Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/95 leq. 2
  • Liboka tsa Tšebeletso tsa October

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka tsa Tšebeletso tsa October
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 2 October
  • Beke e Qalang ka la 9 October
  • Beke e Qalang ka la 16 October
  • Beke e Qalang ka la 23 October
  • Beke e Qalang ka la 30 October
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 10/95 leq. 2

Liboka tsa Tšebeletso tsa October

Beke e Qalang ka la 2 October

Pina 149

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

15 mets: “Rorisang Jehova Kamehla.” Lipotso le likarabo. Hatisa kamoo ho ka sebelisoang litemana tsa Mangolo a bontšitsoeng le a qotsitsoeng.

20 mets: “Buella Lipeeletso ka Linako Tsohle.” Bua ka lintlha tsa sehlooho, ebe u hlahloba lihlooho tse ka ’nang tsa sebelisoa ho tsosa thahasello peeletsong. E-ba le pontšo ea linehelano tse peli kapa tse tharo. Ha peeletso e sa amoheloa tsamaisa limakasine tse peli. Tiisa hore u tsebisa phutheho ka Letsatsi la Limakasine khoeling ena ’me u meme bohle ho kopanela.

Pina 153 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 9 October

Pina 131

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

20 mets: “Kopano ea Setereke ea ‘Barorisi ba Thabileng’ ea 1995.” Lirapa tsa 1-16 li akaretsoe ka lipotso le likarabo.

15 mets: “Na re Lula re Falimehile—Re Qoba Litšitiso?” Lipotso le likarabo. Haeba nako e lumela, etsa litlhaloso tse eketsehileng tse thehiloeng ho Molula-Qhooa oa May 1, 1992, maqepheng a 20-2.

Pina 128 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 16 October

Pina 120

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Lebisa tlhokomelo bukaneng ea Good News for All Nations, e fanang ka nehelano ea ntlo le ntlo ka lipuo tse fapaneng tse 59. Khothalletsa hore ho sebelisoe bukana ena ha re teana le batho ba buang puo esele tšimong ea rōna.

20 mets: “Kopano ea Setereke ea ‘Barorisi ba Thabileng’ ea 1995.” Lirapa tsa 17-28 li akaretsoe ka lipotso le likarabo. Hlahloba “Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke.” Ha nako e lumela, hlahloba lintlha tse loketseng tse tsoang sehloohong se reng “Ho Nolofatsa Lintho Bakeng sa Kopano ea Setereke ea 1995,” se hlahileng ho Tšebeletso ea ’Muso ea September 1995.

15 mets: “Maeto a ho Boela a Nang le Morero.” Bua ka lipakane tsa rōna ha re etsa maeto a ho boela. Lokisetsa hore bahoeletsi ba nang le tsebo ba etse pontšo ka linehelano tse peli tse fapaneng.

Pina 130 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 23 October

Pina 100

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.

15 mets: “Re Hloka Phutheho.” Lipotso le likarabo.

20 mets: Lebisa Thahasello Mokhatlong o Hlophisitsoeng. Molebeli oa tšebeletso o ba le puisano le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo, a sebelisa bukana ea Lipaki tsa Jehova—Li Etsa Thato ea Molimo li Kopane Lefatšeng ka Bophara. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho le molemo ho etsa hore batho ba thahasellang ba lemohe kamoo mokhatlo o hlophisitsoeng o sebetsang kateng, kamoo ho lokisetsoang mesebetsi e fapaneng, le kamoo ba ka kopanelang. Hlahloba lintlha tse leng maqepheng a 14 le 15 tlas’a “Liboka tse Susumelletsang Leratong le Mesebetsing e Metle.” Ka bokhutšoanyane bahoeletsi ba etsa pontšo ea kamoo boitsebiso bona bo ka ’nang ba kopanyelletsoa puisanong ea leeto la ho boela kapa thuto ea Bibele ho thusa motho ea thahasellang hore a ananele hore ho hlokahala a be teng.

Pina 126 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 30 October

Pina 159

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Kaha matsatsi a phomolo ea lefatše a tla ba teng ka December, khothalletsa bohle hore ba nahane ka ho ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang. Hatella tlhokahalo ea hore bohle ba tlise litlaleho tsa tšebeletso ea bona ea tšimo hang-hang e le hore mongoli a ka li romela ho Mokhatlo ka nako e loketseng.

15 mets: Na U Kile Ua Leka Bao U Bolelletsoeng ka Bona? Puo. Bahoeletsi ba bang ba ’nile ba khona ho qala lithuto tse ncha tsa Bibele ka tsela ena: Ka mor’a ho ithuta le motho ea thahasellang ka nako e itseng, ba botsa motho eo hore na ebe o tseba e mong har’a metsoalle ea hae, beng ka eena, kapa bao a tloaelaneng le bona ba ka ’nang ba thahasella thuto ea Bibele. Hangata ho fanoa ka mabitso a ’maloa. Botsa hore na u ka bolela lebitso la hae ha u etela batho bao. Ha u ba etela u ka re: “’Nyeo o thabetse ho ithuta Bibele haholo hoo a bileng a nahana hore le uena u ka thabela ho rua molemo lenaneong la rōna la thuto ea mahala ea Bibele.” Sena se ka etsa hore ho be teng lenane le letle la maeto a ho boela a ka ’nang a fetoha lithuto tse tsoelang pele tsa Bibele. Kopanyelletsa phihlelo e le ’ngoe kapa tse peli tse tsoang ho bahoeletsi ba fumaneng batho ba thahasellang kapa ba qalileng lithuto tse ncha ka tsela ena.

20 mets: Ho Nehelana ka Buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo ka November. Kaha batho ba bangata ba na le Bibele, ho hlokahala hore re bontše hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho e bala. Hlahloba lintlha tse leng bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqepheng a 54-5. Bala “Tlhaloso,” bakeng sa lebaka leo ka lona Bibele e leng bohlokoa hakana. E re mohoeletsi ea nang le tsebo a etse pontšo e khutšoanyane a sebelisa ntlha e le ’ngoe kapa tse peli lirapeng tsa 2-4 bukeng ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, leqepheng la 367.

Pina 138 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela