Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo—Ka Matsatsi a Phomolo
1 Le hoja mekete e mengata e amanang le Keresemese le letsatsi la Selemo se Secha e simolohile bohedeneng, batho ba ka holimo ho billione ba ipolelang hore ke Bakreste ba keteka matsatsi ana a phomolo selemo se seng le se seng. Batho ba bangata ka botšepehi ba lumela hore Molimo o amohela mekete ena. Re ka finyella lipelo tsa batho ba joalo ka litaba tse molemo joang nakong ea matsatsi a phomolo?
E-BA EA NAHANELANG LE EA HLOMPHANG
2 Baholo ba etsa litokisetso tse khethehileng bakeng sa ho paka ka matsatsi a phomolo, kaha ba bangata ho rōna re tla be re sa ea mosebetsing oa boipheliso. Nako ea ho qalisa mosebetsi oa ntlo le ntlo e lokela ho fetoloa ka baka la ho nahanela beng ba matlo bao e ka ’nang eaba ba robala morao ho feta kamoo ba tloaetseng ka teng matsatsing ana.
3 Ha re ntse re tsoela pele tšebeletsong ea rōna, mohlomong re tla fumana batho ba bangata ba phathahantsoe haholo ke baeti le ho lokisetsa lijo. Ha re hlokomela hore ke nako e khethehileng ho bona, ka tlhompho re ka khutsufatsa litlhaloso tsa rōna ’me e be tse tobileng. Haeba re bontša mekhoa e metle ea Bokreste hona ho ka bula tsela bakeng sa bopaki bo eketsehileng nakong e tlang.
4 Ha re kopanele meketeng ea lefatše ea bolumeli, ’me ha re lumelisane ka litumeliso tsa neano tsa matsatsi a phomolo. Ka hona, ho hlokahala bohlale mabapi le hore na re arabela joang litumelisong tse joalo. Ha ho hlokahale hore re phehe khang ka tumeliso, empa maemong a mangata re ka leboha mong’a ntlo ka litakaletso tsa hae tse molemo. Haeba batho ba re botsa tumelo ea rōna, re ka ba kholisa hore re hlompha Kreste Jesu, kaha seo sea hlokahala ho ba hlomphang Molimo. (Joh. 5:23) Leha ho le joalo, litloaelo tse ngata tsa matsatsi a phomolo ha li hlomphe Kreste kapa Molimo. Haeba batho ka bomong ba lakatsa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka eona nako eo kapa hamorao, re ka arolelana le bona boitsebiso bo bukeng ea Ho Bea Mabaka maqepheng 286-9 le 291.
LIKENYELLETSO
5 Kaha matsatsi a phomolo a Keresemese ke a bolumeli, re ka ’na ra fumana batho ba bangata ba sekametseng ho bua haholoanyane ka Molimo nakong ena ho feta nakong leha e le efe har’a selemo. Re ka sebelisa monyetla oa sena hamolemo kenyelletsong ea rōna. Ka mohlala, mohlomong re ka re: “Batho ba limillione lefatšeng lohle ba keteka Keresemese le Letsatsi la Selemo se Secha. Na u nahana hore mekete ena e atametsa batho haufi le Molimo?” Ebang mong’a ntlo o ikutloa hore mekete ena e nepahetse kapa e fosahetse, ka mor’a ho amohela litlhaloso tsa hae, mohlomong re ka re: “Batho ba bangata ba lakatsa eka ba ka be ba e-na le kamano e molemonyana le Molimo, mohlomong ba ikutloa hore Molimo o hlile o hōle le bona. Na u nahana hore Molimo o hlile oa re tsotella esita le ho tsotella polanete ea lefatše?” Joale tsoela pele ka Sehlooho sa Puisano.
6 Ha re sebelisa katamelo e ’ngoe, mohlomong re ka re: “Nakong ena ea Keresemese, hangata re utloa batho ba hlalosa tšepo ea hore ho tla ba le khotso lefatšeng le nyakallo ho batho. Na u nahana hore Molimo o tla tlisa khotso lefatšeng mehleng ea rōna?” Ka mor’a moo re ka tsoela pele ho bontša hore Jesu Kreste ke eena “Morena oa khotso” ea boletsoeng esale pele. (Esa. 9:6, 7) Joaloka ’Musi ea khethiloeng pusong ea Molimo, haufinyane Kreste o tla nka khato ea ho tlisa khotso ea ka mehla lefatšeng.—Dan. 2:44; Tšen. 21:3-5.
7 Le hoja batho ba bangata ba iphapanyetsa molaetsa oa ’Muso ’me ba ithabisa ka matsatsi a bona a phomolo a bolumeli ba bohata, ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho fumana batho ba batlang ’nete, hobane eena ka boeena “o batla ba joalo hore ba mo rapele,” ’me o tla ba lebisa mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng.—Joh. 4:23, 24, NW.