Ho Khanna Lithuto Tsa Lelapa Tsa Bibele Tse Nang le Morero
1 O mong oa mesebetsi ea bohlokoahali eo batsoali ba e etsang ke ho ruta bana ba bona ’nete. Ke tlamo e tsoang ho Jehova. (Deut. 6:6, 7) Bana ba hloka tsamaiso le tataiso hore ba tsamaee ka ho loka lefatšeng le se nang bomolimo. Ho hlokahala hore ba ithute ho rata Jehova le ’nete ’me ba ikemisetse ho e khomarela. Molula-Qhooa oa August 1, 1988, leqephe 11, o itse: “Ho sa tsotellehe litlamo leha e le life tseo u nang le tsona kapa mathata leha e le afe ao u thulanang le ’ona, ho qeta nako le bana ba hao ho lokela ho tla pele ho tsohle. Nako eo u e qetang ’moho le bona e tla u fa monyetla oa hore u kenye ka ho bona litekanyetso tsa moea tse tla lebela lipelo tsa bana ba hao ’me li ba kenye tseleng e nepahetseng.”
2 E le hore malapa a ka latela tataiso e fanoeng ka Lentsoeng la Molimo, ka mehla nako e tlameha ho behelloa ka thōko bakeng sa thuto ea lelapa. Ho hlokahala hore lihlooho tsa malapa li etelletse pele ho hlokomela bomoea ba lelapa. Haeba ho sa fanoe ka tlhokomelo e nepahetseng litlhokong tsa lelapa tsa moea hona joale, ho ka etsahala hore batsoali ba sebetsane le mathata a tebileng nakong e tlang.
BOITSEBISO BO ITHUTOANG LE MEKHOA EA HO ITHUTA
3 Ho lokela ho ithutoe eng? Hlooho ea lelapa e boemong bo molemo ba ho tseba seo lelapa le se hlokang. E ka botsa hore na ba bang ba nahana hore ke’ng se tla ba molemo ’me e nahanisise ka litlhahiso tsa bona. Ho tenyetseha ho tla etsa hore thuto ea lelapa e be e sebetsang le e susumetsang. Malapa a mangata a khetha ho lokisetsa thuto ea beke le beke ea Molula-Qhooa. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore ho buisanoe ka litaba tse tobileng tse akaretsang mathata ao bacha ba tobanang le ’ona sekolong. Boitsebiso bo hatisitsoeng bo mabapi le ho laetsana, mesebetsi e etsoang ka mor’a lithuto tsa sekolo, lipapali, le litšekamelo tsa boitšoaro bo bobe li ka hlahlobisisoa ka tsela e hahang le e khothatsang. Ke habohlokoa hore khafetsa hlooho ea lelapa e boele e hlahlobe boitsebiso boo lelapa le bo hlokang le hore na e ka finyella lipelo tsa lona hamolemo joang ka boitsebiso boo.—Bona Molula-Qhooa, August 15, 1971, maqephe 364-5.
4 Thuto e lokela ho khannoa joang? Hlaolela boikutlo bo phutholohileng empa e le bo nang le tlhompho. Qoba mokhoa o sa fetoheng, le o sa tenyetseheng. Botsa lipotso tse eketsehileng, ’me u sebelise lipapiso tse susumetsang monahano le ho etsa hore bohle ba kopanele. Lithuso tse bonahalang, tse kang limmapa le lichate, li ka sebelisoa ho entša boitsebiso. Ho ka fanoa ka likabelo tsa ho batla boitsebiso ho Index kapa meqolong ea Insight, ho latela lilemo tsa bana le matla a bona. Kenyelletsa bana puisanong hang feela ha ba khona ho arabela. Ba ka botsoa lipotso tse bonolo tse hlokang likarabelo tsa mantsoe a seng makae feela. U se ke ua sebelisa linako tsa ho ithuta bakeng sa ho omanya bana. Ho fapana le hoo, ba babatse, bontša kananelo ka boiteko ba bona, ’me u be mafolo-folo ho arolelana lipono tsa moea le bona.
5 U ka kholiseha joang hore u finyella pelo? Khothalletsa bohle ho fana ka likarabelo ka mantsoe a bona. Ka bohlale sebelisa lipotso tse hlokang hore motho a hlahise maikutlo hore u hlokomele boikutlo ba pelo. U ka botsa: “Bana ba bang sekolong ba ikutloa joang ka taba ee? Na ho na le mohla le bang le lipelaelo ka ntlha ee?” Hlokomela hore u se ke ua halefisoa ke likarabelo tseo bana ba ka ’nang ba fana ka tsona lipotsong tse hlokang hore ba ntše maikutlo, ho seng joalo bana ba hao ba ka ’na ba se ke ba ikutloa ba lokolohile hore ba itlhalose ka botšepehi. Ba fe nako ea ho bua. Ha ba tseba hore ua ba thahasella ebile u thahasella mathata a bona sena se tla etsa hore boiteko ba hao ba ho ba ruta bo be bonolo haholoanyane.—Bona Molula-Qhooa, November 1, 1986, maqephe 23-5.
6 Hopola hore sepheo se seholo sa thuto ea lōna ea lelapa ke ho kenya mehopolo ea Jehova ho bona eseng feela ho fumana karabelo eo ba tla e pheta sebokeng sa phutheho. (Ba-Ef. 3:17-19) Sena se bolela ho sebeletsa ho kenya boitsebiso ka lipelong tsa bona. Neha lelapa mabaka ao ka ’ona le lokelang ho etsa thato ea Molimo le ao ka ’ona eo e leng eona tsela e molemohali ea bophelo.
7 Thuto ea lelapa ea Bibele ea ka mehla ea hlokahala bakeng sa ho haha bomoea ba lelapa. E koetlisa bana le ho ba hlomella hore ba sebetsane le mathata a bophelo. Lōna batsoali le boemong bo molemo ba ho thusa bana ba lōna. Jarang boikarabelo bona bo fanoeng ke Molimo. Ruri Jehova o tla le hlohonolofatsa haeba le etsa boiteko bohle ba ho khanna ka mehla thuto ea lelapa ea Bibele e nang le morero.