Pina ea 62
Ho Thabile, ba Mohau!
1. Ba leng mohau ba thabile!
Ho ’Mōpi ke ba khabane.
Ba joetsa ba ratang tōka:
Mohau o thabeloa ke Jah.
Molimo o entse mosa
Ka ho romela Konyana
Ho lopolla ba bonolo,
Baetsalibe ka tlhaho.
2. Ba nang le mohau oa Ntate
Ba hlohonolofalitsoe.
Ka sehlabelo sa Mora
Jehova o’a ba hauhela.
Ba rata ho bontša mosa
Ka ho bolela litaba,
Ka ho hoeletsa “Nyakallang!
Hoba Jesu ke ea busang.”
3. Ba hauhelang ha ba tšabe
Kahlolo pel’a terone;
Hobane Jah o tla bontša
Mohau ho ba bontšang mosa.
A re bontšeng mohau ona
E leng tholoana ea moea.
Re tšoanetse ho etsisa
Molimo Ntate kamehla.
(POSTLUDE)
Ba leng mohau ba thabile!
Ho ’Mōpi ke ba khabane.