Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/96 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 2 September
  • Beke e Qalang ka la 9 September
  • Beke e Qalang ka la 16 September
  • Beke e Qalang ka la 23 September
  • Beke e Qalang ka la 30 September
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 9/96 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September

Beke e Qalang ka la 2 September

Pina 98

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa e mong le e mong, ’me haholo-holo bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho, hore ba hlahlobe sehlooho sa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1992 se reng “Ho Ithuta Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.” Totobatsa lintlha tse khōlō tsa sehlooho seo. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlalehe tšebeletso ea bona ea tšimo ea August kapele. Kaha August e ne e le khoeli ea ho qetela ea selemo sa tšebeletso, mongoli le bakhanni ba lithuto tsa buka ba lokela ho bona hore litlaleho tsohle tsa tšebeletso ea tšimo tse saletseng morao tsa likhoeli tse fetileng lia tlisoa. Re habile tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ka August.

15 mets: “Tsamaea ka Tumelo.” Lipotso le likarabo.

18 mets: “Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo ka Boikutlo bo Nepahetseng.” Etsa kenyelletso e thehiloeng serapeng sa 1. Hlalosa hore ho ka sebelisoa buka ea Phela ka ho sa Feleng kapa ea Bophelo ba Lelapa ho itšetlehile ka seo phutheho e nang le sona. Joale akaretsa serapa sa 2-5 feela sehloohong sena. Etsa pontšo ka linehelano tse lokiselitsoeng hantle tse bontšang mokhoa oa ho nehelana ka buka ea Phela ka ho sa Feleng, etsa leeto la ho boela ’me u qale thuto ka buka ea Tsebo.

Pina 48 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 9 September

Pina 18

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Bua ka “Bolela ’Muso.”

18 mets: “E-ba Mohlala Puong le Boitšoarong.” Lipotso le likarabo.

15 mets: “Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo ka Boikutlo bo Nepahetseng.” Hlahloba serapa sa 6-8 feela, ’me u etse pontšo ka linehelano tsa ho sebetsa mabenkele leetong la pele le leetong la ho boela. (Bona litlhahiso tse eketsehileng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1989, leqepheng la 8.) Khothalletsa bohle ho etsa maeto a bona a ho boela kapele.

Pina 123 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 16 September

Pina 10

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bolela liphello tse ntle tsa ho sebelisa video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name ho lebisa ba thahasellang mokhatlong o hlophisitsoeng. Ka bokhutšoanyane pheta phihlelo e le ’ngoe kapa tse peli tse tsoang ho Molula-Qhooa oa October 1, 1992, leqepheng la 30-1.

18 mets: Hlahloba Tlaleho ea Phutheho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1996. Puo e hahang, e fanoang ka cheseho ke molebeli oa tšebeletso. (Bona buka ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 100-102.) Totobatsa moo phutheho e entseng hantle ’me u babatse. Bontša kamoo tšebeletso ea bo-pula-maliboho ba kamehla le ba thusang e thusitseng kateng ho ntšetsa pele mosebetsi sebakeng seo. Bolela lipalo tsa ba bang teng libokeng, u hatisa bohlokoa ba ho kopanela kamehla. Lokolisa lipakane tse sebetsang tseo phutheho e ka lekang ho li finyella selemong se tlang. Palo ea bo-pula-maliboho ba thusang e theohile lilemong tse seng kae tse fetileng. Na ba eketsehileng ba ka kopanela mecheng ee ea tšebeletso, haholo-holo ka March le April? Na mohoeletsi e mong le e mong a ka kopanela kamehla tšebeletsong beke le beke, ’me a tlalehe tšebeletso ea hae bofelong ba khoeli e ’ngoe le e ’ngoe? Qetellong, na mohoeletsi e mong le e mong a ka ipehela pakane ea ho khanna thuto ea Bibele?

15 mets: Boitšoaro ba Bokreste Sekolong. Ntate o bua le mora kapa morali oa hae ho supa maraba a tebileng tikolohong ea sekolo; o hatisa tlhokahalo ea ho lebela metsoalle le ho qoba mesebetsi e belaetsang. O hlahloba lebokose le leqepheng la 24 bukaneng ea Thuto ’me o hlalosa hore hoa hlokahala ho beha mohlala o motle joaloka Paki. Ntate o bolela liteko tse ling tse hlahang tse amang tšebeliso ea lithethefatsi, ho laetsana, ho ba teng ’mokeng oa boithabiso, kapa ho kopanela lipapaling; ba buisana ka mokhoa oa ho qoba mathata. Hape o bua ka likotsi tsa meketjana ea ho lumelisana ea Matric le tantši. (Bua ka Tsoha! ea March 8, 1993, leqepheng la 17-19.) Ntate o khothalletsa mocha hore a se ke a lieha ho mo phetlela sefuba sa hae—o batla ho tseba ’me a thuse.

Pina 32 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 23 September

Pina 21

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa puo e thehiloeng sehloohong se reng “Talima ka ’Nģane ho Lintho Tseo U li Bonang!” ho Molula-Qhooa oa February 15, 1996, leqepheng la 27-9.

20 mets: “Bolela Litaba Tse Molemo Hohle.” Lipotso le likarabo. Akaretsa serapa sa 1-15 feela. Bala serapa sa 3 le sa 5. Akarelletsa le liphihlelo tsa sebaka seo tsa ba ileng ba atleha ho paka seterateng kapa lipalangoeng tsa sechaba.

Pina 215 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 30 September

Pina 171

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bua ka Lebokose la Lipotso. Hopotsa bohle ho nehelana ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo le tsa thuto ea Bibele tsa September.

20 mets: “Bolela Litaba Tse Molemo Hohle.” Lipotso le likarabo. Akaretsa serapa sa 16-35. Bontša kamoo litlhahiso tsena li ka sebelisoang kateng phuthehong. Etsa pontšo serapeng sa 23-5. Bala serapa sa 34-5.

13 mets: Hlahloba Lingoliloeng Tseo ho Nehelanoang ka Tsona Bakeng sa October. Re tla buella limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, re nehelana ka lipeeletso bakeng sa limakasine tseo ka bobeli. Bua ka lintlha tse sa tšoaneng, tse kang: (1) Morero oo limakasine tsena li hatisoang ka oona, joalokaha o hlalositsoe maqepheng a qalang. (2) Li hatisoa ka lipuo tse ngata, ho etsa hore tsebo ea Bibele e fumanehe lefatšeng ka bophara. (3) Molula-Qhooa o reretsoe thuto ea botho, ea lelapa le ea sehlopha. (4) Batho ba kopanelang le malumeli a mangata a sa tšoaneng baa li bala. (5) Li reretsoe haholo-holo batho ba phathahaneng. (6) Molula-Qhooa o ’nile oa hatisoa ho tloha ka 1879; Tsoha! ho tloha ka 1919. (7) Rōna ka borōna re tla isa litokollo tsa morao-rao ho mang kapa mang eo ka tieo a batlang ho li bala empa a sa khone ho etsa peeletso. Qetella ka ho pheta litlhaloso tse entsoeng ke ’mali ea ananelang.—Bona Molula-Qhooa oa April 15, 1986, leqepheng la 32.

Pina 3 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela