Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 5/1 maq. 3-4
  • Na Re Hloka Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Re Hloka Bibele?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bahlahlobisisi le ba Belaelang
  • Tlhoko ea Tataiso
  • Khetho e le ’Ngoe Feela
  • U ka Fumana Tataiso e Tšepahalang Hokae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Tsoha! ena e tl’o araba potso ena: Na Bibele e ka re Thusa Bophelong?
    Tsoha!—2019
  • Bibele—Tataiso e Sebetsang Bakeng sa Batho ba Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Bibele le Uena
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 5/1 maq. 3-4

Na Re Hloka Bibele?

OXANA, mosali e mocha oa Lerussia, o ne a thabile ha a bona Bibele e rekisoa ke motho ea rekisang libuka ka thōko ho tsela Moscow. Motsoalle oa hae John, ea neng a tsoa naheng eo Libibele li fumanehang habonolo, o ne a khahliloe ke cheseho ea Oxana. O ile a lumela: “’Na—ea sa lumeleng hore Molimo o teng—ke ne ke batla ho mo rekela eona.” Le hoja qalong Oxana a ne a hana, qetellong o ile a amohela mpho ea John.

Ba bangata, joaloka Oxana, ba na le takatso e khōlō ea ho ba le Bibele. Hona ke ’nete haholo-holo linaheng tseo e ’nileng ea hatelloa ka lilemo tse ngata. Ka mohlala, bahatisi ba makasine ona ba sebetsa ka thata e le hore ba ka tsamaisana le tlhoko ea Libibele linaheng tseo e neng e le lirephabliki tsa Soviet, hammoho le likarolo tse ling tsa lefatše. Ka lekhetlo la pele, batho ba bangata libakeng tsena ba na le monyetla oa ho hlahloba Bibele ka ho napahala—’me palo e khōlō e hoheloa ke molaetsa oa eona o matla.

Bahlahlobisisi le ba Belaelang

Ha ho talingoa ka lehlakoreng le leng, haholo-holo Europe leboea, Bibele ha e baloe, e tlohetsoe rakeng ea libuka hore e tlale lerōle. Ba bang ba re: “Ke histori e shoeleng!” baa eketsa, “E ngoletsoe nako e ’ngoe. Ha ho moo e amanang teng le batho ba kajeno.” Esita le baruti ba tsebisahalang ba ile ba etsa lipolelo tsa phatlalatsa tse hlomphollang Bibele. Moareka-bishopo oa Chache Desmond Tutu ho tlalehoa ho The Star, koranta ea Afrika Boroa, a ile a re: “Ho na le likarolo tsa Bibele tse se nang molemo oa ka mehla.” Lipolelo tse tšoanang le tsena li entse hore ba bangata ba ipotse hore na ba tlameha ho ba le tumelo e kae Bibeleng.

Tlhoko ea Tataiso

Bahlahlobisisi le balumeli ka ho tšoana ba tlameha ho lumela hore, ho feta leha e le neng pele, lefatše le hloka tharollo e sebetsang. Alvin Toffler o ile a ngola bukeng ea hae Future Shock: “Ntle le hore batho ba ithute kapele ho laola lebelo leo phetoho e etsahalang ka lona likamanong tsa bona tsa botho hammoho le tsa sechaba ka kakaretso, re lebile qetellong ea tšenyeho . . . e khōlōhali.” Temoso eo e ile ea fanoa lilemo tse fetang tse 20 tse fetileng. Tšenyeho eo Toffler a neng a bua ka eona ho bonahala e etsahala hona joale.

Ha lekholo lena la lilemo le ea qetellong ea lona, tsoelo-pele ea theknoloji le lifilosofi tsa batho li hlōlehile ho hlahisa botsitso ba lefatše. Tšepo ea haufinyane ea taolo e ncha ea lefatše e nketsoe sebaka ke ho thetsoa, ’me bophelo ba ba bangata bo ile ba fella ka ho ba ntoa ea letsatsi ka leng bakeng sa ho pholoha.

Lipalo li bontša hore karohano ea moruo pakeng tsa ba ruileng le ba futsanehileng e se e le lekhalo. Phuputso e entsoeng haufinyane e bontša hore karolo ea 82,7 lekholong ea leruo la lefatše e ruiloe ke karolo ea 20 lekholong feela ea baahi ba lona. Na hoa makatsa hore ebe ntoa, tlala, boloetse, merusu, le ho itaola ha sechaba ho tletse linaheng tse ngata? Khatello ea ho sebetsana ka katleho le boleng ba bophelo bo mpefalang e baka khatello e khōlō maikutlong a batho. Ka lebaka leo, esita le karolo ea motheo ea sechaba, lelapa, ea senyeha.

Le hoja ba bangata, joaloka Toffler, ba hlahisa hore ke boikarabelo ba motho ho “batla litsela tse ncha ka ho feletseng ho fumana botsitso,” bopaki bo bontša hore batho ba hlōleha ho fana ka tharollo.

Khetho e le ’Ngoe Feela

Bibele e Halalelang, e qalileng ho ngoloa lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng, ha e-ea ka ea fetoha ho pholletsa le makholo a lilemo. Melao-motheo ea eona e-ea tšoana ka mehla. Ka mohlala, mantsoe a Jeremia 10:23 a bonahetse e le ’nete kajeno ho feta leha e le neng pele: “Kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” Haeba batho ba hlōleha ho tataisa tsela ea bona, ke mang ea ka etsang? Bibele e bontša Mohloli o le mong feela oa ’nete oa tataiso: “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona.”—Esaia 48:17.

Ka maqephe a Bibele, Jehova Molimo o re ruta ho ithusa. A tletse keletso e re bontšang tsela eo re lokelang ho tsamaea ka eona. Keletso ea eona ke e loketseng kajeno joaloka nako eo e ngotsoeng ka eona. Sehlooho se latelang se tla hlahloba kamoo Bibele e ka sebelisoang ka teng mehleng ea rōna ea kajeno. Litabeng tse fapaneng, ho tloha bophelong bo botle ho ea leruong, bophelo ba lelapa, le boitšoaro ba botho, u tla bona hore ka sebele Bibele ke lefika la botsitso lehlabatheng le sa tsitsang la lefatše la kajeno.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Bibele ke ankora ea botsitso lefatšeng la kajeno le nang le mofere-fere

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela