“Le se ke la Khathala ho Etsa Hantle”
Lintlha tse Khōlō tsa Ba-Thessalonika ba Bobeli
KAMEHO ea moapostola Pauluse ka Bakreste ba motseng oa Macedonia oa Thessalonika e ile ea mo susumelletsa hore a ba ngolle lengolo la hae la bobeli, hoo e ka bang ka selemo sa 51 C.E. Ka phoso ba bang ka phuthehong ba ne ba bolela hore ho ba teng ha Jesu Kreste ho ne ho se ho atametse. Mohlomong esita le lengolo leo ka phoso ho neng ho thoe le tsoa ho Pauluse le ne le hlalosoa e le le bontšang hore “letsatsi la Jehova” le se le fihlile.—2 Ba-Thessalonika 2:1, 2, NW.
Ka hona monahano oa Bathessalonika ba bang o ne o hloka ho lokisoa. Lengolong la hae la bobeli, Pauluse o ile a ba babatsa ka tumelo ea bona e ntseng e hōla, lerato le ntseng le eketseha, le mamello e tšepahalang. Empa o ile a boela a bontša hore bokoenehi bo ne bo tla tla pele ho ho ba teng ha Jesu. Kahoo ho ne ho e-na le linako tse thata tse larileng ka pele, ’me lengolo la moapostola le ne le tla ba thusa ho utloa keletso ea hae: “Le se ke la khathala ho etsa hantle.” (2 Ba-Thessalonika 3:13) Mantsoe a Pauluse a ka re thusa ka tsela e tšoanang.
Ho Senoloa ha Kreste le ho ba Teng ha Hae
Pele Pauluse o ile a bua ka ho lopolloa matšoenyehong. (1:1-12, NW) Sena se ne se tla tla “ho senoloeng ha Morena Jesu ha a e-tsoa leholimong a e-na le mangeloi a hae a matla.” Joale timetso ea ka ho sa feleng e ne e tla oela ba sa mameleng litaba tse molemo. Hoa tšelisa ho hopola sena ha re hlokofatsoa ke matšoenyeho matsohong a bahlorisi.
Ha a tsoela pele, Pauluse o ile a bontša hore “motho ea hlokang molao” o ne a tla senoloa pele ho ho ba teng ha Kreste. (2:1-17, NW) Bathessalonika ba ne ba sa lokela ho ferekanngoa ke molaetsa leha e le ofe o neng o bolela hore “letsatsi la Jehova” le ne le se le fihlile. Pele, bokoenehi bo ne bo tla ba teng ’me motho ea hlokang molao o ne a tla senoloa. Ka mor’a moo, Jesu o ne a tla mo felisa, ’me o ne a tla etsa sena pontšong ea ho ba teng ha Hae. Ho sa le joalo, Pauluse o ile a rapella hore Molimo le Kreste ba tšelise lipelo tsa Bathessalonika ’me ba ba “tiise ketsong le lentsoeng le leng le le leng le molemo.”
Ho Sebetsana le ba sa Laoleheng
Mantsoe a tsoelang pele ao Pauluse a ileng a a bua a ne a akarelletsa litaelo tsa ho sebetsana le batho ba sa laoleheng. (3:1-18, NW) O ile a bontša kholiseho ea hore Morena o ne a tla matlafatsa Bathessalonika ’me a ba sireletse ho ea khopo, Satane Diabolose. Empa ho ne ho hlokahala hore ba nke mehato e tla ba tlisetsa melemo ea moea. Ba ne ba lokela ho ikhula ho ba sa laoleheng, ba itšunyang litabeng tse sa ba ameng le ba hanang ho sebetsa. Pauluse o ile a re: “Haeba ofe kapa ofe a sa batle ho sebetsa, le ho ja le se ke la mo lumella hore a je.” Batho ba joalo ba ne ba lokela ho tšoauoa, ’me ba ne ba sa lokela ho tšoaroa joaloka metsoalle, le hoja ba ne ba lokela ho eletsoa joaloka baena. Bakreste ba tšepahalang ba Thessalonika ba ne ba sa lokela ho khathala ke ho etsa hantle, ’me Pauluse o ne a lakatsa hore mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste o be le bona kaofela.
Lengolo la bobeli la Pauluse le eang ho Bathessalonika le neha Lipaki tsa Jehova tiisetso ea hore li tla lopolloa matšoenyehong a tsona ha Kreste le mangeloi a hae ba tlisa phetetso ho ba sa utloeng litaba tse molemo. Ho boetse ho matlafatsa tumelo ho tseba hore haufinyane “motho ea hlokang molao” (sehlopha sa baruti ba Bokreste-’mōtoana) le bolumeli bohle ba bohata ba tla felisoa. Nakong e sa ntsaneng e setse, a re eleng hloko keletso ea Pauluse ea ho se khathale ke ho etsa hantle.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lentsoe la Jehova le Tsamaea ka Potlako: Pauluse o ile a ngola: “Le ’ne le re rapelle, e le hore lentsoe la Jehova le ka tsoela pele ho tsamaea ka potlako [kapa, “le ka tsoela pele ho matha”] ’me la tlotlisoa feela joalokaha ho le joalo ho lōna.” (2 Ba-Thessalonika 3:1, Kingdom Interlinear) Litsebi tse ling li entse tlhahiso ea hore moapostola o ne a bua ka limathi tse neng li matha ka potlako peisong. Le hoja hoo ho sa tsebahale hantle, Pauluse o ile a kōpa lithapelo tsa Bakreste ba Thessalonika e le hore eena le basebetsi-’moho le eena ba ka hasa lentsoe la ’nete ka potlako ho se tšitiso ea letho. Ka lebaka la hore Molimo o arabela lithapelo tse joalo, lentsoe la oona le “tsamaea ka potlako” ha litaba tse molemo li ntse li boleloa ka potlako mehleng ena ea qetello. Lentsoe la Jehova le boetse ‘lea tlotlisoa,’ balumeli ba le hlompha haholo kaha ke “matla a Molimo a poloko,” joalokaha Bathessalonika ba ileng ba le amohela ba ne ba le hlompha haholo. (Ba-Roma 1:16, NW; 1 Ba-Thessalonika 2:13, NW) Re thaba hakaakang hore e be Molimo o hlohonolofatsa baboleli ba ’Muso ’me ka potlako o eketsa palo ea barapeli ba oona!—Esaia 60:22.