E-ba ka Sephefumolohi Sohle Tšebeletsong ea Hao
1 Joaloka barutuoa ba Jesu, re abetsoe ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho etsa barutuoa ba Jesu Kreste. (Matt. 24:14; 28:19, 20) Ha ho na mosebetsi o mong lefatšeng lena o tšoanang le oona ka ho potlaka kapa ka bohlokoa. Bophelo ba batho ba limilione boa ameha. Bo hloka boiteko ba rōna bo molemohali. Khothatso ea Pauluse e sebetsa ka ho loketseng: “Eng kapa eng eo le e etsang, e sebetseng ka sephefumolohi sohle joalokaha eka ke bakeng sa Jehova.” (Ba-Kol. 3:23, NW ) Poleloana “ka sephefumolohi sohle” e hlalosoa e le ho ba le “mafolo-folo a chesehang kapa boinehelo bo tiileng.” Na u kopanela ka sephefumolohi sohle tšebeletsong ea hao?
2 Ho ba ka sephefumolohi sohle ho re hloka eng? Jehova o ile a bua ka tšebeletso e amohelehang e le karolo ea leshome. (Mal. 3:10) Ho e-na le ho beha sekepele se tobileng, karolo ea leshome e emela nako le boiteko boo re nehelanang ka bona tšebeletsong ea Jehova e le pontšo ea lerato la rōna ho eena ’me e le ho hlokomela boinehelo ba rōna ho eena. (wSU92 12/1 leq. 15) Mosebetsi oa rōna o lokela ho bonahatsa botebo ba boinehelo le lerato la rōna ho Jehova. Motho ea leng ka sephefumolohi sohle o ikutloa a susumeletseha ho sebeletsa Jehova ka botlalo kamoo ho ka khonehang ho ea kamoo bophelo le maemo a hae li mo lumellang ka teng.
3 Pauluse o ile a babatsa Bakreste ‘ba sebetsang ka thata le ba ikitlaetsang’ motheong oa tšepo. (1 Tim. 4:10, NW ) Ba putsoa ka tlhohonolofatso ea Jehova, e ‘ba entšang.’ (Liprov. 10:22) Ka ho fapaneng, ba fanang hanyenyane kapa ka ho khanana ba hlōleha ho latsoa thabo e tlisoang ke ho fana. (Lik. 20:35) Ha e le hantle ho hlokomoloha ha rōna ho fana ka se molemohali ke ho utsoetsa Jehova “likarolo tsa leshome” tse mo tšoanelang.—Mal. 3:8, NW.
4 Ho Fana ha Rōna ka se Molemohali: Ha re kopanela tšebeletsong ea tšimo ’me re fana ka tlaleho ea rōna, na tlaleho eo e nepahetse? Buka Tšebeletso ea Rōna, leqephe 104, e re: “Nako ea hao tšebeletsong ea tšimo e lokela ho qala ha u qala mosebetsi oa hao oa bopaki ’me e fella ha u etetse motho oa ho qetela nako ka ’ngoe eo u pakang ka eona. Nako eo ho etsoang khefu bakeng sa lino tse pholileng kapa lijo nakong ea tšebeletso ea tšimo ha e baloe.” E le ho finyella ho hongata nakong eo re leng tšebeletsong ea tšimo ho hlokahala tokisetso le boiteko bo botle.
5 Ho fana ha rōna ka se molemohali ho bolela hore re etsa seo re ka se khonang ha re kopanela tšebeletsong. Motho ea leng ka sephefumolohi sohle a ke ke a rera ho lekanyetsa boboleli ba hae boitekong ba seoelo ba bopaki bo sa reroang ho fapana le ho kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo. Mohoeletsi ea sa kolobetsoang ea etsang ka sephefumolohi sohle, ea mocha, a ke ke a ea boboleling feela ha a susutlelloa ke batsoali ba hae, a bontša thahasello e fokolang ea ho ea matlung a batho kapa ho kopanela ho bueng.
6 Pauluse o re phehella ho boloka mahlaha-hlaha a rōna e le hore re se ke ra ba botsoa. (Ba-Heb. 6:11, 12) Ke ho thabisang hakaakang ho hlahloba tšebeletso ea rōna ea botho ’me re sa hlajoe ke lihlong—hobane re bile ka sephefumolohi sohle! (2 Tim. 2:15) Thabo ea rōna e fetisisang e tla phethahatsoa ha re bona har’a baphonyohi ba mahlomola a maholo batho bao re ba thusitseng. Ka sebele, Jehova o putsa ka ho enneng ba mo sebeletsang ka sephefumolohi sohle.