Pina ea 189
Ho Bolela Letsatsi la Liphetetso la Jehova
1. Literompeta lia lla;
Molum’o moholo.
Letsatsi la Jehova
Le haufi haholo.
Re hasa taba ena
Le hoja re songoa.
A re etseng temoso;
Mikaele oa busa.
2. Ntoa ena ke’a Jehova.
Molaoli ke Kreste.
Ho’a phahamisoa ’nete
Ha ba se ba’e hlōtse.
Maqheka a Satane
E’a ba a lefeela.
Ea re koetlisetsang ntoa
Ke eena Jehova.
3. Bahlanka ba Jehova
Ba ntse ba lemosa
Ka tsatsi la phetetso
La ’Mōpi oa bona.
Re boleleng ka ’Muso
Ka matl’a maholo.
Nakong e nyane ena,
Re lemoseng batho.