Mokhoa oa ho Hlaolela Thahasello
1 Bukeng e ’ngoe e hlalosang mantsoe re ithuta hore “ho hlaolela” ho bolela ho lokisetsa khōlo kapa ho etsa hore e be teng. Empa lentsoe lena le ka boela la bolela ho ntlafatsa ntho ka ho sebetsa, ho e hlokomela, kapa ho fana ka thuto. Ho etsa barutuoa ke sepheo sa bohlokoa sa tšebeletso ea rōna. (Matt. 28:19, 20, NW) Ka baka leo, ho hlokahala hore re iteke ho hlaolela thahasello eo re e fumanang tšebeletsong ea tšimo.
2 Hangata maeto a etsoang khafetsa aa hlokahala bakeng sa ho etsa hore batho ba pelo li tšepahalang ba hōle moeeng. Maeto a ho boela a atlehileng a lokela ho lebisa thutong ea ka mehla ea Bibele.
3 Na u khutlela feela ho batho ba bontšitseng thahasello e khōlō? Ha ho hlokahale hore u tsamaise sengoliloeng e le hore u ka khutlela. Pula-maliboho e mong eo hangata a sa tsamaiseng lingoliloeng tse ngata maetong a pele o khutlela ho motho e mong le e mong ea bontšitseng botsoalle. Puisano e molemo eo ho eona u fanang ka khopolo ea Mangolo e fana ka motheo o motle oa leeto la ho boela.
4 Sebelisa Lipampitšana ho Qalisa Lithuto tsa Bibele Maetong a ho Boela: Lihlooho tsa lipampitšana tsa rōna tse sa tšoaneng li loketse mehla ea rōna. Li hatisa tlhokahalo ea hore re be le tsebo ea Bibele ’me re e sebelise.
U ka re:
◼“Nakong e fetileng re ile ra bua ka a mang a mabaka a ho tšepa Bibele. Bibele e bua ka bokamoso ba mofuta ofe?” Qala ho bala serapa sa bobeli ho leqephe 3 pampitšaneng ea Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso. Phetla mangolo. Botsa mong’a ntlo hore na o ikutloa joang ka seo u se balang. Phetha ka ho bua ka boitsebiso bo leng tlas’a sehloohoana “Kamoo ho ka khonehang hore U Thabele Tsena” ho leqephe 5.
5 Ka tsela e tšoanang, u ka sebelisa pampitšana Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bafu?
U ka re:
◼“Joalokaha re ile ra bolela hanyenyane pele, batho ba bangata ha ba tšepe Molimo. Ka mohlala, baa botsa, ‘Haeba Molimo o matla hakaalo, ke hobane’ng ha a lumella hore batho ba shoe?’ Pampitšana ena e ka thusa ho arabela potso eo.” Lebisa tlhokomelo karolong e qalang ka serapa sa bone ho leqephe 2. Botsa potso e tsamaisanang le serapa ka seng ka mor’a ho se bala, ’me u bue ka mangolo a bontšitsoeng empa a sa qotsoa. Moo batho ba seng ba ntse ba na le lingoliloeng u ka buella limakasine tsa morao-rao.
6 Ho Ntšetsa Thuto Pele: Ka ho latela mekhoa e bontšitsoeng mona, u tla be u qalisa thuto ea lehae ea Bibele. E le hore u ka ntšetsa puisano pele motheong oa ka mehla, qetellong ea ketelo ea hao botsa mong’a ntlo: “Na u hlokometse hore re arabetse lipotso tsa bohlokoa ka metsotso e ’maloa feela? Bekeng e tlang re ka qeta nako e batlang e feta-feta ena re bua ka tšepo ea tsoho kapa ka sehlooho se seng se u thahasellisang.” U ka sebelisa potso e le ’ngoe ea tse boletsoeng likhatisong tsena lekhetlong le leng le le leng ha u etile. Ka nako e loketseng, u ka fetohela bukaneng e lekanang le makasine kapa ua qalisa thuto ka buka Phela ka ho sa Feleng.
7 Ho khanna thuto ea Bibele le motho ea batlang ’nete ka tieo ho khotsofatsa hakaakang! E se eka re ka hlohonolofatsoa ka tšebeletso e behang litholoana ka ho sebelisa litlhahiso tse fanoeng tsa kamoo re ka hlaolelang thahasello eo re e fumanang.