matla ba hore seo Bibele e se buang ke ’nete ha e re e “bululetsoe ke Molimo.”c—2 Timothea 3:16.
Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa hore na ebe ruri ho na le taba hore na u lumela tlaleho ea Bibele ea pōpo kapa che? Hlahloba mabaka a matla a hore na ke hobane’ng ha karabo ea potso ena e le ea bohlokoa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng e le leseli ho hlalosa se etsahetseng “letsatsing” la pele ke ’ohr, e leng khanya ka kakaretso; empa mabapi le “letsatsi” la bone ho sebelisitsoe ma·’ohrʹ, e bolelang mohloli oa leseli.
b Ka mohlala, ka letsatsi la botšelela la pōpo, Molimo o ile a laela batho hore ba ‘ngatafale ba tlale lefatše.’ (Genese 1:28, 31) Leha ho le joalo, seo ha sea ka sa etsahala ho fihlela “letsatsing” le latelang.—Genese 2:2.
c E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng tabeng ena, sheba bukana e reng Bibele—E na le Molaetsa Ofe?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.
U Tla Araba Joang?
◼ Ke maikutlo afe a tloaelehileng a fosahetseng mabapi le tlaleho ea Bibele ea pōpo?
◼ Ke hobane’ng ha e le ho tsotehang hore ebe Bibele le saense li lumellana ka lintlha tse ngata?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]
Genese ha e rute hore lefatše le bokahohle li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24 lilemong tse likete tse ’maloa tse sa tsoa feta
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]
Liketsahalo tse qalileng “letsatsing” le leng li ile tsa tsoela pele “letsatsing” le hlahlamang kapa a ’maloa a latelang
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Lipatlisiso tsa morao tjena li tiisa taba ea hore lintho tsohle tse phelang li ikatisa “ho ea ka mefuta ea tsona”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Penguins: By courtesy of John R. Peiniger
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
Nebula: IAC/RGO/David Malin Images