Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
1 Ha u atamela moo ho rekisoang likoranta, u bona eng? Limakasine. Lebenkeleng le hukung ea seterata, mahlo a hao a haptjoa ke eng? Limakasine. Ke eng se etsang hore motho ea tlisang mangolo a kotlobanngoe ke mokotla oa hae oa poso? Limakasine. Ka hona, batho ba bangata ba bala eng? Limakasine. Liphuputso li bontšitse hore bacha ba 9 ho ba 10 ba pakeng tsa lilemo tse 10 le 18, le palo e lekanang le eo lekholong ea batho ba baholo, ba bala bonyane makasine e le ’ngoe khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Lefatše le seli ka limakasine.
2 Na re ka etsa hore batho ba tšepahalang ba be seli ka Molula-Qhooa le Tsoha!? E, haeba RE le seli ka Molula-Qhooa le Tsoha! Re ka thusoa ke eng? Nahana ka litlhahiso tsena:
◼ Bala Limakasine: Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a tlaleha hore ka karolelano potolohong ea hae, ke mohoeletsi a le mong feela ho ba bararo ea balang tokollo ka ’ngoe ea Molula-Qhooa le Tsoha! ho tloha leqepheng le qalang ho ea leqepheng la ho qetela. Na u etsa joalo? Ha u bala sehlooho ka seng, ipotse, ‘Ke mang ea ka ananelang sehlooho see—’mè, motho ea belaellang boteng ba Molimo, rakhoebo, mocha?’ Koping ea hao, tšoaea ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tseo u tlang ho li sebelisa ha u nehelana ka limakasine. Ebe u nahana kamoo u tlang ho tsosa thahasello sehloohong seo ka polelo e le ’ngoe feela kapa tse peli.
◼ Etsa Odoro e Tobileng ea Limakasine: Kenya odoro e u loketseng ea palo e tobileng ea likopi tsa tokollo ka ’ngoe ho moena ea sebetsanang le limakasine. Ka tsela ena, uena le lelapa la hao le tla ba le phepelo ea kamehla le e lekaneng ea limakasine.
◼ Etsa Kemiso ea Kamehla ea Letsatsi la Limakasine: Liphutheho tse ngata li beheletse ka thōko letsatsi le khethiloeng bakeng sa ho paka ka limakasine. Na u ka tšehetsa Letsatsi la Limakasine la phutheho? Haeba u ke ke ua khona, leka ho sebelisa nako e itseng ea tšebeletso nako le nako bakeng sa bopaki ba seterateng ba limakasine le ho li aba ka bouena, ka ntlo le ntlo le litselaneng tsa limakasine.
◼ E-ba seli ka “Molula-Qhooa” le “Tsoha!”: Nka likopi tsa limakasine ha u tsamaea kapa ha u e-ea mabenkeleng. Nehelana ka tsona ha u buisana le bao u sebetsang le bona, baahisani, bao u kenang sekolo le bona kapa matichere. Banyalani ba bang ba atisang ho tsamaea ka sefofane ba sebelisa ntlha e leng ho e ’ngoe ea limakasine tsa morao-rao ho qalisa moqoqo le moeti ea lutseng pel’a bona. Ba ’nile ba e-ba le liphihlelo tse ngata tse thabisang. Bacha ba bang kamehla ba ea sekolong ka limakasine tse nang le lihlooho tseo ba nahanang hore li tla thahaselloa ke matichere a bona le liithuti-’moho le bona. Nka likopi ha u le maetong a mosebetsi, ’me u nehelane ka tsona ho bahoebi ha u qeta ho phetha mosebetsi oa hao. Ba bangata ba rōna re reka peterole kamehla; ke hobane’ng ha u sa nehelane ka limakasine ho motho ea sebetsang moo ho tšeloang peterole? Etsa hore li be haufi ha beng ka uena ba u etetse, ha u sebelisa sepalangoang sa sechaba, kapa ha u letile. Na u ka hopola liketsahalo tse ling tse loketseng?
◼ Lokisetsa Nehelano e Khutšoanyane ea Limakasine: Lokisetsa ho bua ka bokhutšoanyane, empa u bue hantle. Bontša mafolo-folo. Ipiletse pelong. Toba taba. Khetha taba e le ’ngoe sehloohong se itseng, e behe ka mantsoe a seng makae, ebe u nehelana ka limakasine. Nehelano e molemo ka ho fetisisa ke ea ho botsa potso tabeng e thahasellisang ebe u supa sehloohong se fanang ka karabo ea Mangolo. Nahana ka mehlala e ’maloa ea kamoo sena se ka etsoang kateng:
3 Haeba u buella sehlooho se buang ka keketseho ea tlōlo ea molao, u ka ’na ua botsa:
◼ “Ke eng e ka re nolofalletsang hore re khone ho robala bosiu re sa tšoha tlōlo ea molao?” Mohlomong mong’a ntlo a ka ’na a se be le tšepo ea hore lintho li tla ntlafala. Ha u araba u ka bolela hore batho ba bangata ba ikutloa ka tsela e tšoanang ’me u phaelle ka ho re u na le boitsebiso bo itseng boo u lumelang hore o tla bo thahasella. Joale ebe u supa ntlha e loketseng e leng sehloohong.
4 Ha u nehelana ka sehlooho se buang ka bophelo ba lelapa, u ka ’na ua re:
◼ “Batho ba bangata ba fumana hore ke phephetso ea sebele ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong le ho phelisa lelapa mehleng ena. Ho ngotsoe libuka tse ngata tabeng ena, empa le litsebi ha li lumellane ka se ka rarollang mathata a rōna. Na ho na le moo re ka eang bakeng sa ho fumana tataiso e ka tšeptjoang?” Ebe u supa tlhaloso e tobileng makasineng e bontšang bohlale bo fumanoang ka Bibeleng.
5 U ka ’na ua sebelisa katamelo ena ha u buella sehlooho se amang bothata ba bophelo:
◼ “Kajeno batho ba bangata ba tlas’a khatello. Ha ho mohla Molimo a kileng a rera hore re phele ka tsela ena.” Ebe u bontša kamoo boitsebiso bo thehiloeng Bibeleng bo sehloohong seo bo ka re thusang hore re sebetsane ka katleho le mathata a bophelo le ho re fa tšepo ea tharollo ea ka ho sa feleng nakong e tlang.
6 Le ka mohla ha rea lokela ho ba lesisitheho ho batla monehelo o boletsoeng, re nahana hore limakasine tsa rōna li theko e boima haholo; ha e le hantle limakasine tsa rōna li theko e tlaase haholo ha li bapisoa le limakasine tsa lefatše. Ka hona, re lokela ho ba le pono e nepahetseng ha re bolela monehelo o koahelang litšenyehelo tsa khatiso.
7 Bopaki ba Seterateng Boa Atleha: Tokollong ea January 1940 ea Informant (Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso) bahoeletsi ba ile ba khothalletsoa ka lekhetlo la pele hore ba khethe letsatsi le khethehileng beke le beke bakeng sa bopaki ba seterateng ba sebelisa limakasine. Na u kopanela bopaking ba seterateng nako le nako? Haeba u etsa joalo, na mokhoa oo o u sebelisang o atleha e le kannete? Bahoeletsi ba bang ba ’nile ba bonoa ba eme hukung ea seterata e phetheselang, ba qoqa ’me ba sa hlokomele batho ba bangata ba fetang. Ho e-na le ho ema le bapile le tšoere limakasine, katleho e khōloanyane e ba teng ha le arohane ’me le atamela batho. Batho basele ba ka ’na ba ema le ho mamela ka nako e khutšoanyane haeba ba atameloa ke motho a le mong feela, empa ke ba seng ba kae ba tla ba sebete sa ho atamela sehlopheng se tšoarehileng ke moqoqo. Kaha re hapa tlhokomelo e ngata seterateng, ke habohlokoa ka ho khethehileng hore re itlhophise hantle ’me re apare ka mokhoa o loketseng o tšoanelang basebeletsi ba Molimo.—1 Tim. 2:9, 10.
8 Litselana Tsa Limakasine: Ba nang le litselana tsa limakasine ba tsamaisa limakasine tse ngata le hoja tšimo e koaheloa kamehla. Litselana tsa limakasine ke mohloli o motle oa ba ka ’nang ba fetoha lithuto tsa Bibele.
9 Ha u boela kamehla bakeng sa ho isa limakasine, u tla fumana hore mofuthu le botsoalle pakeng tsa hao le mong’a ntlo lia hōla. Ha le tloaelana hamolemo haholoanyane, ho tla ba bonolo haholo hore le qoqe ka lihlooho tsa Mangolo. Sena se ka lebisa tabeng ea ho qala thuto ea Bibele e hatelang pele. Maetong ao ho ’ona limakasine li ananeloang ka ho totobetseng, buella peeletso. ’Me u hopole hore nako le nako ha u teana le mong’a ntlo, u ka tlaleha leeto la ho boela.
10 Khaitseli e mong o ne a isa limakasine kamehla ho mosali ea neng a li amohela ka linako tsohle empa ka mor’a moo a re: “Ha ke kholoe seo u mpolellang sona.” Ketelong e ’ngoe hamorao, khaitseli o ile a fumana monna oa mosali eo a le teng lapeng. Ka mor’a puisano e tletseng botsoalle, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho qala thuto ea Bibele. Khaitseli o ile a etsa botsoalle le bara ba bararo ba ileng ba kopanela thutong. Qetellong, ’mè le bara ba hae ba ile ba nehela bophelo ba bona ho Jehova ’me ba kolobetsoa. Kajeno, litho tsa lelapa lena tse 35 li amohetse ’nete. Sena sohle ke hobane khaitseli a ile a latella tselana ea hae ea limakasine!
11 Ho na le litsela tse ngata tsa ho qala tselana ea limakasine. U ka qala tselana ka hore feela u boloke tlaleho ea limakasine tseo u li tsamaisang le ho lokisetsa hore u khutle u tšoere litokollo tsa morao-rao ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse peli. Tsela e ’ngoe ke ka ho sebelisa boitsebiso bo leng tlas’a sehlooho “Tokollong ea Rōna e Tlang.” Ha u khutla, bolella mong’a ntlo hore u na le makasine e nang le sehlooho seo u se boletseng nakong e fetileng. Kapa ha u etsa leeto la ho boela, u ka re: “Ha ke bala sehlooho sena, ke nahanne hore u tla se thahasella . . .” Ebe u etsa litlhaloso tse seng kae tse khutšoanyane sehloohong sena le ho nehelana ka makasine. Ha u phethile ketelo ea hao, ngola lintlha tse bonolo tse hlano tlalehong ea hao ea ntlo le ntlo: (1) lebitso la mong’a ntlo, (2) aterese ea mong’a ntlo, (3) letsatsi la ketelo, (4) litokollo tse tsamaisitsoeng le (5) sehlooho se bueletsoeng. Bahoeletsi ba bang ba atlehile haholo ho eketsa litselana tsa limakasine, ba bokella tse ka bang 40 kapa ho feta lethathamong la bona!
12 Tšimo e Libakeng Tsa Khoebo: Limakasine tse ngata li tsamaisoa ke bahoeletsi ba sebetsang tšimong e libakeng tsa khoebo. Na u kile ua leka mosebetsi oa ho etela mabenkele? Litlaleho li bontša hore liphuthehong tse ling, tšobotsi ena ea tšebeletso e etsoa ngope-setšoha. Qalong, ba bang ba tšaba ho ea ho bo-rakhoebo, empa ka mor’a ho etsa joalo ka makhetlo a ’maloa, ba ho fumana ho thahasellisa ebile ho putsa. Ke hobane’ng ha u sa kōpe mohoeletsi ea nang le phihlelo kapa pula-maliboho hore a u thuse ho qala?
13 Ho etela mabenkele ho na le melemo e mengata. Ho na le ba ’maloa ba bang sieo malapeng, bonyane lihoreng tsa mosebetsi! Hangata bo-rakhoebo ba na le mekhoa e metle, esita le hoja e ka ’na eaba ha ba thahaselle Bibele. Qala hoseng; ho ka etsahala hore u amoheloe hamolemonyana. Ka mor’a ho ipolela hore na u mang, u ka ’na ua bolela hore ke ka seoelo u fumanang bo-rakhoebo malapeng, kahoo u ba etetse ka nako e khutšoanyane mosebetsing bakeng sa ho ba fa litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Bontša hore bo-rakhoebo ba bangata ba ananela limakasine tsa rōna hobane ho hlokahala hore ba tsebe liketsahalo tsa lefatše empa ha ba na nako e ngata ea ho bala. Limakasine li fana ka boitsebiso bo susumetsang motho ho nahana ka ho teba a e-na le pono e ncha, eo e seng ea bolumeli, ea lipolotiki kapa e nang le leeme litabeng tsa khoebo. Ho ka etsoa tselana ea limakasine ho batho ba thahasellang ba fumanoeng tšimong e leng sebakeng sa khoebo.
14 Lokisetsang le le Lelapa: Le ka ’na la behella nako e itseng ka thōko nakong ea thuto ea lōna ea lelapa ho buisana ka lihlooho tse leng limakasineng tsa morao-rao tseo e ka ’nang eaba li loketse ho sebelisoa tšimong ea lōna. Litho tsa lelapa—ho kopanyelletsa le bana—li ka fapanyetsana ho ikoetlisa ka linehelano tsa tsona le ho hlōla likhanyetso tse tloaelehileng, tse kang: “Ke tšoarehile,” “Re na le bolumeli ba rōna,” kapa “Ha ke thahaselle.” Tšebelisano-’moho e ntle e ka nolofalletsa lelapa lohle hore le kopanele kamehla kabong ea limakasine.
15 Bakhanni ba Thuto ea Buka ba ka Thusa: Neng le neng ha ho khoneha, lokisetsang liboka tsa tšebeletso Letsatsing la Limakasine sebakeng seo ho tšoareloang thuto ea buka ho sona ho e-na le hore phutheho eohle e kopane Holong ea ’Muso. Ba tsamaisang liboka tsa tšebeletso ea tšimo ba lokela ho lokisetsa hantle litlhahiso tse tobileng bakeng sa sehlopha. Li ka akarelletsa nehelano ea mohlala le ntlha e le ’ngoe kapa tse peli ho tsoa litokollong tsa morao-rao tse ka ’nang tsa sebelisoa ho tsosa thahasello sebakeng seo. Liboka tsa tšebeletso ea tšimo—ho akarelletsa le ho hlophisa sehlopha—li lokela ho ba khutšoanyane, li se nke metsotso e fetang e 10 ho ea ho e 15. Bakhanni ba thuto ba lokela ho tiisa hore ho na le tšimo e lekaneng e le hore sehlopha se ka bolokoa se tšoarehile nakong eohle ea tšebeletso ea tšimo.
16 Bontša Kananelo Bakeng sa Limakasine: Sehlooho se reng “Ho Sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! Hamolemo” se ileng sa hatisoa tokollong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July 1993 se ile sa hlahisa ntlha ena ea bohlokoa: “Molula-Qhooa le Tsoha! ha li felloe ke bohlokoa ba tsona, esita le haeba li sa tsamaisoa nakong e etsang khoeli kapa tse peli ka mor’a ho lokolloa ha tsona. Bohlokoa ba boitsebiso ba tsona ha bo fokotsoe ke ho feta ha nako . . . Ho tlohella hore limakasine tsa khale li bokellane ’me ho se mohla re li sebelisang ho bontša ho haelloa ke kananelo bakeng sa lisebelisoa tsena tsa bohlokoa. . . . Ho e-na le ho behella litokollo tsa khale ka thōko le ho lebala ka tsona, na ho ke ke ha e-ba molemo ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho li neha batho ba thahasellang?”
17 Kajeno ho na le batho ba bangata ba tšepahalang ba batlang ’nete. Boitsebiso bo leng makasineng e le ’ngoe e ka ba sona seo ba se hlokang ho ba isa ’neteng! Jehova o re file molaetsa o thabisang hore re o phatlalatse, ’me limakasine tsa rōna li phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho fetisetsa molaetsa ona ho ba bang. Na u tla ba seli haholoanyane ka kabo ea limakasine nakong e tlang? Na u tla sebelisa tse ling tsa litlhahiso tsee mafelo-bekeng ’ona aa? U tla putsoa ka ho enneng haeba u ka etsa joalo.
Litlhahiso Tse Sebetsang:
◼ Bala limakasine esale pele, ’me u tloaelane le lihlooho.
◼ Khetha sehlooho se buang ka ntho e thahaselloang ke batho ba bangata motseng oa heno.
◼ Lokisetsa nehelano e tlang ho ba e loketseng batho ba sa tšoaneng, ebang ke banna, basali kapa bacha. Bontša kamoo makasine eo e amang mong’a ntlo kateng le kamoo lelapa lohle le tlang ho e thabela.
◼ Lokisetsa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ha batho ba bangata ba le teng malapeng. Liphutheho tse ling li lokisetsa ho paka mantsiboea ka limakasine.
◼ Etsa hore nehelano ea hao e be khutšoanyane ’me e tobe taba.
◼ U se ke ua bua ka potlako haholo. Haeba momameli oa hao a sa thahaselle, ho bua ka potlako ho ke ke ha thusa. Leka ho phutholoha, ’me u fe mong’a ntlo monyetla oa ho arabela.
Ho Nehelana ka Limakasine ka Ntlo le Ntlo:
◼ Bososela ka tsela e tletseng botsoalle ’me u bue ka lentsoe le bonolo.
◼ E-ba mafolo-folo ka limakasine.
◼ Bua butle le ka ho hlaka.
◼ Bua ka taba e le ’ngoe feela; tsosa thahasello hakhutšoanyane, ’me u bontše bohlokoa ba eona ho mong’a ntlo.
◼ Totobatsa sehlooho se le seng feela.
◼ Buella makasine e le ’ngoe feela, ’me u nehelane ka e ’ngoe e le e tsamaisanang le eo.
◼ Neha mong’a ntlo limakasine.
◼ Bolella mong’a ntlo hore u rerile ho khutla.
◼ Phetha ka mokhoa o nang le botsoalle, o motle haeba limakasine li hanoa.
◼ Ngola thahasello eohle e fumanoeng le limakasine tse tsamaisitsoeng tlalehong ea ntlo le ntlo.
Menyetla ea ho Tsamaisa Limakasine:
◼ Bopaking ba ntlo le ntlo
◼ Bopaking ba seterateng
◼ Mosebetsing oa ho etela mabenkele
◼ Litselaneng tsa limakasine
◼ Bopaking ba mantsiboea
◼ Ha u etsa maeto a ho boela
◼ Ha u etela bao e kileng ea e-ba liithuti tsa Bibele
◼ Ha u le leetong, u le mabenkeleng
◼ Ha u buisana le beng ka uena, bao u sebetsang le bona, baahisani, bao u kenang sekolo le bona, matichere
◼ Ka har’a sepalangoang sa sechaba, libakeng tsa ho leta