Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 29 leq. 181-leq. 185 ser. 3
  • Boleng ba Lentsoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boleng ba Lentsoe
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mantsoe a Bitsitsoe ka ho Hlaka
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Hlokomela “Mantsoe a Basele”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ho Ipabola ’Minong oa Opera
    Tsoha!—2008
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 29 leq. 181-leq. 185 ser. 3

Thuto 29

Boleng ba Lentsoe

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Ntlafatsa lentsoe la hao, eseng ka ho etsisa motho e mong, empa ka ho phefumoloha hantle le ka ho thapolla mesifa e sataletseng.

Ke Hobane’ng ha e le ba Bohlokoa?

Lentsoe la boleng bo botle le thusa ba bang ho phutholoha le ho thabela ho u mamela. Lentsoe la boleng bo fokolang le sitisa ho fetisoa ha boitsebiso ’me le ka ’na la ferekanya sebui le bamameli.

BATHO ha ba susumetsoe feela ke se boleloang empa ba susumetsoa haholo le ke tsela eo se boleloang ka eona. Haeba motho ea buang le uena a e-na le lentsoe le monate, le mofuthu, le nang le botsoalle le le mosa, na hase ’nete hore u thabela ho mamela ho feta ha lentsoe la hae le se na botsoalle kapa le le bohale?

Ho ba le lentsoe la boleng bo lakatsehang ha hoa itšetleha ka ho feletseng ka ho tseba hore na lentsoe le sebetsa joang. Hape ho ka akarelletsa botho ba motho. Ha motho a ntse a hatela pele tsebong ea hae le ho sebeliseng ha hae ’nete ea Bibele, ho ba le liphetoho mokhoeng oa hae oa ho bua. Lentsoe la hae le bonahatsa litšoaneleho tsa bomolimo tse kang lerato, thabo le mosa. (Bagal. 5:22, 23) Ha a e-na le kameho ea sebele ka ba bang, lentsoe la hae le bontša hoo. Ha kananelo e nkela moea oa ho rata ho tletleba sebaka, mantsoe a buuoang le molumo oa lentsoe li bonahatsa seo. (Lillo 3:39-42; 1 Tim. 1:12; Juda 16) Esita leha u sa utloisise puo e buuoang, haeba motho e mong a utloahala a ikhohomosa, a hloka mamello, a nyatsa-nyatsa ’me a le bohale ’me motho e mong a utloahala a ikokobelitse, a e-na le mamello, a le mosa a bile a le lerato, ha ho thata hore u bone phapang.

Maemong a mang lentsoe la boleng bo seng botle le ka bakoa ke boloetse bo sentseng kolu ea motho kapa bofokoli boo motho a bo futsitseng. Maemo a joalo a ka ’na a e-ba mabe hoo a ke keng a phekoleha ka ho feletseng tsamaisong ena ea lintho. Leha ho le joalo, hangata ho ithuta ho sebelisa litho tsa ho bua hantle ho ka ntlafatsa boemo.

Pele ho tsohle, ke habohlokoa ho utloisisa hore litšobotsi tsa lentsoe li fapana ho ea ka batho. Pakane ea hao ha ea lokela hore e be ho etsisa lentsoe la motho e mong. Ho e-na le hoo, ntlafatsa bokhoni ba lentsoe la hao, le litšobotsi tsa lona tse ikhethang. Ke eng se ka u thusang ho etsa see? Ho na le lintho tse peli tsa bohlokoa.

Laola ho Phefumoloha ha Hao Hantle. Hore lentsoe la hao le hlahise liphello tse molemohali ha u le sebelisa, u hloka moea o lekaneng hammoho le ho khona ho laola ho phefumoloha ha hao. Kantle ho lintho tsena, lentsoe la hao le ka ’na la utloahala le fokola ’me puo ea hao e ka ’na ea khitlela.

Karolo e khōlō ea matšoafo ha e ka holim’a sefuba; karolo ena e mpa e bonahala e le khōlō feela ka lebaka la mahetla. Ho e-na le hoo, matšoafo a sephara karolong e ka holimonyana ho letsoalo. Kahobane letsoalo le hokahane le karolo e ka tlaase ea likhōpo, letsoalo le arohanya sefuba le mpa.

Haeba u tlatsa moea karolong e ka holimo feela ea matšoafo a hao ha u hula moea, u tla felloa ke moea kapele. Lentsoe la hao le ke ke la e-ba le matla ’me u tla khathala kapele. Hore u khone ho phefumoloha hantle, u lokela ho lula u otlolohile kapa u eme u otlolohile ’me u ntše sefuba. Etsa boiteko bo hlokolosi ba hore u qobe ho atolosa karolo e ka holimo feela ea sefuba sa hao ha u hula moea hore u tsebe ho bua. Tlatsa moea pele karolong e ka tlaase ea matšoafo a hao. Ha karolo ena e tletse, karolo e ka tlaase ea likhōpo tsa hao e tla atolohela ka mahlakoreng. Ka nako e tšoanang, letsoalo le tla theohela tlaase, le suthise mpa le mala butle, hoo u tla tiisoa ke lebanta kapa seaparo se seng se lutseng mpeng. Empa matšoafo ha aa lula mpeng; a ka har’a likhōpo. Bakeng sa ho etsa teko, beha letsoho le le leng lehlakoreng ka leng la karolo e ka tlaase ea likhōpo tsa hao. Joale hula moea haholo. Haeba u phefumoloha hantle, u ke ke ua haba mpa ea hao le ho phahamisa mahetla a hao. Ho e-na le hoo, u tla utloa likhōpo li ea holimonyana le ka mahlakoreng.

Joale, sebeletsa tabeng ea ho laola ho tsoa ha moea. U se ke ua o senya ka ho o tlohela hore o tsoe ka potlako. O ntše butle-butle. U se ke ua leka ho o laola ka ho tiisa ’metso oa hao. Kapele-pele seo se ne se tla fella ka lentsoe le utloahalang le khinnoe kapa le le bohale ka tsela e sa tloaelehang. Khatello e hlahang mesifeng ea mpa le mesifeng e pakeng tsa likhōpo e ntša moea, athe letsoalo lona le laola hore na o tsoa ka potlako hakae.

Feela joalokaha semathi se ikoetlisa bakeng sa lebelo, ka ho tšoanang sebui se ka khona ho laola ho phefumoloha hantle ka ho ikoetlisa. Ema u otlolohile u ntšitse sefuba, phefumoloha e le hore u tlatse karolo e ka tlaase ea matšoafo ka moea ’me u ntše moea butle-butle ha u ntse u bitsa lipalo, u qala ka e tlaase, butle le ka mokhoa o bonolo ho fihlela palong e phahameng eo u ka khonang ho e bitsa u sa hule moea. Joale itlhakisetse ho bala ka lentsoe le phahameng u ntse u phefumoloha ka mokhoa o tšoanang.

Thapolla Mesifa e Sataletseng. Ntho e ’ngoe ea bohlokoa tabeng ea lentsoe la boleng bo botle ke ena—phutholoha! Ho hlile hoa hlolla ho bona ntlafatso eo u ka e etsang ha u ka ithuta ho phutholoha ha u bua. Kelello le ’mele li lokela ho phutholoha, hobane khatello ea kelello e baka ho satalla ha mesifa.

Fokotsa khatello ea kelello ka ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka bamameli ba hao. Haeba bamameli ba hao e le batho bao u kopanang le bona tšebeletsong ea tšimo, hopola hore esita leha u ithutile Bibele ka likhoeli tse seng kae feela, u tseba lintho tsa bohlokoa ka morero oa Jehova tseo u ka li arolelanang le bona. ’Me u ba etetse kahobane ba hloka thuso, ebang ba lemoha seo kapa che. Ka lehlakoreng le leng, haeba u bua ka Holong ea ’Muso, boholo ba bamameli ba hao ke batho ba Jehova. Ke metsoalle ea hao ’me ba batla hore u atlehe. Lefatšeng ha ho na batho ba talimanang le bamameli ba nang le botsoalle le ba lerato kamehla joaloka rōna.

Thapolla mesifa ea ’metso ka ho lebisa tlhokomelo ea hao mesifeng eo ’me u ele hloko hore e se ke ea satalla. Hopola hore methapo ea hao ea lentsoe ea thothomela ha moea o feta ho eona. Molumo oa lentsoe oa fetoha ha mesifa ea ’metso e tiea kapa e thapoloha, feela joalokaha molumo oa khoele ea katara kapa ea violin o fetoha ha e tiisitsoe kapa e khoehlisitsoe. Ha u thapolla methapo ea lentsoe, molumo oa theoha. Hape ho thapolla mesifa ea ’metso ho thusa ho boloka masoba a linko a bulehile ’me sena se tla ba le liphello tse matla tabeng ea boleng ba lentsoe la hao.

Etsa hore ’mele oohle oa hao o phutholohe—mangole a hao, matsoho a hao, mahetla a hao, molala oa hao. Sena se tla tlatsetsa ho faneng ka molumo o hlakileng o hlokahalang ho etsa hore lentsoe la hao le be le matla. Molumo o hlakileng o hlahisoa ke ha ’mele oohle o sebetsa joaloka boto ea molumo, empa khatello ea kelello e sitisa sena. Molumo oa lentsoe, o hlahisoang kolung, ha o lume ka masobeng a linko feela empa o luma le masapong a sefuba, menong, karolong e ka holimo ea lehano le ka mahananeng. Lintho tsena kaofela li ka tlatsetsa ho etseng hore molumo e be o hlakileng. Ha u ka beha ntho e boima ka holim’a boto ea molumo ea katara, molumo o ke ke oa utloahala; boto ea molumo ha ea lokela ho ba le letho hore e khone ho sisinyeha e le hore e tle e ntše molumo hantle. Ho joalo le ka masapo a ’mele ea rōna, a tlamahantsoeng ke mesifa. Ha molumo o hlakile u tla khona ho feto-fetola molumo oa lentsoe la hao hantle ’me u hlahise maikutlo a sa tšoaneng. U tla khona ho finyella bamameli ba bangata ntle le ho sebelisa lentsoe la hao haholo.

KAMOO U KA NTLAFATSANG KATENG

Hlaolela litšoaneleho tsa botho ba Bokreste.

Itloaetse ho phefumoloha hantle, ka ho tlatsa moea karolong e ka tlaase ea matšoafo a hao.

Ha u bua, etsa hore mesifa ea hao e phutholohe—’metso oa hao, molala oa hao, mahetla a hao, ’mele oohle oa hao.

BOITLHAKISO: (1) Ka metsotso e seng mekae letsatsi ka leng ka beke, itloaetse ho phefumoloha ka tsela e tla etsa hore u tlatse moea karolong e ka tlaase ea matšoafo a hao. (2) Bonyane hanngoe ka letsatsi ka nako e etsang beke, ela hloko ho thapolla mesifa ea hao ea ’metso ha u ntse u bua.

[Lebokose le leqepheng la 182]

KAMOO PUO E HLAHISOANG KATENG

Motheo oa melumo eohle e hlahisoang ke lentsoe ke moea oo u o ntšang matšoafong a hao. Matšoafo a sebetsa joaloka sebutsoelo se butsoelang moea ka qoqothong ho ea fihla kolung, e leng bohareng ba ’metso oa hao. Ka har’a kolu ea hao, ka mahlakoreng a bapileng, ho na le mameno a mabeli a manyenyane a mesifa a bitsoang methapo ea lentsoe. Ena ke eona methapo e ka sehloohong e hlahisang lentsoe. Mameno ana a mesifa aa bula ebile a koala karolo eo moea o fetang ho eona kolung ho kenya moea le ho o ntša hammoho le ho thibela lintho tse sa batleheng ho kena ka matšoafong. Ha motho a phefumoloha ka tsela e tloaelehileng molumo ha o utloahale kahobane moea o feta ka holim’a methapo ea lentsoe. Empa ha motho a batla ho bua, mesifa e tiisa methapo ea lentsoe ’me methapo ena ea sisinyeha ha moea o tsoang matšoafong o loanela ho feta ho eona. Sena se hlahisa molumo.

Ha methapo ea lentsoe e saroloha haholo, e sisinyeha ka potlako ’me e hlahisa melumo e phahameng haholo. Ka lehlakoreng le leng, ha methapo ena e sa satalla, e hlahisa melumo e tlaase. Leqhubu la molumo, ha le tloha kolung le kena karolong e ka holimo ea ’metso. Joale le fetela ka hanong le ka linkong. Mono ho eketsoa melumo e tlaase e fetolang le e hōlisang molumo o ka sehloohong. Karolo e ka holimo ea lehano hammoho le leleme, meno, molomo le mohlahare lia kopana bakeng sa ho arola maqhubu a sisinyehang a molumo, a hlahang a le boemong ba puo e utloisisehang.

Lentsoe la motho ke ntho e hlollang, ha ho sesebelisoa leha e le sefe se entsoeng ke motho se ka bapisoang le lona ka ho tenyetseha. Le khona ho hlahisa maikutlo ho tloha ho a mofuthu, a lerato le a bonolo ho isa ho lehloeo, sehlōhō le mabifi. Ha le ntlafalitsoe le ho koetlisoa hantle, lentsoe le ka khona ho finyella melumo e sa tšoaneng ’me le ka hlahisa melumo e monate ea ’mino esita le mekhoa ea ho bua e susumetsang pelo.

[Lebokose le leqepheng la 184]

HO HLŌLA MATHATA A TOBILENG

Lentsoe le fokolang. Ha lentsoe le le bonolo, hoo ha ho bolele hore lea fokola. Haeba le le letenya ’me le le monate, ba bang ba ka ’na ba thabela ho le mamela. Empa hore lentsoe le atlehe, le lokela ho ba le molumo o lekaneng.

Hore u ntlafatse matla a lentsoe la hao, u lokela ho ntlafatsa molumo oa lona. Seo se hloka hore u ithute ho etsa hore ’mele oohle oa hao o phutholohe, ka mokhoa o hlalositsoeng thutong ena. Ho etsa hore ’mele oa hao o phutholohe hammoho le boitlhakiso ba ho buela ka marameng ho ka thusa. Melomo e lokela ho thetsana hanyenyane feela, eseng e khomarelane haholo. Ha u ntse u buela ka marameng, utloa ho luma ho bang teng ka hloohong ea hao le sefubeng.

Ka linako tse ling lentsoe le utloahala le fokola kahobane motho a sa phele hantle kapa a sa robala ka ho lekaneng. Ho totobetse hore ha boemo boo bo ntlafala, lentsoe le tla ntlafala.

Lentsoe le hlabang. Khatello e eketsehileng methapong ea lentsoe e phahamisa molumo. Lentsoe le utloahalang le sa phutholoha le etsa hore bamameli ba ikutloe ba sa phutholoha. Ka ho thapolla mesifa ea ’metso e le hore u fokotse khatello methapong ea lentsoe, u ka fokotsa bohale ba molumo. Ela hloko ho etsa sena, u itloaetse ho se etsa moqoqong oa letsatsi le letsatsi. Ho hula moea o mongata le hona hoa thusa.

Lentsoe le utloahalang eka motho o bua ka linko. Ka linako tse ling bothata bona bo bakoa ke ho thibana ha linko, empa hangata ha ho joalo. Ka linako tse ling, ka ho satalatsa mesifa ea ’metso le ea molomo, motho o koala masoba a nko hoo moea o sa khoneng ho feta ka bolokolohi. Sena se etsa hore ho utloahale molumo o tsoang ka linko. Ho qoba sena, ho hlokahala hore u phutholohe.

Lentsoe le makherehloa. Lentsoe le joalo ha le ipiletse bakeng sa ho fapanyetsana maikutlo. Le ka ’na la tšosa ba bang.

Maemong a mang, ntho e hlokahalang feela ke hore motho a etse boiteko bo tsoelang pele ba ho fetola botho ba hae. (Bakol. 3:8, 12) Ha seo se se se entsoe, ho sebelisa melao-motheo ea tšebeliso ea lentsoe ho ka thusa. Thapolla ’metso le mohlahare. Sena se tla etsa hore lentsoe e be le khahlisang haholoanyane ’me se tla thibela ho sitiseha ha lona ho bakoang ke ho le qobella hore le tsoe pakeng tsa meno.

[Litšoantšo Tse Qanollang tse leqepheng la 183]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Litho Tse Hlahisang Puo

Mahalapa

Leleme

Meno

Lipounama

Mohlahare

Ho Phalla ha Moea ’Meleng oa Hao

Linko

Molomo

’Metso

Methapo ea lentsoe

Qoqotho

Matšoafo

Letsoalo

Methapo ea Lentsoe (ha u e sheba ho tloha ka holimo)

Ho bua

Ho phefumoloha

Ho hula moea o mongata

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela