Jehova o Fana ka Matla a ka Nģ’ane ho a Tloaelehileng
1 Tokelo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea tšebeletso e halalelang—tšebeletso ea Bokreste—e behiloe tlhokomelong ea barutuoa bohle ba Jesu. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Empa ho se phethahale ha botho le likhatello tsa tsamaiso ena ea lintho, ka linako tse ling li ka ’na tsa etsa hore re italime re hlile re sa tšoanelehe ka ho lekaneng.
2 Ha sena se etsahala, re ka tšelisoa ke lengolo la moapostola Pauluse le eang ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba Korinthe. O ile a ngola: “Re na le letlotlo lena lijaneng tsa letsopa.” (2 Bakor. 4:7) Pauluse o ne a kholisehile: ‘Kaha re na le bosebeletsi bona . . . , [ha] re tele.’ (2 Bakor. 4:1) Ke ’nete hore ke phephetso ho e mong le e mong oa rōna, ebang re batlotsuoa kapa “linku tse ling,” ho tsoela pele re bolela litaba tse molemo le ho ‘se tele.’ Re hloka matla a tsoang ho Molimo, ea fanang ka “matla a ka ’nģane ho a tloaelehileng.”—Joh. 10:16; 2 Bakor. 4:7b.
3 Ho khothatsang ke hore Lipaki tse ngata ke baboleli ba evangeli ba chesehang ho sa tsotellehe ho tobana ha bona le khanyetso e matla, mathata a tebileng a bophelo kapa ho haelloa ke chelete. Kaofela ha rōna re lokela ho hlokomela hore kabelo ea rōna ea ho bolela e tšehetsoa ke Jehova. Ho e-na le ho lumella ho nyahama hore ho fokolise boikemisetso ba rōna ba ho bolela, a re ‘tsoeleng pele ho fumana matla Moreneng le bonatleng ba matla a hae.’—Baef. 6:10; Liprov. 24:10.
4 Kamoo ho ka Fumanoang Matla a Molimo: Phehella thapelong, kōpa thuso ea Molimo le matla. (Baroma 12:12; Bafil. 4:6, 7) Joale, ka pelo ea hao eohle, tšepa hore Jehova o tla fana ka matla a ka nģ’ane ho a tloaelehileng. (Liprov. 3:5) Bala lipale tsa bophelo tsa mehleng ea kajeno limakasineng tsa rōna, hobane li paka hore Jehova o thusa bahlanka ba hae kajeno hore ba mamelle liteko. E-ba le kamano e haufi le barab’abo rōna ka phuthehong, ’me u se fosoe ke liboka tsa phutheho.—Baroma 1:11, 12; Baheb. 10:24, 25.
5 E se eka re ka etsa sohle seo re ka se khonang ho ba mocheng oa ho fumana matla a Jehova—matla a ka nģ’ane ho a tloaelehileng le a tla re thusa hore re se khathale mosebetsing ona oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ho bolela ka ’Muso.