Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/95 leq. 12
  • Buella Lipeeletso ka Linako Tsohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buella Lipeeletso ka Linako Tsohle
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Ameha ka Limakasine ka October
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Limakasine li Tsebahatsa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 10/95 leq. 12

Buella Lipeeletso ka Linako Tsohle

1 Re na le lebaka le utloahalang la ho ananela Molula-Qhooa le Tsoha! Ke limakasine life tse ling tse ipiletsang lichabeng tsohle joaloka tsona? Khoeling ena ho tla buelloa limakasine mosebetsing oa rōna oa boboleli, ’me ke boitsebiso bo matla hakaakang boo litokollo tsa October li tla ba le bona! Ka tloaelo, re tsamaisa lipeeletso tsa rōna tse ngata mosebetsing oa ntlo le ntlo; leha ho le joalo, re tla batla hore re lokele ho li buella ka linako tsohle tse loketseng.

2 Ha u tsamaisa “Molula-Qhooa” oa October 1, u ka ’na ua tsosa thahasello sehloohong se reng “Lefatše le se Nang Ntoa—Neng?” ka ho re:

◼ “Batho ba bangata ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho bonahala eka lefatše le se nang ntoa le ke ke la fumanoa ho sa tsotellehe boiteko bohle ba batho. U nahana joang ka lipolelo tse leng leqepheng la 5 la Molula-Qhooa oa October 1? [Bala polelo ea pele lirapeng tsa pele tse peli tlas’a sehloohoana se reng “Bolumeli—Tšitiso e Khōlō,” ebe u emela karabo.] Ho hlakile hore, sena ha se bolele hore ho tla ’ne ho be le lintoa ka linako tsohle. Hlokomela tšepiso ea Molimo mona ho Esaia 9:6, 7.” U ka ’na ua bala temana ena Bibeleng ea hao kapa joalokaha e qotsitsoe sehloohong sa Molula-Qhooa. Hlalosa ka bokhutšoanyane hore Molula-Qhooa o buella ’Muso oa Jehova hore ke oona feela tšepo e teng ea lefatše le nang le khotso, ebe u buella peeletso. Haeba peeletso e hanoa, buella makasine le motsoalle oa eona Tsoha! ’me u khothalletse motho eo ho li bala.

3 Ha u nehelana ka “Tsoha!” ea November 8, u ka ’na ua re:

◼ “U nahana joang ka potso e leng sekoahelong sa makasine ee: ‘Ke Hobane’ng ha Bophelo bo le Bokhutšoaane Hakaale?’ [Emela karabo.] Letoto lena la lihlooho le lebisa tlhokomelo ho seo bo-rasaense ba kajeno le ba bang ba se bolelang ka ho tsofala, ’me le lebisa tlhokomelo ho seo ’Mōpi oa rōna a se tšepisitseng mabapi le litebello tsa bophelo bo sa feleng. Ke thabela ho u siela kopi ena le motsoalle oa eona ka monehelo oa R1,60.”

4 Ha u fumana batho ba sekametseng bolumeling, ke hobane’ng ha u sa buelle sehlooho ho “Molula-Qhooa” oa October 15? Nehelano ena e ka ’na ea etsa hore motho a arabele hantle:

◼ “Ke thabela ho utloa maikutlo a hao ka potso ena: Na ho ka etsahala hore re rate Molimo re be re mo tšabe ka nako e tšoanang?” Emela karabo, ebe u bala temana ea sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tšaba Molimo oa ’Nete Hona Joale?” (Moek. 12:13) Sebelisa e ’ngoe ea lipapiso tse leng leqepheng la 189 bukeng ea Ho Bea Mabaka, ebe u buella peeletso, kapa limakasine tse peli ka monehelo oa R1,60.

5 Ha u sebetsa ka ntlo le ntlo, u se ke ua feta lik’hefi tse nyenyane le mabenkele. Ba etelang mabenkele kamehla ba hlalosa hore mosebetsi ona o-oa thabisa ebile o beha litholoana. U ka ’na ua leka nehelano e bonolo joaloka ena ha u tsamaisa “Tsoha!” ea October 8:

◼ “Rea tseba hore bo-rakhoebo ba lakatsa ho tseba litaba tse amang metse ea habo bona. Ke kholisehile hore u tla thahasella lihlooho tsena.” Ebe ka bokhutšoanyane u arolelana le eena ntlha ho tsoa sehloohong se reng “Ho ba Motsoali ea se Nang Molekane ea Atlehileng.” Hlalosa tokisetso ea peeletso.

6 Boloka tlaleho e ngotsoeng ka hloko ea ntlo le ntlo, ’me u khutlele moo u tsamaisitseng limakasine teng. Leetong la ho boela, buella peeletso ea makasine e le ’ngoe kapa ka bobeli. Ka linako tsohle tse loketseng a re lokeleng ’me re falimeheleng ho tsamaisa limakasine tsa rōna, haholo-holo lipeeletso tsa tsona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela