Khetha Lihlooho Tse Tla Ipiletsa ho Batho ka ho Khethehileng
1 Joaloka batho ba fulang metsu ea bona ka hloko, bahoeletsi ba bangata ba phutheho le bo-pula-maliboho ba thabela katleho e babatsehang ea ho sebelisa lihlooho tse tsoang ho Molula-Qhooa le Tsoha! tse ipiletsang ho batho ba leng tšimong ea bona. Ba lekanyetsa hore na ke bo-mang bao haholo-holo ho bonahalang ba ka rata ho bala lihlooho tse itseng tse tsoang limakasineng tsena. Ba etsa see joang?
2 Pele ba bala makasine eohle. Joale baa ipotsa, Ke motho oa mofuta ofe eo sehlooho sena se tla ipiletsa ho eena? Joale ba etsa boiteko ba ho etela batho bana bao mohlomong ba ka thahasellang ho bala sehlooho seo. Ha ba hlokomela hore tokollo eo ke e ka amoheloang ka ho pharaletseng tšimong ea bona, ba odara tse eketsehileng.
3 Limakasine Tsa Rōna Lia Hlomphuoa: E mong oa babeheletsi ba rōna ea sebeletsang koranta ea machaba e baloang haholo Nigeria o ile a re ka Tsoha!: “Kea le lebohela ka makasine ena e thahasellisang ho batho ba bangata le e molemo haholo lefatšeng.” ’Mali ea khothetseng oa limakasine tsa rōna o ile a hlokomela: “Ke mahakoe a babatsehang hakaakang a bohlale bo ke keng ba lekanngoa ka bohlokoa! Ke khona ho fumana taba leha e le efe e nthahasellisang kae-kae maqepheng a e ’ngoe ea [likoranta] tsena.”
4 Limakasine tsena li akaretsa lihlooho tse ngata haholo tse akarelletsang Bibele, liketsahalo tsa lefatše, lintho tseo lelapa le amehileng ka tsona, mathata a sechaba, histori, saense, bophelo ba liphoofolo le limela, ha re bolela tse seng kae feela. Ka sebele motho o na le tšekamelo e khōlō ea ho bala ntho e itseng ha e amana le litlhoko tsa hae, maemo kapa mosebetsi. Kaha re buisana le batho ka bomong ba bangata, ’me motho ka mong o na le khetho ea hae le mathata, ho khetha lihlooho tse tla ipiletsa ka ho khethehileng ho batho bao re kopanang le bona ho hlahisa litholoana tse ntle.
5 Hlokomela se ileng sa etsahala ha Lipaki tse peli li tsamaisetsa mongoli e mong oa koranta tokollo ea Tsoha! ea September 8, 1996. O ile a ngola: “Le pele ke fumana monyetla oa ho bolela hore ha ke thahaselle, e mong oa tsona o ile a phaella: ‘Ho na le sehlooho se buang ka Maindia a Amerika. Rea tseba hore u ’nile ua ngola ho hongata ka taba ena.’” O ile a nka makasine ’me, nakong ea lijo tsa hoseng, o ile a bala boitsebiso bo buang ka Maindia, ’me hamorao o ile a lumela hore “e ne e le bo babatsehang” le bo “tšepahalang ka ho feletseng.”
6 Ke Eng Seo Batho ba se Thahasellang Tšimong ea Lōna? Ke eng seo u se boneng limakasineng tsa likhoeli tsa morao tjena tse ka ipiletsang ho beng ba mabenkele le batho ba rutehileng tšimong ea lōna, kapa ho baahisani ba hao, basebetsi-’moho le uena le bao u kenang sekolo le bona? Ke eng se tla ipiletsa ka ho khethehileng ho babuelli ba molao, matichere, basebeletsi ba sechaba le lingaka? Ho nahana ka batho ba limelo tse sa tšoaneng bao u tla bolela ho bona ha u ntse u hlahloba tokollo ka ’ngoe ho tla u neha litsela tse babatsehang tsa ho jala lentsoe la ’nete.
7 Ha u fumana motho ea bontšang thahasello sehloohong se itseng sa Molula-Qhooa kapa Tsoha! ’me a amohela makasine, u ka ’na ua re: “Nakong e tlang ha ho e-na le sehlooho seo ke ikutloang hore se tla u thahasellisa, ke tla thabela ho u tlisetsa kopi.” Mohlomong u ka khona ho akarelletsa motho eo tselaneng ea hao ea limakasine, u khutlele ho eena hangata ka limakasine tsa morao-rao. Sena se tšoana le se ileng sa etsoa bakeng sa ho fumana memo e tobileng ea ho khutlela ho batho bao ka ho khethehileng ba bontšitseng thahasello lihloohong tse leng limakasineng tsa rōna.
8 E-ba le Pakane ea Moea: Lilemong tse seng kae tse fetileng, monna e mong ea neng a rata mosebetsi o ile a fumana makasine ea Tsoha! e neng e bua ka taba eo a e thahasellang. Leha ho le joalo, monna enoa oa molumeli o ile a boela a bala tokollo ea Molula-Qhooa, e neng e e-na le sehlooho se ileng sa mo susumelletsa ho hlahlobisisa tumelo ea hae ea nako e telele ea Boraro-bo-bong. Likhoeli tse tšeletseng hamorao o ile a kolobetsoa! Ka lebaka leo, u se ke ua tsilatsila ho akarelletsa babali ba limakasine tsa rōna lipuisanong tsa Mangolo. U ka kenyelletsa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? le ho kōpa hore na u ka nka metsotso e seng mekae feela ho tšohla thuto e le ’ngoe leetong ka leng lekhetlo ka leng ha u khutlela ho tlisa sete ea limakasine tse ncha.
9 Lekanyetsa ka hloko hore na ke bo-mang ho bao u khutlelang ho bona le bao u kopaneng le bona libakeng tsa khoebo bao mohlomong ba ka ananelang litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Joale etsa boiteko bo tiileng ba ho ba finyella. Iteanye le ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng ka likoranta tsena tsa bohlokoa. ’Me u se ke ua lebala hore ha u ntse u ikitlaetsa ka matla ho thusa batho ba eketsehileng ho bala limakasine tsa rōna, u ‘akhela bohobe ba hao holim’a metsi.’ Ha nako e ntse e tsamaea, u ka atleha ho fumana barutuoa-’moho le uena ba nakong e tlang.—Moek. 11:1, 6.