Ke Mang ea Tla Mamela Molaetsa oa Rōna?
1 Ho feta leha e le neng pele historing ea batho, batho ba tšoloheloa ke boitsebiso, ’me boholo ba bona hase ba bohlokoa ebile ke bo thetsang. Ka lebaka leo, ba bangata ba ikutloa ba sithabelitsoe monahanong, ’me le rōna re thatafalloa ke ho ba etsa hore ba mamele molaetsa oa ’Muso oa Molimo. Ha ba utloisise hore ho mamela ha bona Lentsoe la Molimo ho ka ba le phello e molemo ho bona.—Luka 11:28.
2 Rea thaba hore likarolong tse ngata tsa lefatše, batho ba likete tse mashome ba ntse ba mamela molaetsa oo ’me ba amohela khothalletso ea rōna ea thuto ea lehae ea Bibele. Leha ho le joalo, masimong a mang, karabelo ha e khōlō hakaalo. Maeto a mangata ao re a etsang tšebeletsong ha a hlahise litholoana tse ntle, ’me re ka ipotsa hore na ke mang ea tla mamela molaetsa oa rōna.
3 Re tlameha ho itebela khahlanong le ho nyahama. Pauluse o ile a hlalosa: “‘E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.’ Leha ho le joalo, ba tla ipiletsa joang ho eo ba . . . e-s’o utloele ka eena? Hape, ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang? . . . Feela joalokaha ho ngoliloe: ‘A khahleha hakaakang maoto a ba bolelang litaba tse molemo tsa lintho tse molemo!’” (Baroma 10:13-15) Haeba ka mafolo-folo re jala peō ea ’Muso, Molimo o tla e melisa ho ba lipelo li tšepahalang.—1 Bakor. 3:6.
4 Senotlolo ke ho Etsa Maeto a ho Boela Kamehla: Masimong ao ho ’ona ho bonahalang e le batho ba ’maloa ba mamelang molaetsa oa rōna, ho hlokahala hore re tsitsise mohopolo tabeng ea ho hōlisa thahasello leha e le efe eo re e fumanang, ebang re tsamaisitse lingoliloeng kapa che. Ke hobane’ng ha re potlakela ho fihlela qeto ea hore ha ho letho le ka finyelloang? Ha re jala peō, ha re tsebe hore na ke hokae moo e tla atleha teng. (Moek. 11:6) Haeba re lokiselitse hantle nakong eo re khutlelang ho arolelana ho hong ho tsoang Mangolong, esita le haeba e le ho hokhutšoanyane feela, mohlomong re ka khona ho finyella pelo ea motho eo. Re ka siea pampitšana kapa limakasine tsa morao-rao. Hamorao re ka khona ho mo bontša hore na thuto ea Bibele e etsoa joang. Re tla thabela ho bona kamoo Jehova a hlohonolofatsang boiteko ba rōna kateng.—Pes. 126:5, 6.
5 Mosali e mong ea neng a bontša thahasello e itseng o ile a sieloa pampitšana. Ha aa ka a fumaneha lapeng ho fihlela likhoeling tse peli hamorao, ’me joale o ne a le maphatha-phathe hore a ka bua. O ile a boela a sieloa pampitšana e tšoanang. Ho sa tsotellehe boiteko bo phehellang ba mohoeletsi ba ho mo fumana lapeng, ho ile ha nka likhoeli tse ling tse tharo ho kopana le eena, ’me ho ile ha fumanoa hore oa kula. Morali’abo rōna o ile a boela a khutlela bekeng e latelang ’me moqoqo o mokhutšoanyane ka pampitšana eo o ile oa latela. Ha morali’abo rōna a khutlela bekeng e latelang, mosali eo o ile a bontša thahasello ea sebele molaetseng oa ’Muso. Ho fetoha ha maemo bophelong ba hae ho ile ha etsa hore a ele hloko tlhoko ea hae ea moea. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena, ’me ka cheseho o ile a ithuta beke e ’ngoe le e ’ngoe ka mor’a moo.
6 Ho tšoana le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re batlang ho e bona e hōla, ebang ke lipalesa, meroho kapa thahasello molaetseng oa ’Muso, ho hlokahala ho hlaolela. Sena se nka nako, boikitlaetso bo matla, boikutlo ba ho tsotella le boikemisetso ba ho se tele. Selemong se fetileng, batho ba fetang karolo ea boraro ea milione bao peō ea ’Muso e ileng ea hōla ho bona, ba ile ba kolobetsoa! Haeba re tsoela pele ho bolela, ka sebele re tla fumana batho ba bangata haholo ba tla mamela molaetsa oa rōna.—Bapisa le Bagalata 6:9.