Ho Ithaopa ka ho Rata
1 Mopesaleme Davida o ile a bolela esale pele hore batho ba Jehova ba ne “ba tla ithaopa ka ho rata”; ke hore, e le “ba ithaopang ka potlako.” (Pes. 110:3, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ka sebele sena sea phethahala har’a mokhatlo oohle oa barab’abo rōna lefatšeng ka bophara. Selemong ka seng ho tse ’nè tse fetileng tsa tšebeletso, batho ba Jehova ba sebelitse lihora tse fetang limilione tse likete ho hasa litaba tse molemo tsa ’Muso. Ho phaella mosebetsing oa boboleli le oa ho etsa barutuoa, ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona re ka ithaopang ka ho rata ho thusa ba bang.
2 Litsela Tseo re ka Bontšang ho Rata ka Tsona: Ba bang ba ka phuthehong ba ka ’na ba hloka thuso ea hore ba tle libokeng. Ke hobane’ng ha u sa ithaopele ho tla le bona? Mohlomong ba bang baa kula, ba holofetse kapa ba sepetlele. Na u ka nka bohato ba ho ba etela kapa ho ba thusa ka tsela leha e le efe? Mohlomong ho teng motho ea itseng kapa lelapa ea hlokang khothatso. Na u kile ua nahanela ho ba memela ho ba teng thutong ea lelapa la hao ka linako tse ling? Pula-maliboho kapa mohoeletsi a ka hloka motsoalle tšebeletsong. Ke hobane’ng ha u sa ithaopele ho sebetsa le eena tšebeletsong? Tsena ke tse ling tsa litsela tseo re ka ithaopelang ho sebetsa se leng molemo ho bao re amanang le bona ka tumelo.—Bagal. 6:10.
3 Barab’abo rōna ba ka bontša ho ithaopela ha bona ka ho rata ho sebelisoa ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ka hore ba hahamalle ho finyella litšoaneleho tsa baholo le bahlanka ba sebeletsang. (1 Tim. 3:2-10, 12, 13; Tite 1:5-9) Ha manane a rōna a ntse a tsoela pele ho eketseha, ho hlokahala barab’abo rōna ba tšoanelehang ba ikemiselitseng ho etella pele boboleling le ho ruteng le ho aloseng liphutheho.—1 Tim. 3:1.
4 Mohlomong ba bang ba rōna re ka iketsa ba fumanehang bakeng sa tšebeletso ea Jehova ka tekanyo e khōloanyane ka ho ngolisa joaloka bo-pula-maliboho ba thusang nako le nako. Hape, ka ho etsa liphetoho tse nahanetsoeng hantle kemisong ea rōna, re ka boela ra ba bo-pula-maliboho ba thusang ka ho tsoelang pele kapa esita le hona ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla. Na mohlomong maemo a rōna a re lumella ho fallela sebakeng seo ho sona ho hlokahalang thuso e khōloanyane? Na re ka iketsa ba fumanehang bakeng sa ho sebeletsa Bethele ’me ka ho etsa joalo re tlatsetse ka ho toba khatelo-peleng ea mosebetsi oa lefatše lohle? Ho etsoa ho hongata le mosebetsing oa kaho ea Liholo tsa ’Muso, Liholo tsa Kopano le mehaho ea makala lefatšeng lohle moo ho nang le tlhokahalo ea sebele ea basebetsi ba ithaopang ka ho rata. Ba ithaopetseng mesebetsi ena e metle ka ho rata ba ananeloa haholo ’me ba hlohonolofalitsoe ka ho enneng!—Luka 6:38.
5 Tsena ke linako tse thabisang. Jehova, ka moea oa hae, o finyella mosebetsi o babatsehang lefatšeng ka batho ba hae ba ratang! Neng kapa neng ha Jehova, ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, a re memela ho kopanela mosebetsing o eketsehileng oa ’Muso, re etsa hantle ha re ipotsa, ‘Na ke sa ntse ke ithaopa ka ho rata?’ Joale ka thapelo re lokela ho hlahloba lipelo le maemo a rōna. Boinehelo ba rōna ba bomolimo bo tla re susumelletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong e halalelang, ’me ka ho etsa joalo re thabise pelo ea Jehova haholo!—Sof. 3:17.