Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/93 leq. 7
  • Likhopotso tse Nakong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likhopotso tse Nakong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Nako ea Lehlabula ka Bohlale
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Ka ho Bula Menyetla ea ho Fana ka Bopaki bo sa Reroang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Na U Tla Kopanela Bopaking bo sa Reroang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Bolela Khanya ea Borena ba Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 12/93 leq. 7

Likhopotso tse Nakong

1 Ba bangata ho rōna re tla ba sieo liphuthehong tsa habo rōna ka December. Boholo ba baena bo tla ea kopanong ea setereke ’me ba bang ba ka ’na ba kopanyeletsa phomolo ea bona ea selemo le selemo le kopano ea setereke. Haeba re tla ba sieo bofelong ba December, re tla batla ho tiisa hore re romela lipeho tsa rōna tsa tšebeletso ea tšimo ho mongoli oa phutheho. Sena se lokela ho etsoa nako esale teng e le hore lipeho tsena li ka kopanyeletsoa le peho ea phutheho ea khoeli le khoeli eo mongoli a tla e bokella le ho e romela ho Mokhatlo ka letsatsi la botšelela la khoeli. Karolo e khōlō ea baena e tla ea likopanong tsa machaba ho tloha ka December 30 ho isa ho January 2. Sena se ka ’na sa thatafaletsa mongoli ho fumana lipeho tsa tšebeletso ea tšimo ka nako. Re etsa tlhahiso ea hore le nehelane ka lipeho tsa lōna ka Sontaha, December 26. Haeba u kopanela tšebeletsong ea tšimo ka mor’a letsatsi leo, u ka kopanyeletsa mosebetsi oo pehong ea hao ea January 1994.

2 Re boetse re batla ho falimehela menyetla ea bopaki bo sa reroang. Menyetla e joalo e ka hlaha ha re ntse re tsamaea, ha re etetse beng ka rōna, kapa ha re buisana le ba bang bao re kopanang le bona. Na re talima linako tse joalo e le tsa ho fana ka bopaki joalokaha Jesu a ile a etsa? Ha a ka ba tsila-tsila ho fana ka bopaki bo sa reroang. (Joh. 4:5-30) Ka ho tšoanang moapostola Pauluse o ile a ‘lopolla linako’ ’me a thabela liphello tse molemo. (Ba-Ef. 5:16; Lik. 17:17; 28:30, 31; Ba-Kol. 4:5) Esita leha re ile kopanong re ka ’na ra fana ka bopaki. Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke hore ka linako tsohle re qhoaele beche ea rōna. Sena se ka fana ka monyetla oa ho paka. U tla hlokomela hape hore ho na le menyetla ea ho paka pele le ka mor’a mananeo. Itokisetse hantle ka lintlha tse seng kae tse nakong ’me u be le limakasine le lipampitšana bakeng sa ho tsosa thahasello.

3 Ka ho latela likhopotso tsena ka hloko, re ka kholiseha hore re tla sebelisa nako ea rōna ka bohlale lehlabuleng lena ’me re tla neha Jehova “lilopotsiea” tsa rōna.—Liprov. 3:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela