Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Koahela Tšimo e ka Thōko Paraguay ho Beha Litholoana
LEKALA la Mokhatlo oa Watch Tower le Paraguay le hlokometse ka botlalo tlhokahalo ea ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso tšimong eohle ea lona. (Liketso 1:8) Ena ke nako ea hore bohle ba ithute ka ’Muso le ho sebeletsa Jehova pele a timetsa tsamaiso ena e mpe ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang. (Mattheu 24:21, 22) Liphihlelo tse latelang li bontša se etsoang ho thusa batho masimong a ka thōko. Lekala lea tlaleha:
Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho koahela tšimo e ka thōko ho sebelisoa bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana. Likhoeling tsa November ho ea ho January selemong sa tšebeletso sa 1990, baena le bo-khaitseli ba 39 ba ile ba koahela kakaretso ea metse e meholo e lekholo le litoropo tse nyenyane moo le joale ho se nang bahoeletsi ba ’Muso. Ba tsebile ho aba libuka tse 6 119, libukana tse 4 262, le limakasine tse 5 144. Ka baka la mosebetsi ona, ho qalisoa lihlopha tse ncha tsa bahoeletsi.
◻ Khaitseli oa pula-maliboho ea sebetsang tšimo e sa abuoang o ile a siela mosali e mong buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. O ile a lumela ka thabo ha pula-maliboho a ithaopela ho mo khannela thuto ea Bibele. Ha pula-maliboho a khutla, ba neng ba mo letetse e ne e se mosali eo feela empa le monna oa hae le bana ba bona ba leshome. Ketelong e latelang, lelapa hammoho le metsoalle ea bona le baahisani ba ne ba itokiselitse thuto ea Bibele! Mosali eo o ne a ba memile, a bolela hore thuto e ne e le molemo haholo le hore tšepo le mahlohonolo ao Jehova a fanang ka oona a matle. Ena e ne e le ntho eo ho seng motho ea kileng a ’molella eona pele, o bile le boikutlo ba hore baahisani ba hae le metsoalle le bona ba lokela ho utloa litaba tsena tse molemo.
Nako le nako ha pula-maliboho a ne a khanna thuto, ho ne ho na le batho ba bangata hoo ho neng ho bonahala eka ke phutheho e nyenyane. Batho bana ba thahasellang ba ne ba botsa lipotso tse ngata le ho nka karolo thutong. Ha pula-maliboho a hlalosa hore hang feela ha tšimo e se e sebelitsoe, eena le bao a neng a sebetsa le bona ba ne ba tla lokela ho fallela tulong e ncha, mosali eo ka ho khathatseha o ile a botsa hore ho tla etsahala eng ka bona. Litokisetso li ile tsa etsoa le baena ba tsoang phuthehong e haufi ho ntšetsa thuto pele. Hona joale bo-pula-maliboho ba khethehileng ba abetsoe ho thusa batho bana ba thahasellang, ba kang linku.
Tšimong e ’ngoe e sa abuoang ha khaitseli oa pula-maliboho a ntse a ea ka ntlo le ntlo, o ile a fumana monna eo lilemong tse ka bang leshome tse fetileng a ileng a fumana buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tloha nakong eo ha a ka a hlola a bona Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, o ne a tseba hore Jehova, eo a neng a ’mitsa Jehova oa makhotla, ke eena feela Molimo oa ’nete le hore ke Eena feela ea tšoanetseng ho rapeloa. Ka boithaopo, o ne a ntse a bua le motho e mong le e mong eo a mo tsebang ka Jehova. Ha e le hantle, beke e ’ngoe le e ’ngoe o ne a tsamaea lik’hilomithara tse tharo ho etela banyalani ba thahasellang ho ea bua le bona ka Molimo hobane, joalokaha a bolela, ‘Haeba ke khaotsa ho ba etela, ba tla lebala ka Jehova.’ Ho phaella ho banyalani bana, ho ne ho na le batho ba ka bang leshome ba neng ba batla ho khanneloa thuto ea Bibele—sena sohle se etsahetse hobane motho enoa ea thahasellang a ile a bua le bona.
Ho makatsang ke hore, matsatsi a ’maloa pele pula-maliboho a fihla ho eena, eena monna enoa o ile a hana ho lumella moruti oa moo le mokoloko oa hae ho kena ka tlung le setšoantšo sa moroetsana, a hlalosa hore o ne a sa lumele litšoantšo. Moruti o ne a halefile. Bosiung boo monna enoa a rapela Jehova bakeng sa thuso. Kahoo ak’u nahane feela hore o ne a nyakalletse ebile a thabile hakaakang ha pula-maliboho a fihla. Hang-hang litokisetso bakeng sa thuto ea Bibele e hlophisitsoeng tsa etsoa, ’me monna eo o ntse a tsoela pele ho kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo.
Ka sebele, Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa ho bokella Paraguay ha baena ba leka ho fana ka bopaki bo phethahetseng masimong ana a sa abuoang.—Mattheu 24:14.