Na U se U Loketse ho Tobana le Boemo ba Phekolo ea Meriana bo Lekang Tumelo?
Boloka boitsebiso bona moo u tla bo fumana kapele ha bo hlokahala
1 Ha ho motho ea nahanang haholo ka hore mohlomong o tla kena sepetlele kajeno kapa hosane. Leha ho le joalo, ‘nako le ketsahalo e sa lebelloang li re oela bohle.’ (Moek. 9:11, NW) Le haeba u sa amohele phekolo ea meriana e le mokhoa oo u o thabelang oa tlhokomelo ea bophelo bo botle, u tla etsa joang ho itšireletsa hore u se ke ua tšeloa mali u sa batle haeba u ka hlaheloa ke kotsi e ka etsang hore u akhehe ebe u potlakisetsoa sepetlele? E, kotsi ea tšohanyetso kapa ho fokolloa ke bophelo ka sekhahla ho ka etsa hore ka mokhoa o sa lebelloang u tobane le boemo bo lekang tumelo ea hao.
2 Haeba u ka iphumana u le sepetlele ka lebaka leha e le lefe, u tla etsa’ng ho boloka botšepehi haeba e mong moo a u bolella hore u tla shoa haeba u sa tšeloe mali? Na u tla potlakela ho lumela hore ka sebele seo a se bolelang se hlalosa boemo ba hao? Na u kholisehile ka ho felletseng hore ha u batle mali? Na u se u loketse ho tobana le phephetso ee ea tumelo ea hao le ho ‘tela mali’?—Lik. 15:28, 29.
3 Ho hana ka katleho tšelo ea mali e silafatsang moeeng ho qala ka ho ba le kholiseho e tiileng. Kholiseho e joalo e tlameha ho thehoa kutloisisong e hlakileng ea se boleloang ke Bibele ka mali. Ho seng joalo, ho ka etsahala hore ka baka la ho nkeha maikutlo, o tšosoe habonolo ke motho ea ipolelang hore o tseba boemo boo haholoanyane ho feta kamoo uena u bo tsebang ka teng. Na u tla khelosoa hore u nahane hore mohlomong lingaka li tseba haholoanyane ka mali ho feta Molimo? Ka sebele, maemong ana u tla batla hore u “ikemisetse ka tieo” ho etsa “se nepahetseng” mahlong a Jehova, ho sa tsotellehe seo batho feela ba ka se bolelang.—Deut. 12:23-25, NW.
MEHATO EA BOHLOKOA E NKOANG ESALE PELE—NA U SE U E NKILE?
4 Tabeng ea pele, kholiseha hore bohle ka lapeng ba na le medical directive tokomane e tlatsitsoeng ka ho felletseng—e ngotsoeng letsatsi, e saennoeng le e saennoeng ke lipaki. Baena ba bang ha ba fihla sepetlele ka tokomane e sa ngoloang letsatsi/kapa e sa saenoang ke paki ba fumane hore ha e nkoe e sebetsa. ’Me na bana bohle ba rōna ba sa kolobetsoang ba na le likarete tsa bona tsa boitsebiso tse tlatsitsoeng hantle? Haeba ho se joalo, basebeletsi ba sepetlele ba tla tseba joang boemo ba hao ka mali le hore na ba bitse mang haeba ngoana oa hao a ka hlaheloa ke kotsi ea tšohanyetso?
5 Joale tiisa hore bohle ba lula ba e-na le litokomane tsena KA LINAKO TSOHLE. Hlahloba sena ho bana ba hao pele ba ea sekolong letsatsi le leng le le leng, e, esita le pele ba ea sebakeng seo ba bapallang ho sona kapa sebakeng sa boikhathollo. Kaofela ha rōna re tlameha ho kholiseha hore litokomane tsena li ho rōna ha re le mosebetsing, ha re le phomolong kapa kopanong ea Bokreste. Le ka mohla u se lule u se na tsona!
6 Nahana ka se ka ’nang sa u etsahalla haeba u ka kena kamoreng ea kokelo ea likotsi tsa tšohanyetso sepetlele, u akhehile ’me/kapa u sitoa ho ipuella. Haeba tokomane e le sieo ho uena, ’me ho se mong ka uena kapa moholo sepetlele ho u buella, ’me ho etsoa qeto ea hore u ‘hloka mali,’ ho ka etsahala hore u tšeloe mali. Ka bomalimabe, sena se etsahalletse ba bang. Empa ha re e-na le tokomane ena, ea re buella, e hlalosa thato ea rōna.
