Likenyelletso li ka ba le Phello e Molemo
1 Na u ’nile ua sebelisa tse ling tsa likenyelletso tse hlahisitsoeng bukeng ea Ho Bea Mabaka kapa tse hlahang litokollong tsa morao-rao tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso? Bahoeletsi ba bangata ba tlaleha hore ba ba le katleho e khōloanyane tšebeletsong ea ntlo le ntlo ka ho sebelisa likenyelletso tsena ba li bua lentsoe ka lentsoe joalokaha li ngotsoe. Ba bang ba fumane hore ka ho ipha nako e eketsehileng ba lokisetsa tšebeletso ea tšimo, ba atlehile ho etsa likenyelletso tsena ka mantsoe a bona empa ba li thehile mantsoeng a litlhahiso tse hatisitsoeng.
2 ’Nete ke hore, haeba u e-ea ho motho ka molaetsa oa ’Muso u hopotse likenyelletso tsa hao hantle, u tla ikutloa u lokolohile haholoanyane ’me u kholisehile haholoanyane. Lipolelo tsa hao li tla bontša takatso ea hao e tiileng ea ho batla ho abela ba bang litaba tse molemo. Ho itokisetsa hantle ho etsa hore tšebeletso ea hao e be e thabisang haholoanyane hobane u tla fumana litholoana tse molemo haholoanyane. Habohlokoa ka ho fetisisa ke hore re etsa hore mahlabelo a rōna a tšebeletso e be a molemo ka ho fetisisa ao re ka nehelanang ka ’ona.—Ba-Heb. 13:15; 1 Pet. 2:5.
3 Kahoo, iphe nako ea ho lokisetsa. Nahana ka mofuta oa batho bao ho ka etsahalang hore u teane le bona tšimong ea lōna. Lintho tse ba khathatsang le tseo ba amehileng ka tsona ke life? Ke liketsahalo life tsa morao-rao tse amang bophelo ba bona? Ka mor’a ho nahanisisa ka likarabelo tsa lipotso tsena, hlahloba likenyelletso tse hlahisitsoeng ho maqephe 9-15 bukeng ea Ho Bea Mabaka kapa u khethe kenyelletso e le ’ngoe kapa tse eketsehileng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Ikutloe u phutholohile ho lokisa kapa ho fetola mantsoe a sebelisitsoeng e le hore u khone ho a sebelisa hantle. Mohato o latelang e ka ba hore bahoeletsi ba bang ba ikoetlise le uena ba sebelisa likenyelletso tsa hao. Mohlomong sena se tla khothatsa le ba bang hore ba ntlafatse likenyelletso tsa bona. Boemong leha e le bofe, le tla be le khothatsana ’me le matlafatsana mesebetsing e metle.
4 Nako eo u e qetang le boiteko boo u bo etsang ho lokisetsa linehelano tsa hao tsa tšimo li tla putsoa. U ka hlohonolofatsoa ka hore u be le karolo e atlehileng mosebetsing ona o thabisang oa ho bokella oo hona joale o tsoelang pele.