Ho Buella Peeletso ea Molula-Qhooa ka May
1 Morero oa Molula-Qhooa o boletsoe ka bokhutšoaane tokollong ka ’ngoe ea Molula-Qhooa karolong e ka holimo ea leqephe 2. Re ka etsa eng tumellanong le morero oo o boletsoeng e le hore re ka thusa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang? Ka May, re tla etsa boiteko bo khethehileng ba ho khothalletsa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba etse peeletso ea Molula-Qhooa.
2 Ho motho ea bolelang hore ke Mokreste re ka re:
◼ “Re botsa baahisani ba rōna potso ’me re ka thabela ho utloa hore na uena u re’ng ka eona. Kaha Jesu o re rutile ho rapella hore ’Muso oa Molimo o tle le hore thato ea Oona e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong, na u nahana hore ka sebele thato ea Molimo e tla etsoa mona lefatšeng?” Emela karabo, ebe joale u phetla ho Esaia 55:10, 11 ’me u meme mong’a ntlo hore a hlokomele kamoo litšepiso tsohle tsa Molimo li tla phethahala ka teng.—rsSU, leq. 12, kenyelletso ea bobeli tlas’a “’Muso.”
3 Haeba mong’a ntlo a bontša thahasello, mohlomong u ka tsoela pele ka ho re:
◼ “O mong oa merero ea makasine oa Molula-Qhooa ke ho hlokomelisa ka ho phethahatsoa ha boprofeta ba Bibele. Hlokomela sehlooho sena.” Joale lebisa tlhokomelo sehloohong sa pele tokollong ea May 1 ea Molula-Qhooa, “1914—Selemo se Ileng sa Tšosa Lefatše” ebe u re: “Mohlomong u ntse u ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella 1914?’ Hlokomela se boleloang ke serapa 2 ka 1914 le Molula-Qhooa.” Joale u bale serapa seo.
4 Haeba u batla ho ba le puisano e teletsana, u ka ’na ua atolosa nehelano eona eo hore e kopanyelletse taba e ngotsoeng ho Tšenolo 21:3-5, joalokaha e bontšitsoe bukeng ea Ho Bea Mabaka.
Tabeng ena, ka mor’a ho bala Esaia 55:10, 11, u ka re:
◼ “Haufinyane ho tla phethahatsoa boprofeta bo babatsehang bo mabapi le thato ea Molimo ka lefatše. Bo tla ama bophelo ba hao le ba ka. Ak’u utloe se ngotsoeng ho Tšenolo 21:3-5.” Joale u ka bala litemana ’me ua bua ka mahlohonolo a tla ba teng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo. Bontša kamoo Molula-Qhooa o tsebahatsang puso ea ’Muso oa Molimo ka teng.
Mohlomong u ka re:
◼ “Tokollo ea May 1 e na le sehlooho ‘Ke Mang ea Tla Pholoha “Nako ea Tlokotsi”?’ E tla u thusa ho bona kamoo u ka phelang lefatšeng le lecha la ho loka tlas’a ’Muso oa Molimo oo re balang ka ’ona ho Tšenolo 21.”
5 Sebelisa Molula-Qhooa e le Mohato o Lebisang Thutong ea Bibele: Pakane ea rōna ke ho thusa batho ba bang hore ba ithute ’nete e le hore le bona ba ka fetoha basebetsi-’moho le Jehova ’me ba kopanele ho tsebahatseng ’Muso oa Jehova. Kahoo, ha re fumana batho ba thahasellang, re batla ho ba ngola fatše le ho khutlela kapele.
6 Le hoja ntle ho pelaelo re tla fumana lipeeletso tse ngata ka ntlo le ntlo, ha re batle ho lebala batho bao re sebetsang le bona, baahisani ba rōna, le beng ka rōna. Ha re le mosebetsing oa seterateng motho e mong a ka ’na a re: “Ke bala limakasine tsa lōna ka mehla.” Mo hlalosetse kamoo a ka amohelang Molula-Qhooa ka mehla ka ho etsa peeletso. Na bana ba rōna ba na le peeletso? Na re nahanne ka ho etsetsa motho e mong eo re mo tsotellang e le kannete peeletso? Ho thoe’ng ka batho bao ka mehla re etsang maeto a ho boela ho bona kapa liithuti tsa rōna tsa Bibele? Haeba motho a ke ke a khona ho etsa peeletso ea selemo, buella peeletso ea likhoeli tse tšeletseng. Haeba motho a hana ho etsa peeletso, etsa tlhahiso ea hore a nke limakasine tse peli.
7 Ha re ntse re abelana ’nete le ba bang ka thuso ea Molula-Qhooa, e se eka ka mehla re ka batla tataiso ea Jehova e le hore re ka batla le ho fepa batho ba kang linku.—Joh. 21:15-17.