Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/96 leq. 1
  • E-ba Mohlala Puong le Boitšoarong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba Mohlala Puong le Boitšoarong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Itšoare ka Mokhoa o Tšoanelang Litaba Tse Molemo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Mekhoa e Metle—Tšobotsi ea Batho ba Inehetseng ho Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Ho ba Basebeletsi ba Molimo ba Bontšang Mekhoa e Metle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ho Hlaolela Mekhoa ea Bokreste Lefatšeng le se Nang Mekhoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 9/96 leq. 1

E-ba Mohlala Puong le Boitšoarong

1 Moapostola Pauluse o ile a khothatsa Timothea hore e be mohlala puong le boitšoarong. (1 Tim. 4:12) Le rōna re lokela ho bonahatsa puo e behang mohlala le e bontšang boitšoaro, haholo-holo ha re kopanela tšebeletsong, hobane ho etsa joalo ho ka rera hore na re finyella lipelo tsa bao re kopanang le bona kapa che.

2 Ho hlokahala hore re bontše litšobotsi tsohle tsa mekhoa e metle, ho akarelletsa le tlhompho, ho nahanela, mosa, moea o motle le bohlale. Ka ho bonahatsa litšoaneleho tsena, re bontša hore rea hlokomela hore na liketso tsa rōna li ama maikutlo a ba bang joang. Mekhoa e metle tšebeletsong e ka bapisoa le linōko tse sebelisetsoang ho natefisa lijo. Ka ntle ho tsona, lijo tse hahang li ka latsoeha li le bosula li bile li sa ipiletse. Ho hlōleha ho bonahatsa mekhoa e metle litšebelisanong tsa rōna le ba bang ho ka ba le phello e tšoanang.—Bakol. 4:6.

3 E-ba Mohlala Puong: Ho bososela ho bontšang botsoalle le tumeliso e mofuthu ke likarolo tsa bohlokoa tsa nehelano ea rōna ea litaba tse molemo. Ha re nōka kenyelletso ea rōna ka mofuthu le ka tieo, re tsebisa mong’a ntlo hore kannete rea mo thahasella. Ha a bua, mamela ka hloko ’me u bontše tlhompho e loketseng bakeng sa maikutlo a hae. Ha u bua, etsa joalo ka bohlale le ka mosa.—Bapisa le Liketso 6:8.

4 Ka nako e ’ngoe re kopana le motho ea ka ’nang a se ke a bontša botsoalle, esita le ea mabifi. Re lokela ho itšoara joang? Petrose o ile a re khothalletsa hore re bue ka tsela e tla bonahatsa “maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Pet. 3:15; Baroma 12:17, 18) Jesu o ile a bolela hore haeba mong’a ntlo a hana molaetsa oa ’Muso ka mokhoa o tala, seo re lokelang ho se etsa feela ke ‘ho hlohlora lerōle le maotong a rōna.’ (Mat. 10:14) Ho bonahatsa ha rōna mekhoa e bontšang mohlala tlas’a maemo a joalo qetellong ho ka ’na ha nolofatsa pelo ea mohanyetsi.

5 E-ba Mohlala Boitšoarong: Ho bolela litaba tse molemo literateng tse phetheselang le libakeng tsa sechaba ho hloka hore re be ba nahanelang, ho se mohla re etsang lerata kapa re tsitlellang, le hore re se ke ra kena-kenana le ho tsamaea ha ba fetang ka tsela. Ha re le malapeng a batho ba thahasellang, re lokela ho hlophiseha le ho itšoara joaloka baeti ba mekhoa e metle, ba bontšang kananelo bakeng sa hore ba re amohele ka mofuthu. Bana leha e le bafe bao re tsamaeang le bona ba tlameha ho bontša tlhompho ho mong’a ntlo le thepa ea hae ’me ba lokela ho itšoara hantle le ho mamela ha re qoqa. Haeba bana ba sa laolehe, sena se tla siea setšoantšo se sa rateheng.—Liprov. 29:15.

6 Ponahalo ea rōna ea botho e lokela ho totobatsa ho ba bang hore re basebeletsi ba Lentsoe la Molimo. Moaparong oa rōna le boitlhophong ba rōna, ha rea lokela ho ba ba sa tsotelleng ponahalo le ba bohlasoa leha e le ba majabajaba ho tlōla le ba ikhabisitseng ka ho feteletseng. Ponahalo ea rōna kamehla e lokela hore e be e tšoanelang litaba tse molemo. (Bapisa le Bafilippi 1:27.) Ka ho ela hloko ponahalo ea rōna le lisebelisoa tsa rōna, re ke ke ra khopisa ba bang kapa ra etsa hore ba fumane phoso ka tšebeletso ea rōna. (2 Bakor. 6:3, 4) Puo ea rōna e behang mohlala le boitšoaro li eketsa tšobotsi e ipiletsang molaetseng oa ’Muso, li tlisetsa Jehova tlhompho.—1 Pet. 2:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela