Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/94 leq. 12
  • Ameha ka Limakasine ka October

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ameha ka Limakasine ka October
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buella Lipeeletso ka Linako Tsohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 10/94 leq. 12

Ameha ka Limakasine ka October

1 Ka October re na le monyetla oa ho nehelana ka Molula-Qhooa le Tsoha! e le peeletso ho batho ba bangata kamoo re ka khonang. Ho ameha ka limakasine ho akareletsa ho ipha nako ea ho li bala ka hloko le ho nahana kamoo lihlooho li ka ipiletsang ho batho ba leng tšimong ea rōna kateng.

2 Tabeng ea pele, itloaetse lihlooho tse totobalitsoeng sekoahelong. Khetha lihlooho tseo u nahanang hore li tla ipiletsa ho batho ba leng tšimong ea lōna. Na haholo-holo ke batho ba tumelo ea bolumeli bo le bong? Ke lintho life tseo ba amehileng ka tsona haholo? U nahanne ka lintho tsena, u lokela ho khona ho lokisetsa nehelano e atlehang. Hlokomela tsena tse bontšitsoeng ka tlaase.

3 Haeba u nehelana ka “Molula-Qhooa” oa October 1, mohlomong u ka buella sehlooho “Bibele—Bohlokoa ba Eona ba Sebele ke Bofe?” U ka re:

◼ “U ka fumana Bibele hoo e ka bang lapeng le leng le le leng motseng ona. Ba bangata ba nang le eona ba nahana hore e na le bohlokoa bo itseng bo khethehileng.” Joale u ka botsa potso e tobileng, e kang: “U nahana hore ke eng e etsang hore Bibele e ikhethe?” kapa, “U nahana hore ke eng e tla thusa batho ba eketsehileng hore ba fumane molemo Bibeleng?” Ka mor’a hore mong’a ntlo a arabe, u ka khona ho tsoela pele ka litlhaloso tse loketseng, tse kang: “Ho na le bopaki bo hlollang ho paka hore Bibele e bululetsoe ke Molimo ’me ke tataiso e ka tšeptjoang bakeng sa rōna. E na le tsebo e ka re isang bophelong bo sa feleng. [Bala Johanne 17:3.] Sehlooho sena se leng ho Molula-Qhooa se hlalosa kamoo uena ka bouena u ka sebelisang Bibele ho fumana likarabo tsa lipotso tsa hao ka bokamoso. Nka thabela ho u lokisetsa hore u etse peeletso ea makasine ona o motle ka monehelo oa R30,00 ka selemo.” Haeba mong’a ntlo a hana ho etsa peeletso, mo khothalletse hore a nke limakasine tse peli. Ka tsela ena u ka boetse ua khona ho qalisa tselana ea limakasine.

4 U sebelisa “Molula-Qhooa” oa October 15, mohlomong u tla thabela katamelo e bonolo joaloka ena:

◼ “Hoo e ka bang e mong le e mong o lahlehetsoe ke motho eo a mo ratang ka lefu. Sehlooho sena se phahamisa potso: ‘Bafu ba Boemong Bofe?’ U nahana hore ho etsahala joang ha motho a e-shoa? [Emela karabo.] Haeba u tla thabela ho tseba likarabo tsa Bibele potsong ena, ke tla thabela ho u siela kopi ena ea makasine. Khoeling ena re nehelana ka makasine ona o motle ho batho e le peeletso ea R30,00 ka selemo.” Lula u loketse ho nehelana ka pampitšana Ho na le Tšepo efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? haeba mong’a ntlo a batla boitsebiso bo bokhutšoanyane.

5 “Tsoha!” ea November 8 e hlahloba bo bong ba bopaki bo bongata bo bontšang ho hlōleha ha bolumeli ba bohata. U sebelisa lihlooho tse buang ka ha bolumeli bo nka lehlakore lintoeng, u ka botsa potso ena:

◼ “Haeba Jesu a ne a le mona kajeno, u nahana hore o ne a ka ikutloa joang ka pefo ee eohle e re potolohileng? [Emela karabo.] Jesu o re rutile hore re rate e mong le e mong, esita le lira tsa rōna. Leha ho le joalo, malumeli a mangata a ipolelang hore ke a Bokreste a nka lehlakore lintoeng tsa lipolotiki. U nahana hore see se ama batho ba batlang ho phela ka seo Jesu a se rutileng joang? [Emela karabo.] Tokollo ena ea Tsoha! e tšohla potso ena e tšoenyang ’me e hlalosa kamoo ’Muso oa Molimo o tla fana ka tharollo.”

6 Leka ka matla ho nehelana ka peeletso ntlong e ’ngoe le e ’ngoe, esita le haeba u sa khone ho bua ka Bibele. Moo batho ba ke keng ba khona ho etsa peeletso, ithaopele ho ba tlisetsa limakasine kamehla ha li ntse li tsoa. Ka October, e se eka kaofela re ka kopanela ka mafolo-folo ho abeng likoranta tsena tse ntle tsa ’nete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela