Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/90 maq. 1-2
  • Tsoela Pele ho Ruta U sa Phetse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoela Pele ho Ruta U sa Phetse
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • FINYELLA BOHLE
  • ATOLOSA TŠEBELETSO EA HAO
  • Tsoelang Pele ho Rua Molemo ka Molula-Qhooa le Tsoha!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • E-ba ea “Chesehelang Mesebetsi e Metle” ka April!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 10/90 maq. 1-2

Tsoela Pele ho Ruta U sa Phetse

1 Bibele ha e re siee re na le pelaelo ka tšimo eo baapostola le barutuoa ba Bakreste ba pele ba neng ba na le eona. Nakoana ka mor’a lefu la Jesu, ba boholong ba ile ba ba lemosa hore “ba se ke ba bolela le hanyenyane, leha e le ho ruta” ka Jesu. (Lik. 4:18) Hobane’ng? Lebaka le leng e ne e le katleho e tsotehang eo ba neng ba na le eona. Ba likete ba ne ba fetoha balumeli, joalokaha Liketso 4:4 e tlaleha: “Ba bangata ho ba utloileng lentsoe ba lumela; ha ba baloa, ea batla e e-ba banna ba kete tse hlano.”

2 Kahobane le rōna re tsoela pele ho ruta re sa phetse, ba makholo a likete, e, ba limillione ba fetoha balumeli mehleng ea rōna. Ka October re na le tokelo ea ho nehelana ka Tsoha! le Molula-Qhooa e le peeletso. Ha ho pelaelo hore Tsoha! e phethile karolo ea bohlokoa ho etsa hore batho ba ele tlhoko ea bona ea moea hloko. Sena se tliselitse ba bangata thabo, kaha ba ithutile ho etsa thato ea Jehova.—Bapisa le Mattheu 5:3.

FINYELLA BOHLE

3 Le hoja e ka ’na eaba re na le tšimo e sebetsoang khafetsa, ho ka ’na ha ba bonolo ho bua le ba bang ba bileng le monyetla o fokolang oa ho utloa litaba tse molemo. Joang? Tšimong eo ho seng bonolo ho fihla ho eona tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ke hobane’ng ha u sa nke monyetla oa ho paka ka thelefono? Kapa etsa boiteko bo khethehileng ba ho bua le ntate oa ntlo ha u etsa bopaki ba mantsiboea kapa ba mafelo-beke. Ha re boloka tlaleho e ntle ea ntlo le ntlo, mohlomong re ka khona ho batla litho tse ling tsa lelapa, tse kang nkhono, bachana ba kenang sekolo, kapa ngoetsi e sebetsang har’a beke. Boiteko bo eketsehileng bo etsoang ba ho bua le setho ka seng sa lelapa bo ka ’na ba putsoa haholo.

4 Ho na le litsela tse ngata tse ntle tsa ho fumana lipeeletso har’a khoeli. E ’ngoe e ka ba ho memela liithuti tsa rōna tsa Bibele le batho ba bang ba thahasellang ho etsa peeletso. Mohlomong e ’ngoe ea lithuto tsa rōna tsa Bibele e se e ntse e na le peeletso ea e ’ngoe ea limakasine tsena. Ke hobane’ng ha u sa hlahise hore a li fumane ka bobeli? Malapa a ka khothalletsoa ho fumanela setho se seng le se seng peeletso ea Molula-Qhooa e le hore li ka lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa. Tlhahiso e ’ngoe e ka ba ho hlahisa litselana tsa makasine ebe joale re nehelana ka lipeeletso ho ba bontšang thahasello e fetang e tloaelehileng. Hape re lokela ho kōpa ho ithuta Bibele le ba bontšang thahasello ea sebele.

ATOLOSA TŠEBELETSO EA HAO

5 Ha e e-s’o ka e e-ba morao haholo hore u nehelane ka kōpo ea tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang bakeng sa khoeli ea October. Le le lelapa, na le lokisetsa ho kopanela mosebetsing oa bopula-maliboho nakong ea matsatsi a lefatše a phomolo ka December? Hona joale ke nako ea hore le nahane kamoo le ka ho etsang ka katleho. Haeba lelapa lohle le sitoa ho ba bo-pula-maliboho ba thusang, na le ka sebetsa hammoho e le hore setho se le seng kapa tse eketsehileng li ka etsa joalo? Haeba ho se joalo, na bonyane ho ka khoneha hore le sebelise nako e eketsehileng tšebeletsong ka ho nehelana ka limakasine tsa Tsoha! le Molula-Qhooa?

6 Re ananela melemo le mahlohonolo a moea ao re a fumaneng ka maqephe a Tsoha! le Molula-Qhooa. Rea tseba hore batho ka bomong ba lipelo li tšepahalang tšimong ea rōna le bona ba tla rua molemo ka ho enneng ka ho bala limakasine tsena motheong oa ka mehla. Khoeling ea October, a re ntšetseng pele ho ruta ha rōna ka likofuto tse ntle tseo Jehova a re fileng tsona. Ka ho etsa joalo, re tla kotula tlhohonolofatso ea Jehova le ho ipaka re le tlhohonolofatso ho ba bang.—Ba-Gal. 6:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela