Khaolo ea 17
Fumana Tšireletseho Har’a Batho ba Molimo
1, 2. Boemo ba moloko oa batho bo tšoana joang le ba batho ba sebakeng se ripitliloeng ke sefefo?
NAHANA ka sefefo se matla se ripitlileng sebaka seo u phelang ho sona. Ntlo ea hao e senyehile, ’me u lahlehetsoe ke lintho tsohle tseo u neng u e-na le tsona. Lijo lia haella. Boemo ho bonahala bo sa tšepise ho hang. Joale, ho fihla lithuso tse sa lebelloang. Lijo le liaparo li fanoa ka bongata. U haheloa ntlo e ncha. Ka sebele u ne u tla leboha motho ea u etselitseng litokisetso tsena.
2 Kajeno ho etsahala ntho e tšoanang. Joaloka sefefo sane, borabele ba Adama le Eva bo bakile tšenyo e khōlō molokong oa batho. Lehae la Paradeise la moloko oa batho le ile la lahleha. Ho tloha ka nako eo, mebuso ea batho e hlōlehile ho sireletsa batho ntoeng, tlōlong ea molao, le ho hlokeng toka. Bolumeli bo siile matšoele a lapetse lijo tse hahang tsa moea. Leha ho le joalo, ka puo ea moea, hona joale Jehova Molimo o fana ka lijo, liaparo le matlo. O etsa joalo joang?
“LEKHOBA LE TŠEPAHALANG LE LE MASENE”
3. Jehova o fana ka litokisetso bakeng sa moloko oa batho joang, joalokaha ho bontšitsoe ke mehlala efe?
3 Ka tloaelo liphallelo li abjoa ka mocha o hlophisitsoeng, ’me Jehova ka ho tšoanang o entse litokisetso tsa moea bakeng sa batho ba hae. Ka mohlala, Baiseraele e ne e le “phutheho ea Jehova” ka lilemo tse ka bang 1 500. Har’a bona ho ne ho e-na le ba sebeletsang e le mocha oa Molimo ho ruta Molao oa hae. (1 Likronike 28:8; 2 Likronike 17:7-9) Lekholong la pele la lilemo C.E., Jehova o ile a hlahisa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Bokreste. Liphutheho li ile tsa thehoa, ’me li ne li sebetsa tlas’a tataiso ea sehlopha se busang se entsoeng ka baapostola le banna ba hōlileng. (Liketso 15:22-31) Kajeno ka tsela e tšoanang, Jehova o sebelisana le batho ba hae ka sehlopha se hlophisitsoeng. Re tseba see joang?
4. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le ipakile ho ba mang mehleng ea kajeno, hona litokisetso tsa Molimo tsa moea li entsoe hore li fumanehe joang?
4 Jesu o ile a bolela hore nakong ea ho ba teng ha hae matleng a ’Muso, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le ne le tla fumanoa le fana ka ‘lijo ka nako e tšoanetseng’ bakeng sa balateli ba Hae. (Matheu 24:45-47) Ha Jesu a ne a hlomamisoa e le Morena oa leholimo ka 1914, “lekhoba” lee le ile la ipaka ho ba mang? Ho hang e ne e se baruti ba Bokreste-’mōtoana. Hobane haholo-holo ba ne ba fepa mehlape ea bona mashano a neng a tšehetsa mebuso ea sechaba sa habo bona Ntoeng ea I ea Lefatše. Empa lijo tsa moea tse loketseng le tse nakong li ne li abjoa ke sehlopha sa Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang oa Molimo ’me e le karolo ea seo Jesu a ileng a se bitsa “mohlape o monyenyane.” (Luka 12:32) Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba ne ba bolela ’Muso oa Molimo ho e-na le mebuso ea motho. Ka lebaka leo, ka lilemo “linku tse ling” tse sekametseng ho lokeng tsa ba limilione li ikopantse le “lekhoba” le tlotsitsoeng ho sebeliseng bolumeli ba ’nete. (Johanne 10:16) A sebelisa “lekhoba le tšepahalang” le Sehlopha se Busang sa lona kajeno, Molimo o tataisa batho ba hae ba hlophisitsoeng ho etsa hore lijo tsa moea, liaparo, le matlo li fumanoe ke bohle ba lakatsang ho ba le litokisetso tsena.
‘LIJO KA NAKO E TŠOANETSENG’
5. Ke boemo bofe ba moea bo teng kajeno lefatšeng, empa Jehova o etsa eng ka see?
5 Jesu o ile a re: “Motho o lokela ho phela, eseng ka bohobe feela, empa ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) Leha ho le joalo, ka masoabi, boholo ba batho ha bo ele mantsoe a Molimo hloko. Joalokaha moprofeta oa Jehova Amose a ile a bolela esale pele, ho na le “ho lapa lefatšeng, e seng ho lapela bohobe, leha e le ho nyoreloa metsi; empa e leng ho lapela mantsoe a Jehova.” (Amose 8:11) Esita le batho ba chesehang haholo bolumeling ba bolaoa ke tlala moeeng. Leha ho le joalo, thato ea Jehova ke hore “mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:3, 4) Ka lebaka leo, o fana ka lijo tsa moea ka bongata. Empa li ka fumanoa hokae?
6. Jehova o fepile batho ba hae moeeng joang mehleng e fetileng?
6 Ho pholletsa le histori, Jehova o ’nile a abela batho ba hae e le sehlopha lijo tsa moea. (Esaia 65:13) Ka mohlala, baprista ba Baiseraele ba ne ba bokella banna, basali, le bana hore ba tle ho tla lauoa e le sehlopha ka Molao oa Molimo. (Deuteronoma 31:9, 12) Tlas’a tataiso ea sehlopha se busang, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba hlophisa liphutheho ’me ba tšoara liboka bakeng sa ho laea le ho khothatsa bohle. (Baroma 16:5; Filemone 1, 2) Lipaki tsa Jehova li latela mohlala ona. U mengoa ka mofuthu hore u be teng libokeng tsohle tsa tsona.
7. Ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste ho amana le tsebo le tumelo joang?
7 Ntle ho pelaelo, e ka ’na eaba u se u ithutile haholo thutong ea hao ea botho ea Bibele. Mohlomong ho na le motho ea u thusitseng. (Liketso 8:30-35) Empa tumelo ea hao e ka ’na ea tšoantšoa le semela se tla pona ’me se shoe haeba se sa hlokomeloe hantle. Kahoo, u tlameha ho fumana phepo e loketseng ea moea. (1 Timothea 4:6) Liboka tsa Bokreste li fana ka lenaneo le tsoelang pele la taeo e reretsoeng ho u matlafatsa moeeng le ho u thusa hore u tsoele pele ho hōla tumelong ha u ntse u eketsa tsebo ea Molimo.—Bakolose 1:9, 10.
8. Ke hobane’ng ha re khothalletsoa ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova?
8 Liboka li sebeletsa morero o mong oa bohlokoa. Pauluse o ile a ngola: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna hammoho.” (Baheberu 10:24, 25) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “le susumeletsane” le ka boetse la bolela “ho leotsa.” Maele a Bibele a re: “Tšepe e leotsa tšepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motsoalle oa hae joalo.” (Liproverbia 27:17) Kaofela ha rōna re hloka ho ‘leotsoa’ ho tsoelang pele. Likhatello tsa letsatsi le letsatsi tse tsoang lefatšeng li ka etsa hore tumelo ea rōna e be nthithi. Ha re ea libokeng tsa Bokreste, ho ba le ho khothatsana. (Baroma 1:11, 12) Litho tsa phutheho li latela keletso ea moapostola Pauluse ea hore ‘li ’ne li tšelisane le ho hahana,’ ’me lintho tse joalo li leotsa tumelo ea rōna. (1 Bathesalonika 5:11) Ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste ho boetse ho bontša hore re rata Molimo ’me ho re fa menyetla ea ho mo rorisa.—Pesaleme ea 35:18.
“LE IKAPESE LERATO”
9. Jehova o ile a beha mohlala joang ka ho bonahatsa lerato?
9 Pauluse o ile a boela a ngola: “Le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea kopano.” (Bakolose 3:14) Jehova o re file seaparo sena ka mosa. Ka tsela efe? Bakreste ba ka bonahatsa lerato hobane ke e ’ngoe ea litholoana tseo Molimo a faneng ka tsona tsa moea o halalelang oa Jehova. (Bagalata 5:22, 23) Jehova ka boeena o bonahalitse lerato le leholohali ka ho roma Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši e le hore re ka ba le bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16) Pontšo ena e phahameng ka ho fetisisa ea lerato e fane ka mohlala ho rōna bakeng sa ho bontša tšobotsi ena. Moapostola Johanne o ile a ngola: “Haeba ona ke mokhoa oo Molimo a ileng a re rata ka oona, joale rōna ka borōna re tlas’a tlamo ea ho ratana.”—1 Johanne 4:11.
10. Re ka rua molemo joang ‘mokhatlong oohle oa barab’abo rōna’?
10 Ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso ho tla u fa monyetla o babatsehang oa ho bontša lerato. Mono u tla kopana le mefuta e sa tšoaneng haholo ea batho. Ha ho pelaelo hore u tla ikutloa u hohelehela ho ba bangata ba bona hang-hang. Ho ntse ho le joalo, botho boa fapana esita le har’a ba sebeletsang Jehova. Mohlomong nakong e fetileng u ile ua qoba habonolo batho bao lithahasello kapa litšekamelo tsa lōna li sa tšoaneng. Leha ho le joalo, Bakreste ba lokela hore ba “be le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.” (1 Petrose 2:17) Ka hona, ipehele pakane ea hore u tloaelane le ba Holong ea ’Muso—esita le batho bao lilemo tsa bona, botho ba bona, morabe oa bona, kapa boemo ba bona thutong li ka ’nang tsa fapana le tsa hao. Mohlomong u tla fumana hore e mong le e mong o-oa ipabola tšobotsing e ’ngoe e mo etsang ea ratehang.
11. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho tšoenngoa ke botho bo sa tšoaneng har’a batho ba Jehova?
11 Ho se tšoane ha botho ba batho ka phuthehong ha hoa lokela ho u tšoenya. Ho etsa mohlala, nahana ka likoloi tse ngata tse tsamaeang pel’a hao tseleng. Hase tsohle tse tsamaeang ka lebelo le tšoanang, leha e le hore kaofela li boemong bo tšoanang. Tse ling li tsamaile lik’hilomithara tse ngata, empa joaloka uena, tse ling li sa tsoa qala. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho se tšoane hona, kaofela li tsamaea ka tsela ena. Hoa tšoana le ka batho ka bo-mong ba etsang phutheho. Hase bohle ba hlaolelang litšoaneleho tsa Bokreste ka lebelo le tšoanang. Ho feta moo, hase bohle ba nang le boemo bo tšoanang ba ’mele kapa ba maikutlo. Ba bang ba ’nile ba rapela Jehova ka lilemo tse ngata; ba bang ba sa tsoa qala. Empa, bohle ba tsamaea ka tsela e eang bophelong bo sa feleng, ba “kopana ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.” (1 Bakorinthe 1:10) Ka hona, sheba litšobotsi tse matla tsa ba ka phuthehong ho e-na le mefokolo ea bona. Ho etsa joalo ho tla u thabisa pelo, hobane u tla hlokomela hore Molimo o hlile o har’a batho bana. ’Me ka sebele seo ke sebaka seo u ratang ho ba ho sona.—1 Bakorinthe 14:25.
12, 13. (a) Haeba e mong ka phuthehong a u khopisa, u ka etsa eng? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho se koetle lehloeo?
12 Kaha batho bohle ha baa phethahala, ka linako tse ling e mong ka phuthehong a ka ’na a bua kapa a etsa ntho e ’ngoe e u khopisang. (Baroma 3:23) Ka ho utloahalang, morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng.” (Jakobo 3:2) U tla itšoara joang haeba motho e mong a u khopisa? Maele a Bibele a re: “Ka sebele temoho ea motho e kokobetsa bohale ba hae‚ ’me botle ba hae ke ho mamella ho siteloa ke ba bang.” (Liproverbia 19:11, NW) Ho ba le temoho ho bolela ho shebisisa boemo ka ho teba, ho utloisisa lintlha tse patehileng tse etsang hore motho a bue kapa a itšoare ka tsela e itseng. Boholo ba rōna re sebelisa temoho haholo ha re emela liphoso tsa rōna. Ke hobane’ng ha u sa e sebelise hape ho utloisisa le ho koahela liphoso tsa ba bang?—Matheu 7:1-5; Bakolose 3:13.
13 Le ka mohla re se lebale hore re tlameha ho tšoarela ba bang hore le rōna re tle re tšoareloe ke Jehova. (Matheu 6:9, 12, 14, 15) Haeba re sebelisa ’nete, re tla tšoara ba bang ka tsela e lerato. (1 Johanne 1:6, 7; 3:14-16; 4:20, 21) Ka hona, haeba u tobana le bothata le motho e mong ka phuthehong, loantša ho koetla lehloeo. Haeba u apere lerato, u tla loanela ho rarolla bothata, ’me u ke ke ua tsila-tsila ho ikōpela tšoarelo haeba u bakile khopiso.—Matheu 5:23, 24; 18:15-17.
14. Re lokela ho apara litšoaneleho life?
14 Seaparo sa rōna sa moea se lokela ho akarelletsa litšobotsi tse ling tse amanang haufi-ufi le lerato. Pauluse o ile a ngola: “Le ikapese maikutlo a bonolo a qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” Litšobotsi tsena, tse akarellelitsoeng ke lerato, ke karolo ea “botho bo bocha” ba bomolimo. (Bakolose 3:10, 12) Na u tla etsa boiteko ba ho ikapesa ka tsela ee? Haholo-holo haeba u ikapesa ka lerato la barab’abo motho u tla ba le letšoao le khethollang la barutuoa ba Jesu, hobane o ile a re: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:35.
SEBAKA SA TŠIRELETSEHO
15. Phutheho e tšoana le ntlo joang?
15 Phutheho e boetse e sebeletsa e le tšireletso, setšabelo se sireletsang moo u ka ikutloang u sireletsehile. Ka har’a eona u tla fumana batho ba lipelo li tšepahalang ba loanelang ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo. Ba bangata ho bona ba lahlile mekhoa e mebe e tšoanang le maikutlo ao e ka ’nang eaba u loanela ho a hlōla. (Tite 3:3) Ba ka u thusa, hobane re bolelloa hore re ‘tsoele pele ho jarelana meroalo.’ (Bagalata 6:2) Ha e le hantle, ho phehella tsela e itseng e isang bophelong bo sa feleng qetellong ke boikarabelo ba hao. (Bagalata 6:5; Bafilippi 2:12) Leha ho le joalo, Jehova o fane ka phutheho ea Bokreste e le thuso le tšehetso e babatsehang. Ho sa tsotellehe hore na bothata ba hao ke bo tepeletsang hakae, u na le mohloli oa bohlokoa oo u ka o fumanang—phutheho e lerato e tla u tšehetsa linakong tsa mahlomola kapa tahlehelo.—Bapisa le Luka 10:29-37; Liketso 20:35.
16. Baholo ba phutheho ba fana ka thuso efe?
16 Har’a ba tlang ho phallela ho tla u thusa ke “limpho tseo e leng banna”—baholo, kapa balebeli ba khethiloeng ba phutheho, ba lisang mohlape ka boithaopo le ka cheseho. (Baefese 4:8, 11, 12; Liketso 20:28; 1 Petrose 5:2, 3) Ka bona, Esaia o ile a profeta: “E mong le e mong oa bona o tla ba joalo ka tšireletso ha moea o foka, joalo ka lehaha ha sefefo se e-tla, joalo ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joalo ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.”—Esaia 32:2.
17. (a) Jesu ka ho khetheha o ne a batla ho fana ka thuso ea mofuta ofe? (b) Molimo o ile a tšepisa ho etsa tokisetso efe bakeng sa batho ba hae?
17 Ha Jesu a ne a le lefatšeng, tlhokomelo e lerato ea baeta-pele ba bolumeli e ne e haella ka mokhoa o soabisang. Boemo ba batho bo ile ba mo ama maikutlo ka ho tebileng, ’me ka ho khethehileng o ne a batla ho ba thusa moeeng. Jesu o ile a ba utloela bohloko hobane ‘ba ne ba sohlokehile ’me ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.’ (Matheu 9:36) See se hlalosa hantle hakaakang tsietsi ea mehleng ea kajeno ea ba bangata ba mamellang mathata a sithabetsang ao ho ’ona ho seng moo ba ka retelehelang bakeng sa thuso ea moea le matšeliso! Empa batho ba Jehova ka sebele ba na le thuso ea moea, hobane o ile a tšepisa: “Ke tla li nea balisa ba li alosang; ha li sa tla tšaba, ha li sa tla thothomela, ha ho ka ke ha hlokahala le e ’ngoe ea tsona.”—Jeremia 23:4.
18. Ke hobane’ng ha re lokela ho atamela moholo haeba re hloka thuso ea moea?
18 Tloaelana le baholo ba khethiloeng ka phuthehong. Ba na le phihlelo e ngata ka ho sebelisa tsebo ea Molimo, hobane ba ile ba finyella litšoaneleho tse behiloeng ka Bibeleng bakeng sa balebeli. (1 Timothea 3:1-7; Tite 1:5-9) U se ke ua tsila-tsila ho atamela e mong oa bona haeba u hloka thuso ea moea ho hlōla tloaelo kapa tšobotsi e hohlanang le litlhokahalo tsa Molimo. U tla fumana hore baholo ba latela keletso ea Pauluse: “Le bue ka mokhoa o tšelisang le lisoule tse tepeletseng maikutlo, le tšehetse ba fokolang, le be le tiisetso ho bohle.”—1 Bathesalonika 2:7, 8; 5:14.
THABELA TŠIRELETSEHO LE BATHO BA JEHOVA
19. Ke mahlohonolo afe ao Jehova aa fileng ba batlang tšireletseho ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae?
19 Le hoja hona joale re phela har’a maemo a sa phethahalang, Jehova o re fa lijo tsa moea, liaparo le matlo. Leha ho le joalo, re tlameha ho letela lefatše le lecha le tšepisitsoeng ke Molimo e le hore re ka latsoa melemo ea paradeise ea sebele. Empa bao e leng karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova hona joale ba thabela tšireletseho ea paradeise ea moea. Ka bona, Ezekiele o ile a profeta: “Ba mpa ba tla aha ka boiketlo, ho se e mong ea ba tšosang.”—Ezekiele 34:28; Pesaleme ea 4:8.
20. Jehova o tla re buseletsa joang bakeng sa eng kapa eng eo re e tetseng ka lebaka la borapeli ba hae?
20 Re ka thaba hakaakang hore ebe Jehova o etsa litokisetso tse lerato tsa moea ka Lentsoe la hae le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng! Atamela haufi le batho ba Molimo. Se ke ua hulela morao ka ho tšaba hore na metsoalle kapa beng ka uena ba tla nahana eng ka uena ka ho fumana tsebo ea Molimo. Ba bang ba ka ’na ba se ke ba amohela hobane u kopanela le Lipaki tsa Jehova ’me u ba teng libokeng Holong ea ’Muso. Empa Molimo ka seatla se bulehileng o tla u buseletsa bakeng sa eng kapa eng eo u e tetseng ka lebaka la borapeli ba hae. (Malakia 3:10) Ho feta moo, Jesu o ile a re: “Ha ho le ea mong ea siileng ntlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ’mè kapa ntate kapa bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse molemo ea se nang ho fumana halekholo hona joale nakong ena, matlo le barab’abo le baralib’abo le bo-’mè le bana le masimo, hammoho le mahloriso, ’me tsamaisong ea lintho e tlang bophelo bo sa feleng.” (Mareka 10:29, 30) E, ho sa tsotellehe hore na u siile eng ka morao kapa u tlameha ho mamella eng, u ka fumana botsoalle bo thabisang le tšireletseho ea moea har’a batho ba Molimo.
LEKA TSEBO EA HAO
“Lekhoba le tšepahalang le le masene” ke mang?
Jehova o entse tokisetso efe ho re fepa moeeng?
Ba ka phuthehong ea Bokreste ba ka re thusa joang?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 165]