Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Litsebiso
    Tšebeletso ea ’Muso—1993 | March
    • Litsebiso

      ◼ Buka e tla buelloa ka March: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R8,00 kapa Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ka monehelo oa R4,00. April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R17,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,50. June: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R8,00.

      ◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba lichelete tsa phutheho ka March 1 kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Tsebisang phutheho ha sena se entsoe.

      ◼ Lengolo le tsoang ho Mokhatlo la February 20, 1992, ’me le ngoletsoe liphutheho tsohle le ile la tsebisa ka Letlole la Likopano tsa 1993 bakeng sa ho thusa baromuoa hore ba etele linaha tsa habo bona ’me ba be teng ho e ’ngoe ea likopano tsa setereke tsa selemo sena. March e tla ba khoeli ea ho qetela bakeng sa ho romela menehelo ho Mokhatlo bakeng sa Letlole lena le Likopano tsa 1993. Tšehetso ea lōna e etsoang ka seatla se bulehileng bakeng sa tokisetso ena e ananeloa haholo.

      ◼ Ho tloha ka tokollo ea April 1, 1993, Molula-Qhooa ka Sevenda o tla hatisoa habeli ka khoeli. Ka lebaka leo chelete ea selemo ea peeletso ke R17,00.

      ◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:

      Seafrikaanse: Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo (Tract No. 20; phutheho, batho bohle, le bo-pula-maliboho: lisente tse 2); Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21); Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? (Tract No. 22). Seherero: Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21); Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? (Tract No. 22). Sekwangali: Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21); Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? (Tract No. 22). Sekwanyama: Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21). Senyesemane: Jehovah’s Witnesses—What Do They Believe? (Tract No. 18; bakeng sa Bajode); Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo (Tract No. 20); Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21); Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? (Tract No. 22); Will There Ever Be a World Without War? (Ena ke bukana e lekanang le makasine e maqephe a 32 e lokiselitsoeng tšimo ea Bajode. Phutheho le batho bohle: lisente tse 80; bo-pula-maliboho: lisente tse 40). Sepedi: Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo (Tract No. 20); Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21); Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? (Tract No. 22). Sepotoketsi: Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo (Tract No. 20); Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21); Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? (Tract No. 22). Sesotho: Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo (Tract No. 20); Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21); Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? (Tract No. 22). Setsonga: Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo (Tract No. 20); Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21); Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? (Tract No. 22). Setswana: Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo (Tract No. 20); Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21); Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? (Tract No. 22). Sevenda: Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo (Tract No. 20); Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21); Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? (Tract No. 22). Sexhosa: Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo (Tract No. 20); Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21); Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? (Tract No. 22). Sezulu: Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo (Tract No. 20); Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21); Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? (Tract No. 22).

  • Litaba tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea ’Muso—1993 | March
    • Litaba tsa Puso ea Molimo

      Afrika Boroa: Phutheho ea Ottery e Cape Town haesita le Phutheho ea Cezu e Transkei li qalile selemo sa 1993 ka thabo e khōlō ha Liholo tsa tsona tsa ’Muso li neheloa bekeng ea bobeli ea January.

      Likopano tsa Setereke tse 20 tsa “Bajari ba Leseli” Afrika Boroa le linaheng tsa boahisane li ile tsa atleha haholo, kaha ho bile le palo e kopanetsoeng ea ba bileng teng ba 126 703, ’me ha kolobetsoa ba 2 477. Re lakatsa ho leboha bohle ba ileng ba etsa litšebeletso tsa bona ka boithaopo ho sebeletsa litlhoko tsa ba tlileng kopanong.

      Hong Kong: Ka October ho ile ha finyelloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 2 704. Ho hotle ho bona hore ba ile ba khanna lithuto tsa Bibele tse 4 043.

      Madagascar: Likopanong tsa Setereke tse hlano tsa “Bajari ba Leseli” ho bile teng ba 10 694, ’me ha kolobetsoa ba 241. Palo ea ba bileng teng e ile ea feta tlhōrō ea bona ea bahoeletsi ba 4 542 habeli.

      St. Helena: Baena ba sebelitse ka thata ho haha Holo e ncha ea ’Muso bakeng sa Phutheho ea Jamestown. Thabo ea bona e bile khōlō ha holo ea bona e neheloa ka January nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho ea tsoang Afrika Boroa.

  • Ho Lokisetsa Sehopotso
    Tšebeletso ea ’Muso—1993 | March
    • Ho Lokisetsa Sehopotso

      Na e mong le e mong, ho kopanyeletsa le sebui, o tsebisitsoe nako e nepahetseng le sebaka seo mokete o tla tšoareloa ho sona? Na sebui se na le sepalangoang?

      Na ho se ho entsoe litokisetso tse tobileng mabapi le ho fumana litšoantšetso le hore li be moo ho hlokahalang ka nako e loketseng?

      Na ho se ho entsoe litokisetso bakeng sa hore ho tekoe tafole esale pele ka lesela le hloekileng ’me ho be le likhalase le lipoleiti tse lekaneng?

      Ho entsoe litokisetso life bakeng sa ho hloekisa Holo ea ’Muso esale pele? Na ho lokiselitsoe libuela-hōle haeba holo e hiriloe?

      Na bahlokomeli le ba tsamaisang litšoantšetso ba se ba filoe likabelo tsa bona? Na ho se ho lokiselitsoe seboka le bona pele ho Sehopotso bakeng sa ho ba hopotsa mesebetsi ea bona? Se tla tšoaroa neng? Ho tla sebetsoa joang ho tiisa hore bohle ba tla hlokomeloa ka ho lekaneng?

      Na litokisetso li feletse bakeng sa ho thusa baena le bo-khaitseli ba hōlileng le ba kulang? Na ho entsoe litokisetso tsa ho isa litšoantšetso ho leha e le ofe oa batlotsuoa eo e ka ’nang eaba oa kula ’me o hlōleha ho ba teng le phutheho?

  • Thuto ea Buka ea Phutheho
    Tšebeletso ea ’Muso—1993 | March
    • Thuto ea Buka ea Phutheho

      Kemiso ea thuto ea buka ea phutheho bukeng ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.

      March 1: Likhaolo 55-57

      March 8: Likhaolo 58-60

      March 15: Likhaolo 61-63

      March 22: Likhaolo 64-66

      March 29: Likhaolo 67-69

  • Peho ea Tšebeletso ea December
    Tšebeletso ea ’Muso—1993 | March
    • Peho ea Tšebeletso ea December

      Bahoe. Bo-pu. Bo-pu.

      Bohle. Ba Thus. Ba Kam.

      Botswana 645 34 29

      Lesotho 1 495 99 172

      Namibia 597 11 37

      St. Helena (Nov.) 137 - -

      South Africa 48 874 1 811 3 674

      Swaziland 1 425 34 130

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela