Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Litsebiso
    Tšebeletso ea ’Muso—1993 | June
    • Litsebiso

      ◼ Buka e tla buelloa ka June: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R9,00. July: E ’ngoe ea libukana tsena tse lekanang le makasine e ka sebelisoa: “Bonang! Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na u Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, ka monehelo oa lisente tse 90 e le ’ngoe. August le September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R9,00. Libuka tse nyenyane ke R4,50.

      ◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba tlaleho ea lichelete ea phutheho ka June 1 kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Etsa tsebiso phuthehong ha sena se entsoe.

      ◼ Litokollo tse Ncha tse Fumanehang:

      Ka Senyesemane Bakeng sa Lithōlō: Na Ruri Molimo oa re Tsotella? (Tokollo ena e ngotsoe ka Senyesemane se bonolo haholo-holo bakeng sa lithōlō.).

  • Litaba tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea ’Muso—1993 | June
    • Litaba tsa Puso ea Molimo

      Afrika Boroa: Liphutheho tse ling tse tharo li ile tsa thaba ha ho neheloa Liholo tsa ’Muso tse ntle tse ncha. Ke Emolweni (ka leboea ho Pinetown), Sweetwaters (pel’a Pietermaritzburg), le Lydenburg.

      Ho fihlela hona joale selemong sena ho nehetsoe Liholo tsa ’Muso tse 12. Hona joale liphutheho tse 27 li tšoarehile kahong ea Liholo tsa tsona tsa ’Muso. E se eka re ka khothatsa bohle ba amehang mesebetsing ena hore ba tsoele pele ka lebelo le tšoanang. Re leboha baena le bo-khaitseli bohle ba ikitlaetsang ba sebetsang ka thata karolong ena ea tšebeletso.

      Albania: Ho tloha ka December 1991 ho ea ho December 1992, lenane la bahoeletsi le ile la eketseha ho tloha ho 24 ho ea ho 107. Lenane la lithuto tsa Bibele le ile la eketseha ho tloha ho 4 ho ea ho 221 nakong eona eo.

      Central African Republic: Ka January 20, 1993, ’muso o ile oa phatlalatsa molao-taelo o lumellang Lipaki tsa Jehova ho qalisa mosebetsi oa tsona ka ho feletseng. Baena ba sebaka seo ba thabela hore ebe hona joale ba khona ho sebelisa Holo ea ’Muso ea bona le ho khona ho tšoara Kopano ea Setereke ea “Bajari ba Leseli” phatlalatsa. Ho bile le ba 4 739 likopanong tse tšeletseng tse ileng tsa tšoaroa, ’me ba 121 ba kolobetsoa.

  • Kopanela Tšebeletsong ea Tšimo ka Mehla
    Tšebeletso ea ’Muso—1993 | June
    • Kopanela Tšebeletsong ea Tšimo ka Mehla

      1 Na re nka likhato tse nepahetseng bakeng sa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka mehla? Na re etsa boiteko bo matla ba hore re fane ka tlaleho ea rōna ea tšebeletso ea tšimo Holong ea ’Muso khoeli ka ’ngoe? Ke seo kaofela ha rōna re lokelang ho ikemisetsa ho se etsa, le ka mohla re se lumelle khoeli hore e fete re sa bolela tumelo ea rōna phatlalatsa.—Ba-Roma 10:9, 10.

      2 Liphutheho tse ngata li ntse li na le mathata tabeng ea hore bahoeletsi ba fane ka tlaleho ea bona hang-hang qetellong ea khoeli ka ’ngoe. Lengolong la rōna la August 15, 1992, re ile ra fana ka tataiso liphuthehong tsohle mabapi le mokhoa o nepahetseng oa ho sebetsana le litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo. Molemong oa lōna re rata ho pheta lintlha tse seng kae ho tseo. Mohoeletsi ka mong o na le tokelo le boikarabelo ba ho kenya tlaleho ea hae ea tšebeletso ea tšimo lebokoseng le khethehileng le ngotsoeng “Litlaleho tsa Tšebeletso ea Tšimo” le lokelang ho ba Holong ea ’Muso e ’ngoe le e ’ngoe. Na u ’nile ua latela tataiso ee ka botšepehi ho tloha ka nako eo? Haeba ho joalo, rea u babatsa. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u ile ua lebala ho kenya tlaleho ea hao ka nako?

      3 Qalong ea khoeli ka ’ngoe, mongoli oa phutheho o lokela ho fa mokhanni e mong le e mong oa thuto ea buka ea phutheho lethathamo la bahoeletsi ba leng sehlopheng sa hae ba sa tlalehang. Hang-hang mokhanni oa thuto ea buka ea phutheho o lokela ho atamela bahoeletsi bao ’me a fumane litlaleho tsa bona ebe o li neha mongoli. Tokisetso ena e lokela ho lateloa khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ho tiisa hore litlaleho tsohle tse liehileng ho tla lia fumanoa le ho romeloa ho Mokhatlo. Litlaleho tsena tse liehileng ho tla li tla kenyeletsoa tlalehong ea khoeli e latelang. Sena se tla bolela hore mohoeletsi ka mong ea tlalehang morao o tla baloa e le bahoeletsi ba babeli khoeling e latelang. Ka tsela ena mohoeletsi e ke ke ea e-ba ea sa tsoeng ka mehla. Le ka mohla u se ke ua kopanya mosebetsi oa tšebeletso ea tšimo oa likhoeli tse peli tlalehong e le ’ngoe empa ka mehla nehelana ka tlaleho ea khoeli e ’ngoe le e ’ngoe e arohile likhoeling tse ling.

      4 Ke joang re ka sebetsang tumellanong le tokisetso ee haeba re tla be re le sieo mafelong a khoeli? Re ka kenya litlaleho tsa rōna ka lebokoseng pele re tsamaea kapa ra tiiseha hore re romela litlaleho tsa rōna tsa tšebeletso ea tšimo ho mongoli oa phutheho. Sena se lokela ho etsoa esale nako e le hore li ka kenyeletsoa tlalehong ea phutheho ea khoeli le khoeli, eo mongoli a e etsang le ho e romela ho Mokhatlo ka la botšelela la khoeli ka ’ngoe.

      5 Ka ntle le hore re kopanele tšebeletsong ea tšimo ka mehla ka borōna, re batla ho falimehela ho thusa ba bang ho kopanela ka mehla tšebeletsong ea tšimo. (Ba-Fil. 2:4) Re ka etsa see joang? Re ka mema bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba sa tsoa qalisa ho tsoela tšebeletsong ea tšimo hore ba sebetse le rōna. Kemiso e tsitsitseng ea tšebeletso e tla re thusa ho etsa hore ’nete e tsitse ka lipelong tsa bona.

      6 Kopanela tšebeletsong ea tšimo ka mehla. Ka botšepehi nehelana ka tlaleho ea tšebeletso ea tšimo khoeli le khoeli. Thusa ba bang ho kopanela tšebeletsong ka mehla. Bontša ‘lerato mokhatlong ’ohle oa baena.’—1 Pet. 2:17, NW.

  • Thuto ea Buka ea Phutheho
    Tšebeletso ea ’Muso—1993 | June
    • Thuto ea Buka ea Phutheho

      Kemiso ea thuto ea buka ea phutheho bukeng ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.

      June 7: Likhaolo 95-96

      June 14: Likhaolo 97-98

      June 21: Likhaolo 99-100

      June 28: Likhaolo 101-102

  • Peho ea Tšebeletso ea March
    Tšebeletso ea ’Muso—1993 | June
    • Peho ea Tšebeletso ea March

      Bahoe. Bo-pu. Bo-pu.

      Bohle. Ba Thus. Ba Kam.

      Botswana 619 60 22

      Lesotho 1 286 104 134

      Namibia 680 29 24

      St. Helena (Feb.) 140 7 -

      South Africa 52 064 3 770 3 836

      Swaziland 1 373 82 120

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela