E-ba le Mamello ’me U Etse Tšebeletso e Phethahetseng
1 Moapostola Pauluse o ne a ikutloa a tlamehile ho phethahatsa boikarabelo ba hae pel’a Jehova ba ho ba le mamello le ho bolela litaba tse molemo ka ho phethahetseng ho bohle ba neng ba tla li utloa. Ka kholiseho o ile a bolella baholo ba bokaneng ba tsoang Efese: ‘Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, hafeela nka phetha mosebetsi oa ka, le tšebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ea ho paka ka ho phethahetseng tsa molaetsa o molemo oa mohau oa Molimo.’ (Lik. 20:24, BPN) Na re ikutloa re tlamehile ho etsa se tšoanang?—1 Ba-Kor. 9:16.
TŠIMONG E SEBETSOANG KHAFETSA
2 Mamello e hlokahala ka ho khethehileng haeba tšimo ea rōna e sebetsoa khafetsa haholo. Ho sa tsotellehe hore na tšimo e nyenyane kapa che, re lokela ho susumelletseha ho etela batho nako le nako. Etsa boiteko ba ho buisana le bohle ba lulang lelapeng ka leng, ’me u thuse batho ba tšepahalang ho ananela tšepo e theiloeng Bibeleng ea ’Muso oa Molimo.
3 Ha tšimo ea rōna e sebetsoa khafetsa, molemo o mong o tlisoang ke ho mamella ke hore re tloaelana haufi-ufi le beng ba matlo. Sena se ka ba etsa hore ba ikutloe ba lokolohile haholoanyane ho re bulela monyako. Bukeng ea Ho Bea Mabaka ho na le litlhahiso tse ntle haholo tseo re ka li sebelisang ho feto-fetola likenyelletso tsa rōna tšimong e sebetsoang khafetsa.—Bona Ho Bea Mabaka, maqephe 9-15.
4 Ho ka ’na ha ba le liketsahalo tseo ho tsona re etelang batho ba sa amoheleng lingoliloeng tsa rōna, le hoja ba bonahatsa thahasello e itseng. Re lokela ho arabela joang? Boiteko ba rōna ba ho etsa tšebeletso e phethahetseng bo tla re susumelletsa ho mamella e le hore re ka hōlisa thahasello eo. Qetellong ho hlaolela se jetsoeng lipelong tsa bona ho ka ba susumelletsa hore ba amohele thuto ea Bibele. Moena e mong o ile a etela mong’a ntlo ea thahasellang ka libeke tse hlano tse latellanang ho se mohla a mo sielang lingoliloeng. Ketelong ea botšelela, mong’a ntlo o ile a amohela lingoliloeng, ’me qetellong ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele.
HO NEHELANA KA LIBUKANA TSE LEKANANG LE MAKASINE
5 Ka July le August, Sehlooho sa rōna sa Puisano e tla ba se reng “Ke Mang ea Tla Tlisa Lefatše le Lecha?” Re ka sebelisa sehlooho sena ’me ra se feto-fetola ka ho lekaneng ha re nehelana ka efe kapa efe ea libukana tse latelang tse lekanang le makasine: Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Lebitso la Molimo le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, le ’Muso o Tla Tlisa Paradeise. Haeba re ipha nako ea ho tloaelana le libukana tsena tse lekanang le makasine, re tla fumana lintlha tse ’maloa tse thahasellisang tse loketseng tseo re ka li sebelisang hammoho le Sehlooho sa Puisano.
6 Ka mohlala, re ka ’na ra itsebisa ho mong’a ntlo eaba re re: “U nahana joang ka tšepiso ea motho ea ho tlisa lefatše la khotso? [Emela karabo.] Hlokomela kamoo Bibele e hlalosang matla a motho ka teng tabeng ena. [Bala Jeremia 10:23.] Ho theosa le makholo a lilemo, motho o ipakile hore ka sebele ha a tšoanelehe ho ipusa. Leha ho le joalo, hlokomela tšepiso e tšepahalang ea Molimo. [Bala 2 Petrose 3:13.] Kahoo tšepiso e tiileng ea Molimo ea lefatše le lecha e tla phethahala.” Haeba re sebelisa bukana e lekanang le makasine ea “Bonang,” re ka hlokomelisa mong’a ntlo ka se boletsoeng leqepheng la 30, serapa 58. Ha re nehelana ka bukana e lekanang le makasine ea ’Muso, re ka totobatsa se boletsoeng serapeng sa pele leqepheng la 3. Setšoantšo se sekoahelong sa bukana e lekanang le makasine ea Bophelo Lefatšeng se ipiletsa haholo ’me se nyalana le Sehlooho sa Puisano. Hape, re ka sebelisa serapa sa boraro leqepheng la 31 la bukana e lekanang le makasine ea Lebitso la Molimo.
7 Ho akaretsa tšimo ea rōna ka litaba tse molemo ka mamello le ka ho phethahetseng ho tla tlisetsa ba re mamelang poloko. (1 Tim. 4:16) Nako ea fela! Ka hona, e se eka re ka bontša mamello ’me re fane ka bopaki bo phethahetseng ha re ntse re kopanela ka botlalo ho boleleng molaetsa ona oa poloko.