Ho Tšoauoa ho Tlisang Topollo
1 Kamehla pele Jehova a phethahatsa likahlolo tsa hae tse lokileng, o fana ka temoso ’me o bontša baikokobetsi tsela ea ho pholoha. Mehleng ea Ezekiele, ho ne ho e-na le ba neng ba feheloa le ho bobola ka lebaka la lintho tsohle tse manyala tse neng li etsoa. Jehova o ile a etsa hore ba joalo ba tšoanelehang ba tšoaeloe pholoho. (Ezek. 9:4-6) Mosebetsi oa rōna oa boboleli kajeno o phetha morero o tšoanang. Re ka phetha karolo ea bohlokoa.
2 Ho fumana batho ba tšepahalang ke mohato oa pele. Re lokisetsa leeto la ho boela. Ho lokisetsa leeto la ho boela ho etsoa ketelong ea pele ka ho ngola sengoliloeng se tsamaisitsoeng le taba eo ho ileng ha buisanoa ka eona. Katleho ea rōna ha re khutlela e tla itšetleha haholo ka seo re itokiselitseng ho se bua le ho se etsa ha re khutla.
3 Ha u khutlela moo u tsamaisitseng “Molula-Qhooa,” u ka lebisa tlhokomelo sehloohong sa oona se seholo:
◼ “Hlokomela hore sekoahelong sa Molula-Qhooa ho na le polelo e reng ‘O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova.’ Makasine ona o ikhetha ka lebaka la hore o buella ’Muso oa Molimo hore ke oona feela tharollo mathateng a lefatše. O hlalosa seo ’Muso oa Molimo o tla se finyella ha thato ea Molimo e etsoa lefatšeng. Tsena ke litaba tse molemo tseo Jesu a boletseng hore li tla boleloa lefatšeng lohle.” Bala Mattheu 24:14, ’me u hlalose kamoo Molula-Qhooa o ka fumanoang kamehla ’me oa sebelisoa bakeng sa thuto ea botho ea Bibele.
4 U ka ’na ua batla ho lebisa tlhokomelo Bibeleng ka boeona le ho hatella tlhokahalo ea hore re e bale kamehla. U ka re:
◼ “Ho bonahala eka hoo e batlang e le e mong le e mong eo re mo tsebang a ka ananela keletso e sebetsang ea kamoo re ka sebetsanang ka katleho le mathata a bophelo ba letsatsi le letsatsi. U nahana hore ke hokae moo re ka fumanang keletso eo re ka e tšepang? [Emela karabo.] Ba bangata ba tšepileng keletso ea metsoalle kapa ba lefelletseng keletso ea litsebi ha baa fumana seo ba se batlang. Ka lehlakoreng le leng, batho ba limilione ba fumane hore Bibele ke eona feela mohloli oa keletso eo ba ka e tšepang ka tieo. Bibele e fana ka thuto ea kamoo re ka sebetsanang ka katleho le mathata leha e le afe ao re ka tobanang le ’ona. [Bala 2 Timothea 3:16, 17.] Le hoja mohlomong u fumane hore ho thata ho utloisisa Bibele, e re ke u bontše kamoo u ka e sebelisang ho bula polokelo ea letlotlo la keletso e bohlale.” Tsoela pele ka ho phetla tlas’a “Lerato” Tšupisong ea Litaba karolong e ka morao bukeng ea Ho Bea Mabaka ebe u supa tse ling tsa litšupiso.
5 Pakane e le ho qalisa thuto ea Bibele, u ka ’na ua khetha ho sebelisa buka ea “U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng,” u sebelisa kenyelletso ena:
◼ “Re rata malapa a rōna ’me re a batlela se molemo. Na lelapa la hao le ka rua molemo ka ho phela lefatšeng le tjee?” Bontša litšoantšo tse leng maqepheng a 156-7. Bala lengolo le le leng kapa a mabeli a qotsitsoeng maqepheng ana, ’me u hlalose hore litšepiso tsena li entsoe ke Jehova Molimo, ea ke keng a thetsa. Bua ka lethathamo la likhaolo le leng maqepheng a 5-6, ebe u botsa mong’a ntlo hore na o thahasella sehlooho sefe haholo; phetla sehloohong seo a se khethang, ebe u bua ka serapa se le seng kapa tse peli.
6 Na u ka rata ho thusa motho e mong hore a tšoaeloe topollo? Katleho e itšetlehile ka ho ‘phethisisa tšebeletso ea hao’ ka ho lokisetsa hantle le ka ho khutlela hang-hang moo u fumaneng thahasello.—2 Tim. 4:5.