7 Ke ka hona tokomane ea meriana e leng molemo ho feta medical bracelet kapa necklace. Tsona ha li hlalose mabaka a rōna a thehiloeng Bibeleng bakeng sa boemo ba rōna, ’me ha li na mosaeno o tiisang se ngotsoeng. Qeto e ileng ea etsoa ke lekhotla la Canada ka tokomane ea khaitseli e bile hore: “[Mokuli] o khethile tsela e le ’ngoe feela e teng ea ho hlokomelisa lingaka le batho ba bang ba fanang ka tlhokomelo ea bophelo bo botle, hore leha a ka akheha kapa ka tsela e itseng a hlōleha ho bolela seo a se batlang, ha a lumelle tšelo ea mali.” Kahoo le ka mohla u se ke ua lula u se na eona!
8 Kaha medical directive ea rōna e etselitsoe haholo-holo ho sebetsa maemong a tšohanyetso, joale moo u ikhethelang mokhoa oa ho buuoa u tla ba bohlale hore u ingolle directive ea hao ea botho, e batsi haholoanyane (e thehiloeng ho medical directive ea rōna) e le hore u ka kopanyelletsa lintlha tse tobileng, tse kang mofuta oa ho buuoa le mabitso a lingaka le sepetlele seo u batlang ho ea ho sona. U na le tokelo ea ho etsa sena ’me ka hona u kholisehe hore u fumana phekolo eo u e khethileng. Esita le haeba uena le ngaka le ke ke la lebella mathata a tebileng, hlalosa hore directive ena e tlameha ho lateloa haeba ho ka hlaha lintho tse sa lebelloang.—Liprov. 22:3.
9 Bohato bo bong ba bohlokoa ke ho buisana le basebeletsi ba tsa bongaka ba amehang bao ho tla hlokahala hore u sebelisane le bona phekolong eo u ikhethetseng eona kapa phekolong ea tšohanyetso. U lokela ho bua le mang ka ho khetheha?
BUISANA LE BASEBELETSI BA TSA BONGAKA
10 SEHLOPHA SA TSA BONGAKA: Ena ha se nako ea ho tšaba batho. (Liprov. 29:25) Haeba u bonahala u sa kholiseha, motho e mong a ka ’na a nka hore ha ua tiea. Haeba ho hlokahala hore u buuoe, ebang u ikhethetse hoo kapa ke ha tšohanyetso, uena kapa setho se haufi sa lelapa ka boikemisetso le tlameha ho botsa lipotso tse tobileng ho ea okametseng sehlopha sa lingaka tse buoang. Potso e ’ngoe ea bohlokoa ke hore, Na sehlopha se tla hlompha seo mokuli a se batlang ’me maemong ’ohle se mo phekole ka ntle le tšebeliso ea mali? Ka ntle le tiisetso ena e ka ’na eaba ha ua sireletseha ka ho felletseng.
11 Bolela seo u se batlang ka mokhoa o hlakileng le ka kholiseho e bontšang botsitso. Hlakisa hore bothateng ba hao u batla mokhoa o mong oa phekolo ea meriana o sa sebeliseng mali. Ka tsela e khutsitseng le e sebete bua ka directive ea hao e batsi haholoanyane le foromo e lokollang sepetlele molatong. Haeba ngaka e sa ikemisetsa ho sebetsa tumellanong le seo u se batlang, u tla boloka nako haeba u kōpa mookameli oa phekolo ea meriana sepetleleng seo hore a u fumanele ngaka e ’ngoe. Ena ke karolo ea mosebetsi oa hae.
12 NGAKA E ROBATSANG KA LITHETHEFATSI (ANESTHESIOLOGIST): Ho bohle ba leng sehlopheng sa lingaka bao ho hlokahalang hore u buisane le bona pele u buuoa, U SE KE UA LEBALA HO BUISANA LE NGAKA ENA. Kaha e beiloe hore e u boloke u phela nakong ea ha ngaka e buoang batho e u sebetsa, ngaka e robatsang ka lithethefatsi ke eona e etsang liqeto ka litaba tse kang tšebeliso ea mali. Kahoo ha ua sireletseha ka hore feela u bue le ngaka e buoang batho. Ka hona, u tlameha ho bua le ho kholisa ngaka e robatsang ka lithethefatsi ka boemo ba hao, u batle ho tseba haeba e tla bo hlompha kapa che.—Bapisa le Luka 18:3-5.
