Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/92 leq. 4
  • Etsa Maeto a ho Boela a Atlehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsa Maeto a ho Boela a Atlehang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maeto a ho Boela a Bonolo le a Atlehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Haha Thahasello ka ho Etsa Maeto a Atlehileng a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Sebelisa Buka ea ho Bea Mabaka Maetong a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Itete Sebete ho Etsa Maeto a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 5/92 leq. 4

Etsa Maeto a ho Boela a Atlehang

1 Ho etsa maeto a ho boela ke karolo ea bohlokoa ea tšebeletso ea rōna joaloka “ba sebetsang le Molimo.” (1 Ba-Kor. 3:6-9) Ha ho hlokahale hore re tšohe hore na mong’a ntlo o tla arabela joang, kaha re etela motho ea seng a bontšitse thahasello ’neteng. Ho lokisetsa hantle ha rōna ho tla bontša hore re na le thahasello ea sebele ho motho eo re khutlelang ho eena ha re ntse re buisana le eena ka taba ea Bibele e ipiletsang.

2 Toba taba; botsa lipotso tse bohlale.

Ho tsoa ho seo u ileng ua se ngola ketelong ea pele, mohlomong u ka botsa:

◼ “Na u nahanne ka ho eketsehileng ka litšepiso tsa Molimo tsa ho busa lefatše ka ho loka?”

Potso e ’ngoe e ka ba:

◼ “Na u ikutloa hore thapelo ea hao ea hore ’Muso oa Molimo o tle e bile le moelelo haholoanyane ho tloha bekeng e fetileng ha re ne re buisana?”

Ponahalo ea sefahleho e nang le botsoalle le molumo oa lentsoe li phetha ho hoholo ho bontša thahasello ea rōna ea sebele ha re botsa lipotso tsena.

3 U Se Ke Ua Potlaka; Mamela se Boleloang ke Mong’a Ntlo. Haeba re mamela se boleloang ke mong’a ntlo ’me re nahana ka ho teba pele re araba, thahasello ea rōna ea sebele ho eena e tla bonahala. Motheong oa seo a se bolelang, u ka fana ka khopolo ea Mangolo e amanang le ketelo ea hao ea pele. Ikemisetse ho ruta mong’a ntlo ntho e itseng lekhetlo le leng le le leng ha u mo etetse. Haeba ho hlaha taba eo u neng u sa e lebella, sebelisa monyetla oa ho ntša buka ea hao ea Ho Bea Mabaka bakeng sa ho fumana boitsebiso bo hlokahalang.

4 Haeba u tsamaisitse “Molula-Qhooa” oa May 1, 1992, u ka re:

◼ “Nakong e fetileng, re buile ka selemo sa 1914. Ntoa e ileng ea qala selemong seo e tlisitse liphetoho mebusong e mengata. Haesale ho tloha ka nako eo, ho ntse ho etsoa liphetoho tse ngata. Empa na ka sebele tse ling tsa liphetoho tsee kapa kaofela ha tsona li khotsofalitse litlhoko tsa batho, kapa na li ka tiisa hore ho tla ba le khotso e sa feleng? [Emela karabo.] Hlokomela kamoo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae ho rapella ’muso oo ka sebele o neng o tla rarolla mathata a maholo ao re tobanang le ’ona kajeno. [Bala Mattheu 6:9, 10.] U nahana hore ’Muso oa Molimo o tla etsa eng? [Emela karabo.] Tlhaloso ea Bibele e boetse e thahasellisa haholo.” Ebe u bala Daniele 2:44. U ka ’na ua sebelisa litšoantšo tse ho maqephe 12 le 13 bukeng ea Phela ka ho sa Feleng ho bontša maemo a ka lebelloang tlas’a ’Muso oa Molimo.

5 Haeba u tsamaisitse “Tsoha!” ea May 8, 1992, u ka re:

◼ “Ha ke ne ke u etetse lekhetlong le fetileng, re ile ra bua ka batho ba tlohileng linaheng tsa habo bona ba balehela ho hloka toka le ho utloisoa bohloko. Na u nahana hore e hlile Molimo oa ameha ka seo batho ba tlamehang ho se mamella matsohong a batho ba bang?” Ho itšetlehile ka karabo, u ka ’na ua abelana le motho eo se ngotsoeng ho Moeklesia 4:1 kapa Pesaleme ea 72:12-14. Joale u ka phetla leqephe 15 la bukana e lekanang le makasine ea “Bonang,” ebe ua bala kapa u akaretse lirapa tse tharo tse leqepheng leo, u botsa lipotso bakeng sa serapa ka seng.

6 A re tsoeleng pele ho bontša thahasello ea botho le ho hopola lihlooho tsa Bibele tse ipiletsang tseo re tla bua ka tsona e le hore maeto a rōna a ho boela a atlehe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela