Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/95 maq. 1-2
  • Na re Lula re Falimehile—Re Qoba Litšitiso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na re Lula re Falimehile—Re Qoba Litšitiso?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ipoloke U Falimehile “Nakong ea Bofelo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Le Itokisetse Letsatsi la Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • “Le Lule le Lebetse”!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 10/95 maq. 1-2

Na re Lula re Falimehile—Re Qoba Litšitiso?

1 Jesu o ile a fana ka temoso: “Falimehang ke hona, . . . le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha” litlokotsi tseo ho seng tika-tiko hore li ne li tla tla. (Luka 21:36) Re phela nakong e mahlonoko ka ho fetisisa historing ea motho. Ba inehellang ho otsela moeeng ba letetsoe ke tlokotsi. Sena se etsa hore e mong le e mong oa rōna a be kotsing. Jesu o ile a bua ka ho ja, ho noa le ho tšoenyeha ka bophelo ba letsatsi le letsatsi. Hobane’ng? Hobane esita le lintho tsena li ka etsa hore re behe tlhokomelo e khōlō ho tsona, tsa fetoha litšitiso ’me tsa re bakela ho otsela moeeng ho kotsi.

2 Litšitiso Tse Tloaelehileng: Ba bang ba behile tlhokomelo e khōlō boithabisong bo fetelletseng kapa bo belaetsang, esita le ho fetoha makhoba a TV. Ka sebele, ho batla ’Muso pele ha ho bolele hore re tlameha ho qoba mefuta eohle ea boithabiso. Ha re sebelisa kahlolo e molemo le ho lekanyetsa lintho, boithabiso bo ka ba molemo. (Bapisa le 1 Timothea 4:8.) Empa ke tšitiso ha bo fetoha ntho e khōlō bophelong ba rōna, bo e-ja boholo ba nako ea rōna, chelete ea rōna, kapa karolo ea rōna mosebetsing oa boboleli ba ’Muso.

3 Tšitiso e ’ngoe e tloaelehileng e bakang ho otsela moeeng ke takatso ea lintho tse bonahalang tse sa hlokahaleng. Sena se hloka hore motho a qete nako e ngata mosebetsing oa boipheliso ’me se etsa hore lipakane tsa moea li hloke sebaka. Ba bang ba lahlehetsoe ke lipakane tsa moea ka ho tšoareha ka ho felletseng ba batla lintho tse bonahalang ka sepheo sa ho finyella mokhoa o mabotho-botho haholoanyane oa bophelo. Le hoja re hloka “lijo le liaparo,” re tlameha ho itebela khahlanong le ho hōlisa lerato la chelete, le ka re lahlisang tumelo. (1 Tim. 6:8-10) Ka ho hlōleha ho boloka mahlo a rōna a tsepame lithahasellong tsa ’Muso, re ka ’na ra ba botsoa tabeng ea ho hlokomela litlhoko tsa lelapa la rōna tsa moea le ho hlōleha ho phetha tšebeletso ea rōna.—1 Tim. 5:8; 2 Tim. 4:5.

4 Ho sa tsotellehe sena ba bang ba lumella hore ‘lipelo tsa bona li imeloe ke lipelaelo tsa bophelo’ hoo ba robalang moeeng. (Luka 21:34) Ka linako tse ling, matšoenyeho a bakoa ke mathata a bophelo kapa maemo a tšoenyang a lelapa. Empa lingongoreho tse joalo tsa botho ha lia tlameha ho lumelloa ho fokotsa ho lemoha ha rōna bofelo bo atamelang ka potlako ba tsamaiso ena ea lintho.—Mar. 13:33.

5 Ha ho letho le ka thabisang Diabolose ho feta ho atleha ho re beha boemong bo kang ba toro, ba ho lelekisa lintho tse inahaneloang tsa lefatše. Re tlameha ho loana ho lula re falimehile moeeng. Rea tseba hore ‘letsatsi la Jehova le tla joaloka lesholu,’ ’me ho bohlokoa haholo hore re ‘lule re falimehile ’me re hlaphohetsoe likelellong.’ (1 Ba-Thess. 5:2, 6, NW) Haeba re lemoha hore re na le matšoao a ho otsela, ho potlakile hore re ‘lahle mesebetsi ea lefifi.’—Ba-Roma 13:11-13.

6 Lithuso Tsa Hore re Lule re Falimehile: Lithuso tse joalo ke life? Thapelo ke ea bohlokoa. Re tlameha ho rapela re sa phetse. (1 Ba-Thess. 5:17) Ho atamela haufi le phutheho ea Bokreste ho tla re ‘susumelletsa leratong le mesebetsing e metle.’ (Ba-Heb. 10:24) Ho itlhahloba kamehla, ka botšepehi ho ka re thusa ho re boloka re falimehile mabapi le tlhokahalo ea hore re hlōle bofokoli. (2 Ba-Kor. 13:5) Mekhoa e metle ea thuto ea botho e tla re boloka re ‘ōtliloe ka lipolelo tsa tumelo.’ (1 Tim. 4:6) Haeba re le mafolo-folo, re ka kholiseha hore re tla khona ho qoba litšitiso, ‘re lule re falimehile, ’me re tiile tumelong.’—1 Ba-Kor. 16:13, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela