Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 9/1 maq. 29-31
  • Ananela Tšebeletso e Halalelang ea Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ananela Tšebeletso e Halalelang ea Hao
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Re Qala ho Ithuta ka Molimo
  • Na Kannete ke Boitelo?
  • Nahana ka Meputso
  • Bohato ba Boinehelo
  • Meputso e Meng ea Tšebeletso e Tšepahalang
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Lebaka Leo ho Phela Bophelo ba Bomolimo ho Tlisang Thabo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • ‘Ipholose Hammoho le ba U Mamelang’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 9/1 maq. 29-31

Ananela Tšebeletso e Halalelang ea Hao

RE TLAMEHA ho itokisetsa ho itela e le hore re finyelle pakane efe kapa efe e molemo. Hore motho e be ngaka ho hloka lilemo tsa ho ithuta le boikemisetso, haesita le chelete. Sebapali sa lipapali tsa boikoetliso ba ’mele se atlehileng se sebelisitse karolo e khōlō ea bocha ba sona se sebetsa likemisong tse tsoelang pele tse thata haholoanyane ha se phehella phetheho se sa khaotse. Setsebi sa ho letsa piano ka ho tšoanang se ka hetla morao lilemong tsa ho ikakhela ka setotsoana boikoetlisong.

Leha ho le joalo, ho na le pakane e le ’ngoe e buseletsang haholo ho feta moputso leha e le ofe oo motho a ka o lefang bakeng sa eona. Ke efe eona eo? Ke tokelo ea ho ba mohlanka oa Ea Holimo-limo, Jehova Molimo. Boitelo leha e le bofe boo re bo etsang tabeng ea nako, chelete, kapa matla, tokelo ea ho etsetsa ’Mōpi oa rōna tšebeletso e halalelang bo tlisa meputso e ke keng ea lekanngoa. Mantsoe a moapostola Pauluse ke ’nete: “Borapeli bo thusa kahohle, bo tsoe bo e-na le pallo ea bophelo ba joale le ea bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:8) A re boneng hore na seo ke ’nete joang.

Ha Re Qala ho Ithuta ka Molimo

Ba bangata ba arabelang litaba tse molemo ’me ba qale ho ithuta Bibele mohlomong ha ba hlokomele boholo ba liphetoho tse tla hlaha bophelong ba bona. Ntho ea pele, seithuti sa Bibele se secha se ka ’na sa lahleheloa ke metsoalle e meng e sitoang ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha se se se sa kheme le bona mesebetsing eo joale se hlokomelang hore e hlompholla Molimo. (1 Petrose 4:4) Ba bang ba ka ’na ba latsoa khanyetso ea lelapa ’me ba ka ’na ba tepeletsoa ke ho bona baratuoa ba bona ba bontša ho se rate Jehova, esita le ho mo hloea. (Mattheu 10:36) Oo e ka ba moputso o boima ho o lefa.

Mosebetsing kapa sekolong, le teng ho tla ba le moputso o lefshoang. Kamor’a nako seithuti se secha sa Bibele se tla khaotsa ho kopanela meketjaneng le meketeng e meng ea lefatše. Se ke ke sa hlola se mamela puo e sa hloekang ea basebetsi-’moho le sona kapa bao se kenang sekolo le bona, leha e le hore se tla fapanyetsana mesoaso e nyonyehang le bona. Ho e-na le hoo, se tla leka ho sebelisa keletso e fumanoang ho Ba-Efese 5:3, 4: “Ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli kateng; leha e le taba e lihlong, leha e le ea booatla, leha e le ea mesoaso e mebe, e leng taba tse sa tšoanelang; ho mpe ho utloahale liteboho.”

Liphetoho tse joalo li ka ’na tsa etsa seithuti sa Bibele mokhelo. Hoo ho ka ba thata, haholo bakeng sa mocha ea sa ntseng a le sekolong. Kaha ba tšoanela ho talimana le letoto la mekete ea matsatsi a phomolo, esita le lithuto tse hanyetsang Molimo, tse kang khopolo ea ho iphetola ha lintho, le khatello e sa feleng ea ho ea le letšoele, bacha ba Bakreste ba tlameha ho loanela tumelo ea bona ba sa khaotse. Ho latela litsela tsa Molimo ho tla etsa hore ba khethollehe ’me ho ka fella ka ho songoa ke ba leng sehlopheng se le seng le bona le matichere. Sena se amoheloa ka thata haholo nakong ea ha motho a le ka tlaase ho lilemo tse 20 tseo ha a le ho tsona a khenang habonolo, empa kamohelo ea Molimo e tšoaneloa ke ho lefelloa joalo.

Na Kannete ke Boitelo?

Lintho tse ling tseo qalong li bonahalang e le boitelo li fetoha litlhohonolofatso. Ba bang ba lokela ho tlohela ho lemalla koae. (2 Ba-Korinthe 7:1) Sena e ka ba ntoa, empa ke tlhohonolofatso e kaakang ha leraba leo le nyonyehang le qetella le hlōtsoe! Ho ka boleloa joalo le bakeng sa ho hlōla ho lemalla lithethefatsi tse ling kapa tahi. Bophelo bo molemo hakaakang ha bo se na mekhoa e joalo e senyang! Ba bang ba tlameha ho lokisa litaba tsa manyalo a bona. Ba phelang hammoho ba sa nyalana ba tlameha ho nyalana kapa ba khaotse ho phela hammoho. (Ba-Heberu 13:4) Ba phelang le basali ba bangata ba tlameha ho sala feela le mosali oa bocha ba bona. (Liproverbia 5:18) Litokiso tse joalo li ama boitelo, empa li tlisa khotso ka lapeng.

Nahana ka Meputso

Ka sebele, mang kapa mang ea mamelang melao ea Jehova o rua molemo kannete. Ka lekhetlo la pele bophelong ba sona, seithuti sa Bibele se qala ho bitsa ’Mōpi oa sona ka lebitso la Hae, Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Seithuti se qala ho rata Jehova ha se ithuta ka lintho tse hlollang tseo A li etselitseng moloko oa batho le tseo a sa ntseng a tla o etsetsa tsona. Linaheng tseo ho tsona e leng tloaelo hore ho tšajoe bafu, se felloa ke tšabo ena ea tumela-khoela, sea tseba hore bafu ba robetse, ba letetse tsoho. (Moeklesia 9:5, 10) ’Me ho khatholla hakaakang ho hlokomela hore Jehova ha a hlokofatse batho ka ho sa feleng liheleng! E, ka sebele ’nete ea se lokolla.—Johanne 8:32.

Ha se ntse se etsa hore bophelo ba sona bo lumellane haholoanyane le litekanyetso tsa Jehova, se ba le letsoalo le hloekileng le boitlhompho. Ho ithuta ho phela e le Mokreste oa ’nete ho se thusa ho hlokomela lelapa la sona hamolemo, e leng ho tlisang khotsofalo le thabo tse khōlō. Joale ho latela taba ea ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso. Ke phihlelo e thabisang hakaakang! Mona ho na le batho bao ka sebele ba sebelisang lerato le mofuthu leo Bibele e reng le lokela ho khetholla batho ba Molimo. (Pesaleme ea 133:1; Johanne 13:35) Puo ea bona e hloekile ’me ea haha ha ba bua ka “limakatso tsa Molimo.” (Liketso 2:11) E, ho kopana le ‘bana bohle babo sona’ ke mohloli oa thabo. (1 Petrose 2:17) Botsoalle bo botle joalo bo thusa seithuti sa Bibele ho “apara motho e mocha, ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ho lokeng le khalalelong ea ’nete.”—Ba-Efese 4:24.

Bohato ba Boinehelo

Ha motho a tsoela pele tsebong, o qetella a susumelitsoe ke ho rata Jehova hore a nehele bophelo ba hae ho eena le ho tšoantšetsa boinehelo bona ka kolobetso ea metsing. (Mattheu 28:19, 20) Keletso ea Jesu ke hore pele barutuoa ba hae ba nka bohato bona, ba lekanye hore na bo tla ba hloka eng. (Luka 14:28) Hopola, Mokreste ea inehetseng o eteletsa thato ea Jehova pele ’me o furalla lintho tsa nama. O sebetsa ka thata hore a tele “mesebetsi ea nama” ’me o hlaolela “tholoana ea moea.” (Ba-Galata 5:19-24) Joale keletso e fumanoang ho Ba-Roma 12:2 e phetha karolo e feletseng haholoanyane bophelong ba hae: “Le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna, le tle le lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.” Kahoo, Mokreste ea inehetseng o phela bophelo ba hae a e-na le kutloisiso e nchafetseng ea merero ea bona.

Leha ho le joalo, nahana hore na o fumana eng. Har’a tse ling, ke hore joale o kamanong ea botho le ’Mōpi oa bokahohle. O boleloa a lokile ka pono ea hore ke motsoalle oa Molimo! (Jakobo 2:23) Ka kutloisiso e tebileng haholoanyane, o bitsa Molimo “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Mattheu 6:9) Tlhohonolofatso e ’ngoe bakeng sa ea sa tsoa inehela ke ho tseba hore ka sebele bophelo bo na le morero le hore o phela bophelo ba hae tumellanong le morero oo. (Moeklesia 12:13) Ka ho latela ketello-pele ea Jesu, a ka paka hore Diabolose o leshano ka hore a lule a tšepahetse. Seo se thabisa pelo ea Jehova hakaakang!—Liproverbia 27:11.

Ka sebele, ha Mokreste a ntse a mameletse tseleng ea botšepehi, ho na le boitelo bo eketsehileng bo lokelang ho etsoa. Ho hloka nako ea ho kopanela boithutong ba Lentsoe la Molimo bo nang le moelelo ba botho le ba phutheho. (Pesaleme ea 1:1-3; Ba-Heberu 10:25) Nako ea tšebeletso ea tšimo e lokela ho rekoa mesebetsing e meng. (Ba-Efese 5:16) Ho boetse ho hlokahala nako le boiteko bakeng sa ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova le ho ea likopanong tsa tsona tse nyenyane le tse khōlō. Ho ka ’na ha hloka boitelo ho kopanela ho tšehetsoeng ha Holo ea ’Muso le mosebetsi oa boboleli oa lefatše ka bophara ka lichelete. Leha ho le joalo, joalokaha Bakreste ba limilione ba ka paka, ho kopanela ka pelo eohle linthong tse joalo hoa thabisa. Jesu o ile a re: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Liketso 20:35.

Meputso ea ho tšehetsa mosebetsi oa Jehova e feta litšenyehelo hōle haholo. Ha re ntse re hōla tsebong, tšebeletso ea rōna e ba e behang le e thabisang haholoanyane. Ka sebele, ha ho letho le ka khotsofatsang ho feta ho ruta motho e mong ’nete ea Bibele le ho bona motho eo a amohela borapeli ba Jehova. ’Me haeba morapeli e mocha e le setho sa lelapa, mohlomong ngoana ea ’nileng a koetlisoa ‘ka ho lauoa le ka ho ruteloa Moreneng,’ seo se tlisa thabo e khethehileng. (Ba-Efese 6:4) Re bona litlhohonolofatso tse enneng tsa Molimo boitekong ba rōna ba ho ba ‘ba sebetsang le eena.’—1 Ba-Korinthe 3:9.

Meputso e Meng ea Tšebeletso e Tšepahalang

Ke ’nete hore re tla ba le mathata hafeela tsamaiso ena e ntse e le teng. Mohlomong, mathata a tla mpefala haholo ha nako ea Diabolose e ntse e khutsufala. Mohlomong re tla lokela ho hlorisoa kapa ho mamella teko. Empa tsebo ea hore Molimo o na le rōna ea re tšelisa le ho re fa matla a ho mamella. (1 Ba-Korinthe 10:13; 2 Timothea 3:12) Bakreste ba bang ba habo rōna ba mameletse tšoaro e se nang kutloelo-bohloko ka lilemo tse telele, empa ba tiiselitse ka lebaka la ho rata Molimo. Ba mamellang liteko tsa mefuta e sa tšoaneng ka katleho ba ikutloa kamoo baapostola ba ileng ba ikutloa kateng ha ba ne ba shapuoa ’me ka mor’a teng ba lokolloa. Liketso 5:41 ea pheta: “Baapostola ba tloha khotla, ba thabile kahobane ba entsoe ba tšoaneloang ke ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la Jesu.”

Le hona joale moputso oa mamello o se o ntse o feta litšenyehelo ka tekanyo e khōlō. Empa hopola, borapeli ‘bo na le pallo’ eseng “ea bophelo ba joale” feela empa le “ea bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:8) Litebello tsa ea mamellang li khōlō hakaakang! Haeba ua tšepahala, u tla pholoha mahlomola a maholo a tšoaeang bofelo ba tsamaiso ena ea lintho. Kapa haeba u e-shoa pele ho ketsahalo eo e qalisang mehla e mecha, u tla tsosetsoa lefatšeng le lecha le tla latela. (Daniele 12:1; Johanne 11:23-25) Nahana ka boikutlo ba thabo boo u tla ba le bona ka nako eo ha u khona hore u re: “Ka thuso ea Jehova, ke tsoelletse!” Ke ho hlollang hakaakang ho ba le kabelo lefatšeng leo, leo ho lona ‘ho tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.’—Esaia 11:9.

E, ho sebeletsa Molimo ho hloka ho hong. Empa ha ho bapisoa le meputso, se hlokoang se senyenyane. (Ba-Filippi 3:7, 8) Ha ho talingoa sohle seo Molimo a se etsetsang bahlanka ba hae hona joale le seo a tla se etsa kamoso, re pheta mantsoe a mopesaleme: “Ke tla busetsa’ng ho Jehova? Melemo eohle ea hae e ho ’na.”—Pesaleme ea 116:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela