Pina ea 77
“Jehova ke Molisa oa Ka”
1. Molis’a ka ke Jehova;
Ha ho kamoo nka tšohang,
’Me kamoo a baballang linku
Ha ho eo a’e lebalang.
O nkisa moo ke tla khutsa,
O ’matlafatsa moeeng.
Ke ka baka la bitso la hae
A ntsamaisang tokeng.
Ke ka baka la bitso la hae
A ntsamaisang tokeng.
2. Le har’a khohlo ea lefu
Ha ho seo ke se tšabang.
Seikokotlelo sa Jehova
Ke sona se ntšelisang.
Hloohong a ntlotsa ka oli;
A tlatsa noelo sa ka.
Mohau oa hae o tla ntatela;
Ke tla lula tlung ea Jah.
Mohau oa hae o tla ntatela;
Ke tla lula tlung ea Jah.
3. Molis’a ka o lerato!
Ka thabo kea mo roka.
Ke tla tumisa linkung tsohle
Paballo ea hae’e mosa.
Se Ntsoeng la hae kea se utloa.
Tseleng ea hae ke tiile.
Ho sebeletsa Jah ke tlotlo
Ho ’na bophelong bohle.
Ho sebeletsa Jah ke tlotlo
Ho ’na bophelong bohle.