Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 3/15 maq. 8-13
  • Ho Sebetsa le Mohlophisi oa Bokahohleng Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebetsa le Mohlophisi oa Bokahohleng Bohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Pele ka Tlhophiso
  • Jerusalema ea Tlamiloeng
  • Jerusalema e Lokolohileng
  • Sebetsa le Mohlophisi e Moholo
  • Mosali oa Nyopa oa Thaba
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • “Ketsahalo e Tšoantšetsang” ea Bohlokoa ho Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Litlhohonolofatso Tse Khōloanyane ka Selekane se Secha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 3/15 maq. 8-13

Ho Sebetsa le Mohlophisi oa Bokahohleng Bohle

“Hobane re ba sebetsang le Molimo, ’me lōna, le boleme ba Molimo, le mohaho oa Molimo.”—1 BA-KORINTHE 3:9.

1. Ke polelo efe e entsoeng lilemong tse fetileng tse kaholimo ho 60 e ileng ea hlolla bamameli ba eona, hona ke phello efe eo e bileng le eona ka nako eo ho Liithuti tsa Bibele tse tiileng?

“TLHOPHISO EA MOLIMO.” Polelo eo e ile ea sebelisoa lilemong tse fetileng tse ka bang 60 ke mohlophisi oa Watch Tower Society puisanong ea letsatsi le letsatsi ea Bibele litafoleng tsa lijo tsa Bethele. Ea hlolla lelapa la ntlo-kholo e Brooklyn, New York hakaakang! Polelo eo e ikhethang, “tlhophiso ea Molimo,” kamorao ho moo ea sebeletsa ho tataisa Liithuti tseo tsa Bibele monahanong, puong le ho ngoleng. Ea hōlisa pono ea tsona ea moea mabapi le pōpo eohle ’me ea susumetsa ka matla boikutlo ba tsona mabapi le Mohlophisi ea babatsehang oa bokahohle, Jehova Molimo.

2. Joalokaha ho bontšoa ka tšimoloho ea lona Segerikeng, lentsoe “tlhophiso” le hlalosoa joang?

2 Kajeno, hoo ho ka ’na ha utloahala ho makatsa, kaha lentsoe “tlhophiso” le sebelisoa kamehla ke Lipaki tsa Jehova, tse thabelang tokelo ea tsona ea ho sebetsa le Mohlophisi oa bokahohle. (1 Ba-Korinthe 3:5-9) Lentsoe tlhophiso (organization) le nkiloe lentsoeng la Segerike orʹga·non. Har’a litlhaloso tse ling, le bolela kofuto kapa thepa eo mosebetsi o phethoang ka eona. Le hlaha ho Septuagint Version ka makhetlo a mangata ’me le sebelisoa ho bolela seletsa, se kang harepa ea Davida. Motso oa lentsoe lena ka Segerike ke erʹgon, lereo le bolelang “mosebetsi.” Ka hona “tlhophiso” ke tokisetso ea lintho e sebelisoang hore ho etsoe ntho e ’ngoe kapa mosebetsi ka tsela e molemo haholo le ka tšenyehelo e fokolang haholo ea nako le matla.

Maikutlo a Pele ka Tlhophiso

3. Tokollo ea March 1883 ea makasine ona e ile ea re’ng ka “tlhophiso ea rōna”?

3 Leha ho le joalo, lilemong tsa ho feta, Liithuti tsa Bibele li ne li thatafalloa ke ho sebelisa lentsoe “tlhophiso.” Ka mohlala, tokollong ea Watch Tower ea March 1883, ho ile ha thoe:

“Empa, le hoja ho le thata hore motho oa tlhaho a bone tlhophiso ea rōna, kaha a ke ka a utloisisa lintho tsa Moea oa Molimo, re tšepa hore u ka bona hore Kereke ea ’nete e hlophisitsoe hantle haholo, ’me e sebetsa hamolemo haholo. . . . Re na le tumelo e sa thijoeng ho Molaoli oa rōna; ’me tlhophiso ena e phethahetseng, e sa bonahaleng lefatšeng, e tsoela pele tlhōlong e tiileng le e khanyang.”

4. Ke pono efe ka tlhophiso e ileng ea hlalosoa tokollong ea December 1, 1894 ea makasine ona?

4 Leha ho le joalo, tokollo ea Watch Tower ea December 1, 1894, ea re:

“Empa kaha mosebetsi oa ho hlophisa tsamaiso ea kereke ea Molaetsa o mocha e se karolo ea mosebetsi oa kotulo oa tsamaiso ea khale ea Sejode, ka hona mosebetsi o etsoang hona joale oa kotulo oa tsamaiso ea Molaetsa o fapane le mosebetsi oa tsamaiso e ncha ea Lilemo tse Sekete o atametseng. . . . Ho hlakile hore ho iketsetsa tlhophiso e bonahalang ea ba bokelletsoeng e tla ba ketso e khahlanong le moea oa tokisetso ea Molimo; ’me haeba hoo ho etsoa ho tla bontša hore kereke e lakatsa ho lumellana le maikutlo a atileng hohle hona joale a tlhophiso kapa mokhatlo. (Bona Esa. 8:12) Hona joale ha ho etsoe tlhophiso, empa e le karohano, joalokaha ho ne ho etsoa kotulong ea sebele ea Sejode. (Matt. 10:34-36) . . .

“Ka baka leo, le hoja re sa talime hore tlhophiso e bonahalang ea ba bokelletsoeng ke karolo ea tokisetso ea Morena mosebetsing oa ho kotula, joalokaha e ka re lebelletse hore tlhophiso e tsoele pele ka nako e ’ngoe hape, re fela re nka hore ke thato ea hae hore ba ratang Morena ba buisane kamehla ka tšepo ea bona le ka thabo ea bona, kapa liteko tsa bona le likhopiso, ba buisane ka lintho tsa bohlokoa tsa Lentsoe la hae.”

5. Ho itsoe’ng ka tlhophiso bukeng The New Creation?

5 Kahoo ka nako eo phutheho ea Bokreste e ne e sa nkoe e le tlhophiso. Empa ho bile le maikutlo a matla hore ho be le taolo ka phuthehong, “ecclesia.” Ka mohlala, Thuto V ea buka The New Creation, e hatisitsoeng ka 1904, e ne e bitsoa “Tlhophiso ea Pōpo e Ncha” ’me e qala ka ho re: “Kaha Pōpo e Ncha e ke ke ea phetheha kapa ea fella pele ho Tsoho ea Pele, ka hona tlhophiso ea eona e tla phethoa feela ka nako eo. Tšoantšetso ea tempele e bontša sena: Joaloka majoe a phelang, hona joale re biletsoa, kapa re memeloa libaka tempeleng e khanyang.”

6. Buka Thy Kingdom Come e ile ea tsebahatsa “’m’a” litho tsa ‘pōpo e ncha’ joang?

6 Ho thahasellisang, buka Thy Kingdom Come, e hatisitsoeng ka 1891, e itse ka batlotsuoa bao ba “pōpo e ncha”: “Ha e le ka Esaia 54:1-8, Moapostola Pauluse o e hlakisitse ka tsela e bontšang bohlale bo fetang ba motho, ’me o e sebelisitse ho Sione oa leholimo, ’m’a rōna kapa selekane, se tšoantšelitsoeng ka Sara. Peō ea tlhaho ea Abrahama e ne e khaotsoe ho beng majalefa ka pallo, ’me peō ea ’nete Kreste (a tšoantšetsoa ka Isaaka le Rebeka), o ne a amohetsoe e le peō feela ea pallo.—Ba-Gal. 4:22, 24, 26-31.”

7, 8. Monna “’m’a” phutheho ea Bokreste ke mang, hona Esaia 54:1-8 e re’ng ntlheng ee?

7 Ho ne ho se moo polelo ena e amanang le Tlhophiso ea Lefatše ea Masione e theiloeng ke Theodor Herzl ka 1897. Tlhophiso eo e ne e sebelisana le Jerusalema ea tlase, mona lefatšeng, e seng “Jerusalema oa holimo,” “’m’a” phutheho ea Bokreste. (Ba-Galata 4:26) Buka Thy Kingdom Come ha e-ea ka ea tsoela pele ho hōlisa ntlha ea hore mong a “’m’a” phutheho ea Bokreste oa monna ke Molimo, ea tšoantšelitsoeng ka Abrahama. Jehova ha a ea nyalana le selekane sa Abrahama kapa selekane se secha, empa o nyalane le “Jerusalema oa holimo,” ea tšoantšelitsoeng ka Sara, ’mè oa Isaaka. Joaloka eena, e le “’m’a” “Jerusalema oa holimo,” o tlameha ho ba ntho e phelang le e nang le botho.

8 E be joale, “Jerusalema oa holimo” ke eng? Ho fumana karabo, a re ke re nahaneng ka Esaia 54:1-8, eo karolo e ’ngoe ea eona e reng:

“Thaba, uena, nyopa, u sa kang ua tsoala; u lumise litlatse le lipina tsa thabo, uena u sa kang ua tseba bohloko ba ho beleha, hobane bana ba ea furaletsoeng ba bangata ho feta bana ba ea nyetsoeng, ho bolela Jehova. . . . Hobane ’Mōpi oa hao ke monna oa hao, Jehova oa makhotla ke lebitso la hae; ’me Molopolli oa hao ke Mohalaleli oa Iseraele; o bitsoa Molimo oa lefatše lohle. Hobane Jehova o u lata joale ka ha ho latoa mosali ea furaletsoeng, ea hlomohileng pelo, kapa joale ka mosali ea nyetsoeng bocheng ba hae, ’me a hlaliloe; ho rialo Molimo oa hao. Ke na be ke u furaletse ka motsotso o se okae, empa ke tla u bokella ka mehauhelo e fetisisang. Ke na be ke u patetse sefahleho sa ka ka motsotso mehleng ea khalefo, empa ke tla u hauhela ka mohau o sa feleng, ho bolela Jehova, Molopolli oa hao.”

9. (a) Ho Esaia 54:1-8, Jehova o ne a bua ka ho tšelisang le bafe kapa eng? (b) Ho ea ka Ba-Galata 4:25, 26, “mosali” oa tšoantšetso eo ho buuoang le eena tabeng ea sebele ke mang?

9 Tabeng ea pele, mono Jehova o ne a sa bue le selekane. O ne a bua le sechaba, sechaba sa hae se khethiloeng se selekaneng sa Molao oa Moshe le eena. Ponong ea Molimo, sechaba seo e ne e le “mosali” ea entsoeng ka batho ba bangata ea kang mohats’a hae. Ho latela lengolo la moapostola Pauluse le eang ho Ba-Galata, “mosali” eo ke oa tšoantšetso e seng oa sebele, empa ha a bolele hore ke selekane, kapa tumellano. Selekane se ne se ke ke sa tšelisoa, sa thojoa pelo. Ho e-na le hoo, Pauluse o bontša hore “mosali” oa sebele ke ntho e phelang, joaloka ‘’mè,’ joalokaha “monna” Jehova, a phela e le Boleng bo bohlale le bo matla ho fana ka matšeliso. Ha a bua ka basali ba mehleng ea boholo-holo, moapostola a ngola: “Hobane Agare [lekhabunyane le ileng la tsoalla Abrahama Ishmaele lebitsong la Sara mofumahali oa lona] ke Sinai, thaba ea Arabia—’me [Agare] o tšoantšoa le Jerusalema oa joale [ha Pauluse a le lefatšeng]; ’me ke ea tlamiloeng [selekaneng sa molao oa Moshe], le bana ba hae. Empa Jerusalema oa holimo ha a tlangoa; ke eena e leng ’m’a rōna bohle.”—Ba-Galata 4:25, 26.

Jerusalema ea Tlamiloeng

10, 11. (a) Ke phetoho efe ea bohlokoa e amang Baiseraele e etsahetseng Thabeng ea Sinai? (b) Mabapi le selekane sa Molao, ho etsahetse joang ka 33 C.E.?

10 Agare ha a emele, kapa ha a tšoantšetse, selekane sa Molao oa Moshe. Leha e le hore selekane seo le Melao e Shome ea sona se tšoantšoa ka Thaba ea Sinai, e tšoantšetsang Agare. Koana, Molimo ha o-oa ka oa etsa selekane sa letho le Thaba ea Sinai. Empa ke moo o ileng oa isa Baiseraele, bao o neng o ba lokolotse botlamuoeng Egepeta, ho ba kenya kamanong ea selekane le oona, ’me oa sebelisana le bona e le sechaba se lokolohileng. Hona ho etsahetse makholo a lilemo kamor’a hore Molimo o etse selekane le Abrahama, o mo tšepisa peō ea ngoana e motona.

11 Ha Moshe, ’muelli oa selekane sa Molao, a theoha Thabeng ea Sinai, sefahleho sa hae se ne se e-na le khanya e fahlang motho hoo a neng a tlameha ho se koahela ka lesira e le hore Baiseraele ba ka mo talima. (2 Ba-Korinthe 3:12-16) Empa Thabeng ea Sinai, Moshe o ne a sa kopana ka ho toba le Jehova, hobane Molimo o kene selekaneng le Baiseraele ka lengeloi. (Liketso 7:37, 38; Ba-Heberu 2:2) Ka tsela eo sechaba sa Iseraele sa tlangoa ke selekane sa Molao. Makholo a lilemo hamorao, leha ho le joalo, selekane seo sa tlosoa, se khokhotheloa sefateng sa tlhokofatso sa Jesu ka 33 C.E.—Ba-Kolosse 2:13, 14.

12. (a) Jerusalema oa lefatšeng e ne e le “’m’a” mang? (b) Jerusalema oa lefatšeng o ne a le bohlankeng ho eng lilemong tse fetileng tse makholo a 19, hona ke hobane’ng ha a sa ka a lokoloha?

12 Pauluse o ngotse hore Thaba ea Sinai e tšoantšetsa Jerusalema oa fatše oa mehleng ea hae. Koana, Jerusalema e ne e se selekane; e ne e le motse oa bohlokoa o ahiloeng ke Bajode. E le motse oa moreneng, oa emela sechaba ’me ea e-ba “’mè” oa tšoantšetso oa “bana,” ke ho re, oa litho tsohle tsa sechaba sa Bajode, kapa Baiseraele. (Mattheu 23:37) Jerusalema ho ne ho eme tempele ea Jehova, Molimo oo Baiseraele ba neng ba le kamanong ea selekane le oona. Empa ka nako eo Bajode ba ne ba se na ’muso o ipusang o busoang ke ngoana oa Morena Davida. Ka hona, ba ne ba sa lokoloha empa ba le bohlankeng ba babusi ba lipolotiki ba Balichaba. Habohlokoa haholo, ba ne ba le bohlankeng ba bolumeli. Ke Messia ea tšepisitsoeng feela, Jesu Kreste, ea neng a ka ba lokolla ho bona, hammoho le bohlankeng ba sebe. Empa Jerusalema eo ha e-ea ka ea amohela Jesu e le Messia le Morena ’me ha ho mohla e ileng ea lokoloha. Ho e-na le hoo, ea timela matsohong a Baroma ka 70 C.E., ka tlokotsi ‘baneng’ ba eona.

Jerusalema e Lokolohileng

13. Pauluse o itse’ng ka Jerusalema ea lokolohileng, ’me bana ba hae ba lokela ho ema ba tiile tokolohong efe?

13 Pauluse a bapisa Jerusalema ea lefatšeng e bohlankeng le “Jerusalema oa holimo,” ea ‘sa tlangoang.’ Ha a qotsa ho Esaia 54:1-8, a ngola:

“Empa Jerusalema oa holimo ha a tlangoa; ke eena e leng ’m’a rōna bohle; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Ithabele, uena nyopa ea sa tsoalang, tlerola, u hoeletse, uena u nong u hloka pelehi; hobane bana ba ea tlohetsoeng ba tla fetisa ba ea nang le monna ka bongata. Ha e le rōna, banab’eso, re bana ba pallo, joale ka Isaaka. ’Me joale ka ha, mohlang oo, ea tsoetsoeng ka nama a na a hlorisa ea tsoetsoeng ka Moea, le joale ho sa le joalo. Empa Lengolo le re’ng? Le re: Lelekisa ea rekiloeng le mora oa hae; hobane mora oa ea rekiloeng e ke ke ea e-ba mojalefa hammoho le mora oa ea sa rekoang. Ka baka leo, banab’eso, ha re bana ba ea rekiloeng, empa re le ba ea sa rekoang. Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka eona, ’me le se ke la boela la bofshoa jokong ea bohlanka.”—Ba-Galata 4:26–5:1.

14. Ke hobane’ng ha tsoalo ea Isaaka ‘e bile ka mokhoa oa moea’?

14 Bakreste ba Galatia bao ho neng ho buisanoa le bona ka tsela eo e ne e le “bana ba Molimo ka baka la tšepiso ea oona.” (Ba-Galata 4:28, Today’s English Version) Ho tšoantšetsa sena, Isaaka o tsoaletsoe Abrahama ea lilemo li lekholo le mosali oa hae Sara ea lilemo li 90 phethahatsong ea tšepiso ea Jehova ho mopatriareka eo ea khabane. E, ho tsoalloa ha Abrahama Isaaka, e bile ha mohlolo, ‘e seng ka mokhoa oa nama.’ (Genese 18:11-15) Kahoo ha tlameha ho ba ‘ka mokhoa oa moea.’ E, ruri ho ne ho hlokahala moea oa Abrahama e Moholo, Jehova Molimo, ho tsosolosa matla a ho etsa bana a Abrahama le a Sara mosali ea lokolohileng. (Ba-Roma 4:19) Hoa hlokomeleha hore tšepiso ka boeona e ne e sa tsofala ha ho tsoaloa Isaaka ka 1918 B.C.E., hobane e ne e le feela lilemo tse 25 Abrahama a kene lefatšeng la pallo la Kanana ka 1943 B.C.E., ha “tšepiso” e sebetsa.

15. “Jerusalema oa holimo” o hlokile bana ka nako e kae, ’me bana ba hae ba qala ho ata neng?

15 “Jerusalema oa holimo,” kamoo ho bileng kateng, e ‘hlokile pelehi’ ka nako e telele ho feta Sara. Ha e le hantle, “Jerusalema oa holimo” e bile boemong boo ho tloha ka 1943 B.C.E., ha pallo e etselitsoeng Abrahama e qala ho sebetsa, ho fihlela ha Jesu a kolobetsoa ka 29 C.E. Ke ka nako eo moo Jesu a ileng a tsoaloa ka moea oa Abrahama e Moholo, Jehova, ’me a tlotsoa ka Moea oa Hae o halalelang ho ba Kreste kapa Motlotsuoa, Messia. Empa “Jerusalema oa holimo” o ne a tlameha ho ba le bana ba bangata ba moea. Ka hona ka Pentekonta ea 33 C.E., hoba Jesu a tsohe le ho nyolohela leholimong, barutuoa ba hae ba khabane ba ka bang 120 ba tsoaloa ka moea oa Abrahama e Moholo. Eaba ba tlotsoa ka moea oo ho ba baena ba moea ba Isaaka e Moholo, Jesu Kreste. Hamorao hona letsatsing leo Bajode ba fetang 3 000 ba kolobetsoa e le barutuoa ba Jesu ’me ba tlotsoa ka moea o halalelang. (Liketso 2:1-42) Ka hona mohlang oo “Jerusalema oa holimo” ea e-ba “’mè” oa bana ba bangata.

16. “Jerusalema oa holimo” ke eng?

16 Moapostola Pauluse o senola hore mosali eo ho buuoang ka eena ho Esaia 54:1-8 ke “Jerusalema oa holimo.” Jehova Molimo ke “monna” oa hae, hammoho le ’Mōpi e Moholo oa hae. Ka puo ea tšoantšetso, ke “mosali” oa hae, “mohats’a hae,” kapa tlhophiso e kang mosali holimo leholimong. Joaloka monna, ke Eena ea mo etsang hore a ate e le hore a ka hlahisa “peō” ea ’nete ea pallo e tšepisitsoeng mehleng ea Abrahama.—Ba-Galata 3:16, 26-29.

17. “Jerusalema oa holimo” e bile “’m’a” “peō” e ka sehloohong ea Abrahama e Moholo joang?

17 Ho ba “peō” ea sehlooho ea Abrahama e Moholo, Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo o ne a lokela ho tsoa tlhophisong e khanyang e kang mosali oa Jehova. Ka hona e tšoana le “’m’a” Mora oa Molimo. Mehleng ea ha Jesu Kreste a le lefatšeng e ne e se mora oa tšoantšetso oa Jerusalema ea lefatšeng ea mehleng ea hae, hobane ka nako eo motse oo o ne o le botlamuoeng, kapa bohlankeng, le “bana” ba oona, ’me ha ho mohla Jesu a kileng a ba bohlankeng. (Ba-Galata 4:25) Jerusalema oa lefatšeng e ne e le “’m’a” Bajode bao ba tlhaho ba hanneng Jesu Kreste e le “peō” e neng e sa tšepisoa mopatriareka Abrahama feela empa hape le Abrahama e Moholo, Jehova Molimo.—Mattheu 23:37-39.

Sebetsa le Mohlophisi e Moholo

18. Ke hobane’ng ha Jerusalema oa lefatšeng e ne e le setsi sa tlhokomelo mehleng ea Morena Salomone?

18 Jesu Kreste, eo tlhophiso ea Molimo ea leholimo e neng e le “’mè” oa hae oa leholimo, o ne a le moholo le ho ba bohlajana ho feta Morena Salomone, mora ea tsebisahalang oa Davida le morena oa Jerusalema ea boholo-holo ea lefatšeng. Khanya ea Salomone le bohlale ba hae ruri li ile tsa hapa tlhokomelo ea lichaba tseo e seng Baiseraele, joalokaha Jesu a bontšitse ha a re: “Mofumahali oa Boroa o tla ema kahlolong le moloko ona, a o tsoe; hobane o na a tlohe pheletsong tsa lefatše, ho tla mamela bohlale ba Salomone; ’me bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.” (Mattheu 12:42; Luka 11:31) Salomone o bontšitse bohlale boo bo boholo ka tsela eo a ileng a lokisetsa litaba tsa puso ea hae. Ho ne ho hlolla ho bona kamoo a hlophisitseng ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bohlale.

19. Ke eng e ileng ea hlolla mofumahali oa Sheba ka borena ba Morena Salomone?

19 Ka hona, ho 1 Marena 10:4, 5 rea bala: “Ha mofumahali oa Sheba a bona bohlale bohle ba Salomone le ntlo eo a e hahileng, le lijo tse beoang tafoleng ea hae le matlo a matona a hae le ba sebeletsang tafoleng ea hae le liaparo tsa bona le lino tsa hae le mahlabelo ao a neng a a chesetsa Jehova kamehla tlung ea hae, a sala a khathetse.” (NW; Rotherham; Young; Revised Standard; Septuagint. Bona hape 2 Likronike 9:4.) Mofumahali oa Sheba o ne a e-na le lebaka la ho hlolloa ke tlhophiso ea basebeletsi ba Salomone. ’Me ka ho hlophisa lintho hantle o ne a le tumellanong le Molimo ao Tlhophiso.—1 Ba-Korinthe 14:33.

20. (a) Karabelong ea thapelo ea Salomone, Jehova a mo nea eng? (b) Joaloka ea “moholo ho Salomone,” Jesu Kreste o etsa joang, hona tsela ea balateli ba hae ke efe?

20 Tumellanong le thapelo e ikokobelitseng ea Salomone, Jehova a mo nea “pelo e kelello le kutloisiso.” (1 Marena 3:5-14) Mohlophisi e Moholo oa bokahohleng bohle oa nea Salomone bohlale ba ho hlophisa lintho molemong oa taolo e ntle le tšebetso ea lintho. Ka hona, ea e-ba tlamo ho morena oa batho ba leng selekaneng le Jehova ho sebetsa le Mohlophisi ea halalelang oa lintho tsohle tse bōpiloeng tse leholimong le tse lefatšeng. Ha ho bapisoa, Jesu Kreste ea tlotsitsoeng, “ea moholo ho Salomone,” o etsa joalo ka bohlale. Ka baka leo, balateli ba hae ba khabane ba lefatšeng le bona ho hlokahala ba etse sena, ’me baa se etsa.

U RE’NG?

◻ U ka hlalosa lentsoe “tlhophiso” joang?

◻ Jerusalema oa lefatšeng e ne e le “’m’a” mang, ’me ha a ka a lokolloa bohlankeng bofe?

◻ “Jerusalema oa holimo” ke eng, hona “bana” ba hae ke bafe?

◻ Salomone o ile a sebelisa bohlale ba hae boo a bo filoeng ke Molimo joang, ’me Salomone e Moholo le balateli ba hae ba etsa’ng?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Jerusalema oa lefatšeng o ne a le bohlankeng joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Mofumahali oa Sheba a hlolloa ha a etetse Salomone. O ne a sebetsa le Mohlophisi oa bokahohle. Na le uena sebetsa le Jehova Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela