Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/95 leq. 1
  • Rorisang Jehova Kamehla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rorisang Jehova Kamehla
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bacha, Rorisang Jehova!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Batlang ’Muso oa Molimo Pele—Ka Hore Kamehla le Nyehele Mahlabelo a Thoriso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Rorisa Jehova Letsatsi le Letsatsi
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Rorisa Jehova Letsatsi le Letsatsi
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 10/95 leq. 1

Rorisang Jehova Kamehla

1 Ho na le mesebetsi e meng eo e leng bohlokoa hoo e hlokang tlhokomelo ea rōna kamehla. Har’a eona re akarelletsa ho ja, ho phefumoloha le ho robala. Ke ea bohlokoa bakeng sa hore re phele hantle ’meleng. Moapostola Pauluse o ile a beha boboleli ba litaba tse molemo sehlopheng se tšoanang ha a ne a phehella: “A re hlahiseng kamehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso.” (Ba-Heb. 13:15, NW) Kahoo, ho rorisa Jehova le hona ho hloka tlhokomelo ea rōna ea kamehla. Ke ntho eo re lokelang ho leka ho e etsa letsatsi ka leng, re rorise Ntate oa rōna oa leholimo kamehla.

2 Ha ba bang ba ne ba leka ho faposa tlhokomelo ea hae, Jesu o ile a re: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo.” (Luka 4:43) Nakong ea tšebeletso ea hae ea lilemo tse tharo le halofo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e etsa letsatsi ka leng e ne e amana ka ho toba le ho tlotlisa Molimo ka tsela e itseng. Rea tseba hore Pauluse o ne a ikutloa ka tsela ena, ka lebaka la khopolo eo a e boletseng ho 1 Ba-Korinthe 9:16: “Ho malimabe ’na ha ke sa bolele Evangeli!” Bakreste ba bang ba tšepahalang ba ile ba khothalletsoa hore kamehla ba lokele ho emela tšepo ea bona ho ba bang. (1 Pet. 3:15) Kajeno bo-pula-maliboho ba chesehang ba makholo a likete le bahoeletsi ba limilione ba leka ho etsisa mehlala e metle joalo.

3 Ha re nahana ka cheseho ea pelo eohle e bontšitsoeng ke Jesu Kreste, Mohlala oa rōna, re susumeletseha ho latela mehato ea hae haufi-ufi. (1 Pet. 2:21) Ka linako tse ling re ka ’na ra nyahama ha re tlameha ho tobana le mathata a bophelo ba letsatsi le letsatsi. Ke joang re ka sebelisang hamolemo menyetla ea letsatsi le letsatsi ea ho rorisa Jehova ha re etsa mosebetsi oa boipheliso oa nako e tletseng? Ho ntse ho le joalo, re ke ke ra furalla litlamo tsa lelapa tse hlokang nako ea rōna e ngata. Bacha ba bangata ba tšoarehile ke ho ea sekolong letsatsi le letsatsi e leng ho hlokahalang. Ba bang ba ka ’na ba ikutloa eka ho ke ke ha etsahala hore ba rorise Jehova phatlalatsa letsatsi le leng le le leng. Ka linako tse ling, ba bang ba qeta khoeli eohle ba sa bua le ba bang ka litaba tse molemo ka tsela e itseng.

4 Jeremia ke e mong ea neng a sitoa ho thōla. Ha a ne a hlōleha ka nakoana ho bua ka lebitso la Jehova, o ile a utloa mollo oo a sitoang ho o mamella ka hare ho eena. (Jer. 20:9) Har’a se neng se bonahala e le tsietsi e khōlō ka ho fetisisa, kamehla Jeremia o ne a fumana mokhoa oa ho bolella ba bang molaetsa oa Jehova. Na re ka etsisa mohlala oa hae oa sebete ’me re phehelle ho batla menyetla ea ho rorisa ’Mōpi oa rōna letsatsi ka leng?

5 Ho bua ha rōna ka Jehova ha hoa lokela ho lekanyetsoa linakong tse reriloeng, tse lokiselitsoeng esale pele bakeng sa ho paka le bahoeletsi ba bang tšimong ea phutheho. Sohle seo re se batlang ke tsebe e mamelang. Kamehla re kopana le batho letsatsi le leng le le leng—ba tla malapeng a rōna, re sebetsa le bona, re ema le bona moleng lisuphamaketeng kapa re palama bese le bona. Sohle se hlokahalang ke tumeliso e tletseng botsoalle le potso e susumeletsang motho ho nahana ka ho teba kapa ho bua ntho e tla qalisa moqoqo. Ba bangata ba fumane hore ona ke mokhoa oa bona o atlehang ka ho fetisisa oa ho paka. Ha re e-na le menyetla e mengata ea ho buisana le ba bang ka litaba tse molemo, e ka ba mohlolo hore re qete khoeli kaofela re sa fana ka bopaki ba ’Muso. Ho boetse ho bohlokoa hore re tlalehe tšebeletso ea rōna hang-hang bofelong ba khoeli ka ’ngoe.

6 Ha ho mohla tokelo ea ho rorisa Jehova e tlang ho fela. Joalokaha mopesaleme a ile a bontša, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang e lokela ho rorisa Jehova, ’me ka sebele re batla ho kopanyelletsoa. (Pes. 150:6) Haeba lipelo tsa rōna li re susumelletsa ho etsa sena kamehla, re tla sebelisa menyetla e hlahang letsatsi le letsatsi ea ho bua ka Jehova le ka Lentsoe la hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela