Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/93 leq. 12
  • Ho Nehelana ka Lipeeletso ka Ntlo le Ntlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nehelana ka Lipeeletso ka Ntlo le Ntlo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lebisa Tlhokomelo Thahasellong e Fumanoeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Khetha Lihlooho Tse Tla Ipiletsa ho Batho ka ho Khethehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 10/93 leq. 12

Ho Nehelana ka Lipeeletso ka Ntlo le Ntlo

1 Morero oa Tsoha! o boletsoe ka ho hlakileng leqepheng la 4 tokollong ka ’ngoe: “Makasine ona o etsa hore batho ba tšepe litšepiso tsa ’Mōpi mabapi le tsamaiso e ncha ea khotso le tšireletseho pele moloko o boneng liketsahalo tsa 1914 ka mahlo o feta.” Ka sebele, makasine o joalo o tšoaneloa ke ho abjoa ka ho pharaletseng kamoo ho ka khonehang tšebeletsong ea rōna ea ntlo le ntlo! Ka October re na le monyetla oa ho nehelana ka makasine ona o babatsehang motheong oa peeletso ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang.

2 Tsoha! ke tsela e babatsehang ea ho tsosa thahasello ea batho bao mohlomong ba sa sekamelang linthong tsa moea. Ha u bala tokollo ka ’ngoe, batla lintlha tse loketseng tseo u ka li abelanang le ba bang. Bahoeletsi ba bang ba ngola lintlha likoping tsa bona tsa botho, ’me pele ba ea tšebeletsong ea tšimo ba tšoere tokollo eo, ba ikhopotsa lintlha tseo ba li ngotseng bakeng sa ho hopola lintlha tse khethehileng tseo ba tla li abelana le beng ba matlo.

3 Re ka ’na ra khetha ho qalisa nehelano ea rōna ka tlhaloso e tobileng tabeng e tšohloang tokollong ea Tsoha! eo re e sebelisang.

Ka mor’a kenyeletso e khutšoaane re ka kenyeletsa makasine ka ho re:

◼ “Sehlooho sena sa Tsoha! se hlalosa taba ena ka mokhoa o pharaletseng.” Joale bala polelo e le ’ngoe kapa tse peli tse khethiloeng pele, ebe u tsoela pele: “Kaha ho bonahala u thahasella taba ena, na u ka thabela ho bala sehlooho see hammoho le tse ling tse leng nakong tokollong ee ea Tsoha!? Haeba ho joalo, ke tla thabela ho etsa tokisetso ea hore u etse peeletso ea makasine ona o babatsehang ka monehelo oa R9,50 bakeng sa selemo. Joale u tla fumana likopi tse 12 ka poso.” Haeba mong’a ntlo a hana mpho ea peeletso, mo khothaletse ho amohela limakasine tse peli. Haeba mong’a ntlo a amohela limakasine, mohlomong e ka ba ho loketseng ho bua mantsoe a kang ana: “Re kōpa monehelo oa R1,60 ho koahela litšenyehelo tsa khatiso bakeng sa limakasine tsena tse peli.”

4 Haeba ka ho hlakileng mong’a ntlo a bontša thahasello linthong tsa moea, re ka phetla lengolo le kang 2 Timothea 3:1-5 le buang ka mehla ea qetello. Ka mor’a moo, e le ho tsosa thahasello ea hae limakasineng tsa rōna, re ka bala ka ho tobileng leqepheng la 2 tokollong ea morao-rao ea Molula-Qhooa karolong e qalang ka ho re: “Morero oa Molula-Qhooa.” Ka mor’a moo, nehelana ka peeletso.

5 Masimong a mangata batho ba amehile ka maemo a moruo a ntseng a mpefala kapa keketseho ea tlōlo ea molao le pefo. Mohlomong u ka rata ho re:

◼ “Re arolelana le baahisani ba rōna pono e ntle ka nako e tlang. U ikutloa joang ka nako ea rōna e tlang e leng haufi? Na le uena u amehile ka maemo a moruo a ntseng a mpefala hammoho le keketseho ea tlōlo ea molao le pefo? [Emela karabo.] Na u nahana hore ho na le motho e mong ea nang le tharollo ea sebele mathateng aa? [Emela karabo.] Ke fumane Bibele e thusa haholo tšobotsing ena.” Sebelisa lengolo le le leng kapa ho feta a leng bukeng ea Ho Bea Mabaka maqephe 337-42, a hlalosang seo ’Muso oa Molimo o tla se etsetsa moloko oa batho. Lebisa tlhokomelo ea mong’a ntlo sehloohong se loketseng sa Molula-Qhooa. Nehelana ka peeletso.

6 Ha re ntse re ea ka ntlo le ntlo, a re hopoleng hore re na le lisebelisoa tse peli tse molemo ka ho fetisisa lefatšeng ho thusa batho ho tsoela pele moeeng, Molula-Qhooa le Tsoha! E se eka re ka sebeletsa ho tsosa thahasello ea beng ba matlo limakasineng tsena le ho nehelana ka peeletso ha monyetla o mong le o mong o hlaha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela