Litaba Tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Ka March 28, 1992, Phutheho ea Seshego Zone 1 e ka leboea ho Transvaal e ile ea thabela ho nehela Holo ea eona e ncha ea ’Muso. Mafelong ’ona ao a beke le Phutheho ea Kimberley Central e ile ea nehela Holo ea eona ea ’Muso e nchafalitsoeng le e atolositsoeng.
Congo: Re thabela ho tlaleha hore ka November 1991 mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa nkoa ka molao Rephabliking ea Sechaba ea Congo.
Ethiopia: Ka December ho bile le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 3185. Kopanong ea bona ea pele ea setereke Addis Ababa ho bile teng ba fetang 7000 ’me ho ile ha kolobetsoa ba 328.
Haiti: Ka December ho ile ha tlalehoa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 7248. Bahoeletsi ba phutheho ba entse kakaretso ea lihora tse 15,2, ’me ho bile le litlhōrō tse ncha maetong a ho boela le lithutong.
Peru: Ka December kakaretso ea palo ea bahoeletsi ba 39 104 e bile le keketseho ea 12 lekholong ho feta ea khoeli eona eo selemong se fetileng. Ho totobetseng ke ’nete ea hore bo-pula-maliboho ba 8842 ba etsa karolo ea 23 lekholong ea kakaretso ea bahoeletsi.