Pina ea 121
’Nete e Lokollang Batho
1. Ke Molaong oa Moshe ’moho le boprofeteng
Moo ’nete ea bohlokoahali e tlalehiloeng.
Ke ’net’e hlalosang Peō ea Molimo o phelang.
Kamoo ka Kreste batho ba ka hl’onolofatsoang.
2. Ea’itseng ke tsela, ’nete le bophelo ke Kreste.
O tlile lefatšeng ho’iketsa pheko ea libe.
Ho tlosa qoso lebitsong le phahameng la Jah
Le ho tla hlōla lira tsa Molimo kaofela.
3. Ke ka Moren’a rōna Jesu ’net’e tlisitsoeng:
E reng ho tla felisoa libe ka ho sa feleng.
Lebitso la Molimo k’eena ea le tlotlisang.
’Me joale ke Moprista le Morena ea busang.
4. Re roetse khotso maotong, re ’ne re boleleng
Ka Kreste Jesu le ka ’net’e re lokollotseng.
Ke ’net’ea ’Muso oa Molimo eo re tsoanetseng
Ho’e bontša batho ’me ka hona r’e cheseheleng.