13 Ho bonahala mokhoa o tloaelehileng e le hore, ngaka e robatsang ka lithethefatsi e etele mokuli ka nako e khutšoaane hoo e batlang e se e le bosiu haholo pele a buuoa—empa nako e se e ile haholo haeba a hanyetsa boemo ba hao ka mali. Phehella hore ngaka e buoang batho e khethe ngaka e robatsang ka lithethefatsi e tla sebelisana hantle le uena eo u ka buisanang le eona nako e telele esale pele tšebetsong ea ho buuoa eo u e khethang. Joale ho tla ba le nako ea ho batla ngaka e ’ngoe haeba ea pele e sa ikemisetsa ho lumellana le seo u se batlang. U se ke ua lumella leha e le mang hore a u sitise tokelong ena ea hao ea hore u khotsofatsoe ke ngaka e robatsang ka lithethefatsi nakong ea ha u buuoa.
14 Ho sena sohle, u tlameha ho hlakisa boemo ba hao bo sa sekisetseng: MALI A BE SIEO. Batla mokhoa o mong oa phekolo ea meriana o sa sebeliseng mali. Bolela mekhoa e meng e tsebahalang ea phekolo e etsoang ntle ho mali e ka sebelisoang tabeng ea hao. Haeba sehlopha sa lingaka se ikutloa hore mekhoa ena ha e thuse tabeng ea hao, se kōpe hore se etse lipatlisiso lingoliloeng tsa phekolo ea meriana ka mekhoa e meng e ka sebelisoang. Se kholise hore u ka se fumanela boitsebiso bo bong haeba se ka bo thabela ka hore u kōpe baholo ba heno hore ba iteanye le Mokhatlo.
HO SEBELISA LITOKELO TSA HAO
15 Hlahloba ka hloko foromo ea ho lokolla lingaka molatong le foromo e bontšang hore u lumela phekolo e tla fanoa tseo sepetlele se u kōpang hore u li tlatse ha u amoheloa teng. Ka linako tse ling ka mor’a ho bolela hore ba tla hlompha seo u se batlang, serapa se latelang se tla bolela hore motho ea saenang o lumela hore sepetlele se ka sebelisa phekolo e “bolokang bophelo” ha se thulana le mathata. Phekolo ena e ka kopanyelletsa mali. U na le tokelo ea ho lokisa lipolelo tse joalo hore li se kopanyelletse mali kapa u li hlakole ho-hang. Baoki ba ka leka ho u bolella hore u ke ke ua etsa hoo, empa u ka ho etsa! Hlalosa hore foromo e joalo ke konteraka eo u e etsang le bona le hore u ke ke ua saena konteraka eo u sa lumellaneng le eona. Haeba leha e le mang a leka ho u qobella hore u saene u sa batle, kōpa ho buisana le mookameli le/kapa ’muelli oa bakuli setsing seo sa tlhokomelo ea bophelo bo botle.
16 Na u ka etsa lintho tse joalo? E, u ka li etsa. Kahoo falimehela litokelo tsa hao joaloka mokuli. Litokelo tsena tsa botho ha li sale monyako ha u kena sepetlele. Ha ho hlokahale hore u li lahle e le hore u ka fumana phekolo. U se ke ua lumella leha e le mang hore a u bolelle se fapaneng le sena.
17 Tokelo e ’ngoe e joalo e bitsoa tokelo ea ho lumela hobane u fuoe boitsebiso, e leng ho bolelang hore ha ho phekolo ea mofuta leha e le ofe eo u ka e fuoang ntle le tumello ea hao. U ka ba ua hana phekolo eohle haeba u rata. Ho lumela ha hao phekolo ho tlameha ho tla ka mor’a hore u hlalosetsoe ka ho hlakileng ka seo sehlopha sa lingaka se rerileng ho se etsa, ho kopanyelletsa le likotsi tse ka ’nang tsa hlaha. Joale, se tlameha ho u bolella ka mekhoa e meng ea phekolo e ka sebelisoang. ’Me, ka mor’a ho fuoa boitsebiso, u ka khetha hore na u batla phekolo efe.
18 E le hore u kholisehe ka seo u lumelang hore se etsoe, u TLAMEHA ho botsa lipotso tse nepahetseng ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u sa e utloisiseng, haholo-holo haeba ho sebelisitsoe mantsoe a maholo kapa mantsoe a sebelisoang ke basebeletsi ba sepetlele. Ka mohlala, haeba ngaka e bolela hore e tla batla ho sebelisa “lero la mali la se nang ’mala” (plasma), ka ho se tsebe u ka ’na ua etsa qeto ea hore e bua ka “lero la mali le se nang ’mala le eketsang mokeli-keli” (plasma volume expander), empa ho se joalo. Pele u lumela, botsa: “Na seo se na le metsoako ea mali?” Ka khato leha e le efe eo e tla e nka, botsa: “Na phekolo eo e ama tšebeliso ea lihlahisoa tsa mali?” Haeba e hlalosa sesebelisoa se seng seo e batlang ho se sebelisa, botsa: “Na mali a ka a tla bolokoa ka nako leha e le efe nakong ea ha ho sebelisoa sesebelisoa see?”
19 U lokela ho etsa joang haeba leha u entse sohle se boletsoeng ka holimo ho ntse ho se tšebelisano-’moho kapa ebile ho na le khanyetso e itseng boemong boo u bo nkileng? U se ke ua tsila-tsila ho batla thuso. Ba bang ba eme nako e telele haholo pele ba ka batla thuso ’me ba beha bophelo ba bona kotsing.
THUSO EA BOHLOKOA NAKONG EA HA E HLOKAHALA
20 Hlokomela mehato e latelang ea ho fumana thuso e hlokahalang: (1) Hang ha uena kapa motho eo u mo ratang a tobana le ho buuoa ka boikhethelo kapa ka tšohanyetso ’me ho e-na le ho se lumellane ka baka la hobane sepetlele se batla ho sebelisa mali; kapa (2) haeba bophelo ba hao kapa ba motho eo u mo ratang bo mpefala haholo; kapa (3) tabeng ea ngoana (kapa motho e moholo), ngaka, mooki, kapa mookameli oa phekolo ea meriana sepetlele a bolela hore ba tla batla taelo ea lekhotla, joale:
21 BOLELLA BAHOLO BA HENO haeba ha u e-s’o etse joalo. (Ka sebele, ka baka la boemo ba rōna ka mali, ke tsela e bohlale ho lemosa baholo ba rōna nako e ’ngoe le e ’ngoe ha ho hlokahala hore re ee sebakeng sa kokelo.) Joale, haeba ho hlokahala, BAHOLO BA TLA BOLELLA MOKHATLO. Baholo ba ka tla sepetlele nakong ena ho tla u thusa.—Esa. 32:1, 2.
22 Mokhatlo le balebeli ba metse litsing tsohle tse khōlō ba na le lethathamo la lingaka tse ikemiselitseng ho sebelisana le rōna tse sebakeng sa heno e le hore uena kapa baholo le ka iteanya le tsona. Haeba li le sieo sebakeng sa heno, baholo ba tla botsa Mokhatlo. Ha e le hantle, baholo ba ke ke ba u etsetsa qeto, empa hangata ba ka u thusa ka ho nahanisisa ka pono ea Mokhatlo ea litaba le ho u lemosa ka likhetho tseo u nang le tsona litabeng tsa meriana le tsa molao.
23 Haeba sehlopha sa lingaka se ntse se sa ikemisetsa ho sebelisana le uena, buisana le mookameli oa phekolo ea meriana sepetlele hore sehlopha seo se nkeloe sebaka ke sehlopha se seng sa lingaka tsa hae se tla hlompha seo u se batlang. Haeba mookameli oa sepetlele a le leqe ho etsa hoo ’me HAFEELA u tiisa hore u na le ngaka e ’ngoe e buoang eo u e tšepileng e sebakeng se itseng ’me u ka fetisetsoa ho eona, joale u ka ba le khetho ea ho neha mookameli polelo e ngotsoeng letsatsi le e saenetsoeng e bolelang mabitso a lingaka tse hanang ho sebelisana le uena ’me u bolele hore ha lia lokela ho u sebetsa.
24 Na u ka etsa seo? E, u na le tokelo eo. ’Me haeba hamorao taba e ea ka pel’a moahloli, lengolo la hao le ka etsa hore a ele seo u se batlang hloko. Mohlomong e ka boetse ea bula tsela ka ho loketseng bakeng sa hore joale lingaka tse ling tse buoang li u thuse. Hape, taba ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore, e ka etsa hore u fumane tlhokomelo e hlokahalang ea meriana pele boemo ba hao bo mpefala ka mokhoa o kotsi. U se ke ua leta nako e telele haholo!
25 Le hoja re ke ke ra bolella motho hore a be le insurance ea bophelo bo botle, re tlameha ho le tsebisa hore hangata re ba le mathata a tebileng ha re leka ho fumana ngaka e ikemiselitseng ho sebelisana le rōna hore e phekole ba haelloang ho koahela litšenyehelo tsa phekolo ea meriana kapa ba se nang tsela e ba thusang ho koahela litšenyehelo tse joalo ho-hang.
LIPOTSO TSE POTELLETSENG TSEO U LOKELANG HO LI HLOKOMELA
26 U lokela ho tseba hore ho na le lipotso tse ling tseo lingaka le batho ba bang ba li botsang tseo e seng ka mehla li botsoang ka sepheo se setle. Potso eo lingaka (le baahloli ba bang) li e botsang khafetsa ke:
• “Na u ka mpa ua shoa (ua tlohella ngoana oa hao hore a shoe) ho e-na le ho amohela ‘tšelo ea mali e bolokang bophelo’?”
27 Haeba u re e, u tla be u nepile ka kutloisiso ea bolumeli. Empa hangata karabelo eo batho ba e utloisisa hampe ’me ka linako tse ling e bile e hlahisa liqeto tse boima tsa lekhotla. U tlameha ho hopola hore boemong bona ha u tšebeletsong. Ho e-na le hoo, u bua ka phekolo e hlokahalang ea meriana. Kahoo, u tlameha hore u lumellane le boemo ba bamameli ba hao, ba lingaka kapa ba molao.—Pes. 39:1; Ba-Kol. 4:5, 6.
28 Ho ngaka, moahloli, kapa mookameli oa phekolo ea meriana, “e” e ka bolela hore u batla ho ba moshoela-tumelo kapa u batla ho etsa ngoana oa hao sehlabelo bakeng sa tumelo ea hao. Boemong bona hangata ho ba bolella ka tumelo ea hao e matla tsohong ea bafu ha ho thuse. Ba tla u nka joaloka motho ea nang le cheseho ea bohlanya ea bolumeli, ea sitoang ho etsa liqeto tse utloahalang ha bophelo bo le kotsing. Tabeng ea bana, ba tla u nka u le motsoali ea sa tsotelleng bana ba hae ea hanang phekolo ea moriana eo ho thoeng “e boloka bophelo.”
29 Empa hase hore U hana phekolo ea meriana. U mpa u fapana le ngaka ka maikutlo tabeng ea MOFUTA oa phekolo. Hangata boemo bona bo tla fetola taba eohle ho bona le ho uena. Ntle le moo, ba tla be ba u khelosa ha ba etsa hore ho bonahale eka mali a sireletsehile ’me ke ’ona phekolo FEELA e “bolokang bophelo.” (Bona Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?, maqephe 7-22.) Kahoo u tlameha hore u hlakise ntlha eo haholo. U ka etsa seo joang? U ka ’na ua arabela:
• “Ha ke batle ho shoa (ha ke batle hore ngoana oa ka a shoe). Haeba ke ne ke batla ho shoa (ke batla hore ngoana oa ka a shoe), nka be ke ituletse hae. Empa ke tlile ho tla fumana phekolo ea meriana e le hore ke phele (ngoana oa ka a phele). Hoo ke ho batlang ke mokhoa o mong oa phekolo ea meriana o sa sebeliseng mali tabeng ea ka (ea ngoana oa ka). Ho na le mekhoa e meng ea phekolo.”
30 Lipotso tse ling tse ’maloa tseo hangata li botsoang ke lingaka kapa baahloli ke tsena:
• “Ho tla etsahala joang haeba taelo ea lekhotla e u qobella ho tšeloa mali? Na u tla nkoa u ikarabella?”
• “Na ho amohela kapa ho tšeloa mali ho qobelletsoeng ho tla u ntša bolumeling ba hao kapa ho etse hore u se fumane bophelo bo sa feleng? Phutheho ea heno e tla u talima joang?”
31 Khaitseli e mong o ile a bolella moahloli hore tabeng e joalo o ne a ke ke a ikarabella ka seo a entseng qeto ea ho se etsa. Le hoja sena se nepahetse ho latela pono e itseng ea litaba, moahloli o ile a nka hore kaha khaitseli o ne a ke ke a nkoa a ikarabella, joale ke moahloli ea neng a tla ikarabella ka se hlahelang khaitseli. O ile a laela hore a tšeloe mali.
32 U tlameha ho utloisisa hore ba bang ha ba botsa lipotso tsena, hangata ba batla tsela ea ho tsoa tlaase ho hana ha hao ho amohela mali. Ka ho se hlokomele u se ke ua ba nolofalletsa seo! Kahoo re ka qoba joang ho se utloisisane ho joalo? U ka ’na ua arabela:
• “Haeba nka qobelloa mali ka tsela leha e le efe, ho tla tšoana le ha ke betuoe. Bophelong bohle ba ka ke tla ba le liphello tsa ho utloa bohloko maikutlong le moeeng ka baka la tlhaselo ena eo ke sa e batleng. Ke tla sebelisa matla a ka ’ohle ho hana ho silafatsoa ho joalo ho etsoang ’meleng oa ka ntle ho tumello ea ka. Ke tla etsa boiteko bohle ho qosa bahlaseli ba ka joalokaha ke ne ke tla etsa ha ke ne ke betuoe.”
33 Ho tlameha ho hatisoe ka matla, le ka mokhoa o hlakileng hore ho rōna ho qobelloa ho tšeloa mali ke ho silafatsoa ho nyonyehang ha ’mele ea rōna. Ke taba e tebileng. Kahoo ikemele. Etsa hore ho hlake hore u batla mokhoa o mong oa phekolo ea meriana ho sa sebelisoe mali.
U TLA ETSA JOANG HO ITOKISA?
34 Re buisane ka tse ling tsa lintho tseo u tlamehang ho li etsa ho sireletsa uena le lelapa la hao hore le se tšeloe mali le sa batle. (Hamorao, re tšepa hore re tla fana ka makolopetso a eketsehileng ha ho hlaha mathata ha masea le bana ba sokeloa ka tšelo ea mali.) Re boetse re bone seo Mokhatlo ka lerato o se entseng ho fana ka thuso nakong eo e hlokahalang ka eona. U tlameha ho etsa eng ka boitsebiso boo ho etsa bonnete ba hore u itokiselitse ho tobana le boemo ba phekolo ea meriana bo lekang tumelo?
Pele: E-ba le puisano ea lelapa hore le hlahlobe lintho tsena esale pele le ho bona hore na le tla re’ng le ho etsa’ng, haholo-holo maemong a tšohanyetso.
Joale: Kholiseha hore le na le litokomane tsohle tseo le li hlokang.
Ebe: Le rapela Jehova ka tieo hore a tšehetse qeto ea lōna e tiileng ea ‘ho tela mali.’ Ho utloa molao oa hae ka mali ho re tiisetsa kamohelo ea hae bakeng sa bophelo bo sa feleng.—Lik. 15:29; Liprov. 27:11, 12.
Haeba boemo leha e le bofe ba bophelo bo mpefala haholo ka ho tebileng hoo bo ka ’nang ba etsa hore u tšeloe mali, hlahloba lebokose lena bakeng sa seo u lokelang ho se etsa:
1. Tsebisa baholo ba phuthehong ea heno hore ba u thuse. 2. E re baholo ba tsebise Mokhatlo haeba ho hlokahala. 3. Baholo ba ka u thusa ho buisana le lingaka le ba bang. 4. Baholo ba ka u thusa hore u iteanye le lingaka tse ling hore li buisane le lingaka tse buoang tse leng teng ka mekhoa e meng ea phekolo. 5. Baholo ba ka boetse ba thusa ho u fetisetsa lefapheng la kokelo le tla u hlompha haholoanyane bakeng sa ho u neha phekolo e hlokahalang.